LIRAPA:
FUMANA MOLEMO O FETISISANG
HO TSOA SERAPENG SA HAU
LIRAPA:
FUMANA MOLEMO O FETISISANG
HO TSOA SERAPENG SA HAU
Lingoloa bakeng sa Lihoai le mafapha a fanang ka lits’ebeletso tsa temo
TSE KA HARE
Phepo e nepahetseng .........................................................................................1
Temo ea meroho le phepo e nepahetseng .......................................................15
Maleba-leba a etsoang ke sehoai ......................................................................19
Tlhahiso ea lijalo ka peo ..................................................................................27
Ho koahela mobu hore u se lahleheloe ke mongobo ......................................35
Ntlafatso ea mobu ............................................................................................39
Ho aha serapa .................................................................................................59
Temo ea meroho ..............................................................................................73
Tšireletso ea lijalo moeeng le serameng .........................................................97
Taolo ea likokoanyana le mafu lijalong ...........................................................107
Temo ea lifate tsa litholoana ...........................................................................117
Tlhahiso le poloko ea peo ea meroho ..........................................................143
Pokello le tšebeliso ea metsi ..........................................................................155
Temo e baballang mobu .................................................................................169
Mekhoa ea ho noesetsa liratsoana malapeng .................................................177
LIRAPA: Fumana molemo o fetisisang ho tsoa serapeng sa hau
Lingoliloeng bakeng sa Lihoai le mafapha a fanang ka lits’ebeletso tsa temo
Khatiso ea Bobeli ©
Bookameli ba Lekala la Temo le Kanetso ea Lijo bo leboha Care Lesotho le mekhatlo e meng
ka ho ba teng le ho kenya letsoho. Batho ba bangata ka ho fapakana ba ile ba fana ka
litlatsetso le malebela nakong eo ho phethoang ts’ebetso ena. Tlatsetso ea bona ea ananeloa.
Liteboho tse khethehileng li lebisoa ho:
Makalana a Phepo e Nepahetseng le Mesebetsi ea Matsoho le Lekalana la Temo ea Meroho
Lekaleng la Temo le Kanetso ea Lijo;
Mokhatlo oa DFID ka lithuso tsa lichelete;
Sepetlele sa Maluti ka setsi sa Wellness Centre ka tlatsetso bukaneng ena
Maselinyana ana a hlahisitsoe ke:
Bangoli: Erna Kruger
Lits’oants’o: Kathy Arbuckle
Barali ba mongolo le lits’oantso: John Betram oa Tangerine Design
Ba fetoletseng Sesothong: L. Makoae le N. Martins, Lekala la Temo le Kanetso ea Lijo;
Mohlophisi: Sello Thulo, Priority Support Programme (PSP)
Lekala la Temo le Kanetso ea Lijo
Lefapha la Phepo e Nepahetseng le Mesebetsi ea Matsoho
Aterese: PO Box 14915, Maseru, Lesotho 100
Fono: +266 22 320673 / 22 314230
Lekalana la Lits’ebeletso tsa Temo ea Lijalo
Lefapha la Temo ea Meroho
Aterese: PO Box 7260, Maseru, Lesotho 100
Fono: +266 22 322971 / 22 324827
Fax: +266 22 310517
Litaba li tsoa bukaneng ea CINDI “Living and Eating Well”PHEPO E NEPAHETSENGleqephe 1
PHEPO E NEPAHETSENG
PHEPO E NEPAHETSENG KE ENG?
Phepo e nepahetseng ke tokiso e nepahetseng ea lijo, ho lipheha ka tsela e nepahetseng le ho
lija ka litekanyo tse nepahetseng. Hona ho kenyeletsa nako e nepahetseng ea ho lipheha ka
litekanyetso tse nepahetseng ho motho ka mong ho ipapisitsoe le ts’ebetso le lilemo tsa hae.
PHEPO EA MOKHACHANE
O lokela ho ja lijo tse nang le matsoai le matsoaeana ohle a hlokoang ke ‘mele joalo ka;
lithibela mafu (meroho le litholoana); liaha ‘mele (mahe, tlhapi, linaoa le nama) le limatlafatsi
(papa, setampo, bohobe). Matsoaieana ke; ts’epe e fumanoang sebeteng, spiniching, nameng e
khubelu joalo-joalo); calcium e fumanoa ho ‘moko, lebese le chisi; iodine e fumanoa letsoaing
le ntlafalitsoeng le tlhapi; folic acid e fumanoa merohong e metala ‘me le thusa hore
mokhachane a seke a senyeheloa nakong ea bokhachane.
leqephe 2 PHEPO E NEPAHETSENG Litaba li tsoa bukaneng ea CINDI “Living and Eating Well”
Phepo ea bana (Lilemo tse 1-5)
Bana le bona ho tloha lilemong tse peli ho isa tse 18 ba hloka phepo e
nepahetseng.
Phepo ea batho ba baholo
Batho ba baholo le bona ba lokela hoja lihlopha tsohle tsa lijo, ho
ipapisitsoe le mosebetsi oa motho ka mong. Mohlala Seahi le
mosebeletsi oa sechaba kantorong ba keke ba ja ka ho lekana, ka hona
batla boeletsi ho ‘Maphepo motseng.
Phepo ea maqheku le maqhekoana
Maqheku le maqhekoana le ona ka mokhoa o ts’oanang ba lokela hoja lihlopha tsa lijo empa le
ha ho le joalo ba lokeloa ke matsoaeana akang calcium bakeng sa ho matlafatsa masapo le
letsoai la vitamin A ho matlafatsa pono.
Phepo ea mokuli
Mokuli le eena o ts’oanela ho hlokomeloa haholo ka phepo e nepahetseng hore a tsebe ho
hlaphoheloa ka pele. Hona ho thusa litlhare ho sebetsa hantle ‘meleng.
Phepo ea lesea
Lesea ha le hlaha ho fihlela likhoeling tsa
pele tse ts’eletseng le fumana lijo
(lebese) ho tsoa ho ‘ma feela. Le se
fuoe le ha e se ele metsi feela. Ho
tloha likhoeling tse ts’eletseng le
fuoa lijo tlatsetso ebile le ntse le
tsoela-pele ho anya. Lijo tsena
ekaba litapole tse khotliloeng,
lesheleshele le ntlafalitsoeng,
mokopu o khotliloeng, kholu ea
linaoa kapa ea meroho esita le
lero la litholoana.
Lesea le
fumana litlhoko
tsa lona ho tsoa lebeseng la
‘ma lona. Haele ba seng ba holile
bona ba lokela ho fumantšoa
litholoana le meroho hore ba lule ba
sireletsehile mafung. Ntle le mono ba
lokela ho fuoa liaha-’mele tse kang mahe,
chisi, botoro, linaoa,‘lensisi’ le linaoa tsa ‘soya’.
U lokela ho fepa bathonyana bana
makhetlonyana a maloa ka letsatsi, bonyane
makhetlo a mahlano. Le uena ‘moho le thaka
tsa hau le tlamehile ho fumana lijo tse nang
le lihlopha tsohle hore le tsebe ho pheta
mesebetsi ea letsatsi le letsatsi. Ntle le
mono Bakuli ‘moho le Baimane ba
lokela ho ja ka mokhoa o
khothaletsoang.
Litaba li tsoa bukaneng ea CINDI “Living and Eating Well”PHEPO E NEPAHETSENGleqephe 3
EJA MEFUTA E FAPAKANENG EA LIJO MOLEMONG
OA BOPHELO BO BOTLE
Re lokela ho ja mefuta e fapakaneng ea lijo e fanang ke litlhoko tsohle tsa ‘mele. Ho
phethahatsa hona ha u hloke hore u reke lijo tse theko e holimo haholo. Ka khetho e
nepahetseng uena le ba lelapa la hau le ka phela bophelo bo botle bo amohelehang bo senang
litšenyehelo tse holimo.
Lijo li arotsoe lihlopha tse tharo tsa
mantlha, ‘me tsona ke: limatlafatsi,
liaha-’mele le lithibela mafu. U
khothaletsoa hore khetlo le leng le le
leng ha u ja sejaneng sa hau ho be le
mofuta o mong le o mong o
boletsoeng kaholimo. U lokela ho noa
metsi a mangata, bonyane mabekere a
robeli letsatsi le leng le le leng.
Limatlafatsi
‘Lipatata’
Litapole (ho sa tsotellehe hore li pheuoe
joang).
‘Rice’ e tšoeu kapa e sootho.
Mabele
‘Macaroni’
Bohobe
‘Oats’
Lijo thollo
Libanana
Sehlopha sena sa lijo se fana ka
matla. U lula u le mahlahahlaha ha u
phela ka tsona.
Limatlafatsi
Kaofela ha tsona lijo tsena li fana ka
matla. Leha ho joalo u ntse u lokela
ho li ja ‘moho le tsa lihlopha tse ling.
Lihaha-mele
Mefuta ea lijo e oelang tlas’a sehlopha
sena e sireletsa ‘mele khahlanong le
mafu ka mefuta e fapakaneng. E fana
ka matsoai le li "vitamin".
Lithibela Mafu
Leka hore u je
moroho kapa litholoana
nako eohle ha u ja lijo
tsa letsatsi. Ntle le
tsona u ntse u ka ja
tlhapi, linaoa, le nama
ka mefuta ea eona.
leqephe 4 PHEPO E NEPAHETSENG Litaba li tsoa bukaneng ea CINDI “Living and Eating Well”
Liaha-’mele
Ke mofuta oa lijo kholong ea mele bakeng la kholo e ntle ea mesifa le likarolo tse ling. Li
bohlokoa ho batho bohle, ho akareletsa bakhachane le bakuli, ba lokelang ho li fumana nako
eohle eo ba jang.
Lethathamo le latelang ke la lijo tseo u ka li sebelisang ele mehloli ea liaha-
’mele:
linaoa
lierekisi
linaoa tsa ‘soya’
makotomane
nama ea khoho
le mefuta e meng ea nama
tlhapi
mahe
chisi
mafi
botoro
makotomane
peo ea moora-tsatsi (sonoblomo)
Malebela
U khothaletsoa ho
sebelisa nama hang ha u qeta
ho e reka kapa u e boloke ka
sehatsetsing. Haeba u ka e boloka
nako e telele ho feta matsatsi a mabeli
u lokela ho e boloka ka moo ho batang
haholo. E phehe nako e telele ka
mocheso o sa phahamang ho fihlela e
lokile. Qoba ho ja nama e sa
butsoang hantle kapa ho pheha
mahe ao likhaketlana li
peperaneng.
Litaba li tsoa bukaneng ea CINDI “Living and Eating Well”PHEPO E NEPAHETSENGleqephe 5
Lithibela mafu
Sehlopha sena sa lijo se fana ka lithibela mafu. Ke sehlopha se nang le makhabane a mangata
ka hona u khothaletsoa ho ja mefuta eohle e oelang tlas’a sehlopha sena.
Lethathamo lena ke la meroho le litholoana tse fanang
ka lithibela mafu:
Lamuni
Morara
Peneapole
‘Granadilla’
Liperekisi tse tšehla
Mabolilane
Apole
Pere
‘Lemons’
Libanana
Sepinache
Tamati
Litapole
‘Broccoli’
Lihaba
Lihoete
Linaoa tsa lehoetla
Lierekisi tsa Lehoetla
Betiruti
Meroho
e metala le
litholoana ka
mebala e fapakaneng
li bohlokoa ‘meleng.
Ka hona bana le
bakhachane ba lokela
ho li fumantšoa
kamehla.
Hlatsoa
litholoana le
meroho hantle
ka metsi a
hloekileng pele u
ka li sebelisa.
Malebela
Metsi a tsoang pompong a
hloekile ho feta a tsoang nokeng
kapa selibeng. Belisa metsi a tsoang
nokeng kapa selibeng pele u a noa. U ka
nna oa qapiletsa khabana ea tee e tletseng
‘jik’ ka metsing a bongata ba li lithara tse
mashome a mabeli le metso e mehlano
pele u a noa.A boloke moo ho
sireletsehileng ho bile ho hloekile.
MEFUTA EA LIJO-TSE KA FUMANEHANG LAPENG
Malebela a ho hlokomela lijo
Tlama leqeba kapa seso pele u tšoara lijo.
Kamehla hlapa matsoho ka metsi a sesepa
le pele u tšoara lijo. U khothaletsoa ho bala
ho tloha ho ‘ngoe ho ea ho leshome le
metso e mehlano nakong eo u ntseng u
hlapa matsoho. Ona ke mokhoa oa ho
netefatsa hore u ipha
nako e lekaneng ea
ho hlapa matsoho.
leqephe 6 PHEPO E NEPAHETSENG Litaba li tsoa bukaneng ea CINDI “Living and Eating Well”
KHETHO LETOKISO EA LIJO
Etsa bonnete ba hore u boloka makhabane a matle a litholoana le meroho
Litholoana le meroho tse sa tsoa khuoa serapeng li na le matsoai a mangata ho lekana. Ho
qoba hore matsoai ana a lahlehe ka lebaka la tšoaro e mpe le mokhoa o mobe oa ho pheha u
khothaletsoa ho etsa tse latelang:
Ja meroho le litholoana li ntse li le tala.
Kaha boholo ba matsoai bo fumaneha letlalong u se ke ua li ebola.
Khothaletso ke hore meroho le litholoana li lengoe malapeng.
Ha u lokisetsa ho pheha qoba ho li khabela hasesanyane kaha li lahleheloa ke matsoai ka
bongata ho feta tse khabetsoeng ka botenya.
Pheha moroho nako e khutsòanyane ka mocheso o seng bohale haholo ho fihlela li lokile.
U sebelise oli e tlhotliloeng limeleng ha u pheha lijo tse ling.
Ja lijo hang ha u qeta ho li tšola.
Litekanyo tsa lijo tsa letsatsi le letsatsi’
• Liaha-’mele – Khetha tse tharo lethathamong lena:
Lebekere la linaoa kapa lierekisi,‘moho le oli ea moora-tsatsi e bongata bo lekanang le halofo ea
khabana ea tee; Mahe a mabeli; Leqa le leholo la tlhapi, khoho kapa mefuta e meng ea nama;
Khaba e tletseng ea oli ea moora-tsatsi, makotomane; Lebekere le tletseng lebese le motsilili
kapa mafi; selae sa chisi.
• Lithibela mafu
Litholoana tse tharo tse feletseng; Lebekere le halofo tsa meroho. Eketsa bongata ba moora-
tsatsi haeba u sa atlehe ho hoja litholoana.
• Limatlafatsi – E le ‘ngoe kapa kaofela hoa tse latelang:
Bohobe; Halofo ea lebekere le tšetseng ‘macaroni’,‘rice’ e sootho, litapole, poone, kapa;
Lebekere le tletseng ‘oats’, lesheleshele kapa phofo ea poone.
Nyekoemokopu, linaoa le mabele tse phehuoeng ‘moho.
Likhetsomokopu o sa eboloang oa phehelloa’ moho le lithotse
Lepumabolotsane a kopantsoeng le lihaba
Lesheleshelemotsoako o belisitsoeng oa phofo ea poone kapa ea mabele le metsi
Leqebekoanabohobe ba koro bo phehuoeng ka metsi
Motohomotsoako o belisitsoeng oa phofo ea poone kapa mabele, tomoso le metsi
Likhobe
e kaba tsa poone, koro kapa motsoako oa poone le linaoa/lierekisi tse phehuoeng
Setampopoone e haitsoeng
Lipolokoe bohobe ba mabele a macha
Lijo tsa sesotho
Litaba li tsoa bukaneng ea CINDI “Living and Eating Well”PHEPO E NEPAHETSENGleqephe 7
Litlama tse ka sebelisoang e le linoko
• Limela tse sebelisoang ele linoko joalo ka ‘cinnamon’ li ka sebelisoa ho
eketsa tatso lijong.
• ‘Parsley’ e nkhisa lehano hamonate ha u eja haholo kamor’a lijo.
• ‘Ginger’ e ntle bakeng la ho phekola ho nyekeloa ke pelo hape le serame.
• ‘Garlic’ e ntle bakeng la ho loantsa mafu. U ka e phehella le lijo tse ling
kapa ua e ritela ka metsing a chesang.
• ‘Thyme’ e matlafatsa tšilo ea lijo. U kopanya makhasi a eona le
lijo tse ling.
• Tse ling tseo u ka li sebelisang lijong tsa hau ebile u ka itemela
tsona ke: ‘coriander’, ‘oregano’, ‘sweet basil’ le ‘fennel’.
PHEPO EA MOKULI
Hangata ho u ena le maloetse u
ka lebala ho ja, empa ele ntho
ea bohlokoa haholo nakong ena
ea ha u kula. Ho ja hantle ka
nepo nakong eona ena ho na le
melemo e latelang:
‘mele oa hau o tla
matlafala.
‘mele o tla atleha ho
loantsa mafu.
U tla atleha ho ja matsoai
le lithibela mafu.
Ha u hloloa ho fepa ‘mele oa
hau ha u kula u tla lieha ho
fola.
Ho etsahalang ‘meleng ha u kula?
Nakong eo ‘mele oa hau o loantšang likokoana hloko o hloka bongata ba mefuta ea lijo e
oelang tlas’a lihlopha tse tharo tsa lijo, e leng limatlafatsi, liaha-’mele le lithibela mafu.
Nakong eo u kulang ho ka nna hoa etsahala hore;
U ikutloe u khathetse hoo u leng botsoa ho lokisa lijo.
Moriana oo u o noang o etse hore lijo li latsoehe ka mokhoa o sa tloaelehang, ‘me li be
bohla.
U be le letšollo, lehlatso kapa ho nyekeloa ke pelo ho ka ‘nang hoa etsa hore u lahleheloe
ke takatso ea lijo.
U be liso ka hanong hoo u hloloang ho hlafuna.
leqephe 8 PHEPO E NEPAHETSENG Litaba li tsoa bukaneng ea CINDI “Living and Eating Well”
Leha ho le thata, u iqobelle ho ja lijo. U ka ntlafatsa mokhoa oa hau oa ho ja ha u kula ka ho:
• Jaha meroho le litholoana tse phehoang ka bongata.
• Etsa bonnete ba hore u fumana limatlafatsi.
Mocheso o holimo le ho fufuleloa ha u robetse
Ho phahama hoa mocheso oa ‘mele ke tsela eo ‘mele o loantsang likokoana hloko ka teng.
Leha ho le joalo u lokela ho ela hloko hore mocheso o seke oa phahama ho feta moeli. Ka
hona u tlameha ho lula u ntse u noa metsi a mangata le ho ja liaha-’mele ‘moho le lithibela
mafu.
Bothata ba ka maleng
Bothata bo ikhethang ke letšollo, e leng tahleho ea metsi le matsoai ‘meleng. Letšollo le kotsi
haholo ho masea, bana ba ntseng ba hola le bakuli ka kakaretso.
Letšollo le bakoa ke eng?
• Ho noa metsi a sa hloekang.
Ho se hlape matsoho kamor’a tšebeliso ea ntloana, eba u
tšoara lijo ka ona a ntse a le joalo.
Ho sebelisa thepa ea ho pheha e sa hlatsuoa hantle, kapa
ho ja litholoana u sa li hlatsoa.
Meriana e meng.
Tšoaetso ka maleng.
Khatello ea maikutlo.
Lijo tse bolileng.
Lijo tseo ‘mele u sa li tloaelang.
Hobaneng ho le bohlokoa ho ja hantle ha u tšoeroe ke letšollo?
Ka lebaka la letšollo ‘mele o lahleheloa ke metsi le matsoai a mangata, ‘me o qetelle o fokola.
U lokela ho noa metsi a mangata ‘moho le lero la litholoana. Kamor’a lekhetlo le leng le le
leng la letšollo u lokela ho ja u be u noe metsi. Bana ba tšoeroeng ke letšollo ba lokela ho fuoa
motsoako le lijo khafetsa.
Metsi a bohlokoa
Ha u tšoeroe ke letšollo u
lokela ho noa bonyane li
lithara tse tharo ka letsatsi.
Ho bohlokoa
ho a noa a
kopane le
letsoai le
tsoekere.
Ho etsa motsoako oa metsi, tsoekere le letsoai. Litekanyetso
ke tse latelang: Letsoai: halofo ea khabana ea tee; Tsoekere:
likhaba tse robeli tse tletseng; Metsi: lithara e le ‘ngoe.
U ka nna ua noa lero la litholoana kaha le na le metsi ‘moho le
matsoai a mang ao ‘mele o a hlokang.
Tsoekere
Letsoai
Litaba li tsoa bukaneng ea CINDI “Living and Eating Well”PHEPO E NEPAHETSENGleqephe 9
Lijo tse khothaletsoang bakeng sa ho loantša letšollo
Lijo tse bonolo joalok’a lesheleshele, sechu sa meroho le litholoana
Meroho le litholoana tse phehiloeng li ebotsoe
Lijo tse futhumetseng
Lijo tse fokolang ka bongata
khafetsa ka letsatsi
Lero la litholoana le
hlapollotsoe ka metsi
Sopho
Libanana tse sa butsoang
hantle
Litapole, mokopu, tamati,
lihoete.
‘Rice’ e tsoeu
Papa
Bohobe bo bosoeu
Mak’haroni
Lehlatso le ho nyekeloa ke pelo
Haeba u nyekeloa ke pelo kamor’a ho noa moriana u khothaletsoa ho o noa ka nako e ke
keng ea ama ho ja lijo tsa hau.
Itloaetse ho ja hangata ka letsatsi, feela u ja lijo tse fokolang lekhetlo le leng le leng.
Ja lijo tse batang.
Haeba u belaella lijo tse mafura joalo ka chisi kapa tse halikiloeng, u ka leka ho li tlohella
ka bo’ngoe ho fihlela u beha boemo tlas’a taolo.
U se ke ua ja linaoa. U je meroho ekang ‘broccoli’, ‘pepper’, ‘cauliflower’, le hanyanese.
Sebelisa mafura a fokolang ka bongata.
U ka sebelisa lijo tse ommeng joalo ka li ‘biscuits’, bohobe bo besitsoeng kapa lijo thollo.
Qoba ho ja lijo tse nang le monko o ka ‘nang oa mpefatsa maemo.
Mefuta e meng ea lijo e ka
mpefatsa boemo ba letšollo, ka
hona u lokela ho qoba ho li
sebelisa. Tsona ke: moroho o
tala, litholoana le meroho e
meng tse sa eboloang, poone,
lijo tse nang le linoko,
mangangajane, tee kapa kofi e
nang le lebese. U ka fokotsa
bongata ba lebese (le le
mokeli-keli kapa phofo) leo u le
jang.
leqephe 10 PHEPO E NEPAHETSENG Litaba li tsoa bukaneng ea CINDI “Living and Eating Well”
Lijo tseo u ka loantšang ho nyekeloa le lehlatso ka tsona:
Ho nyekeloa ke pelo:
Metsing a chesang kapa ‘soda water’
tse tsoakuoeng le lero la ‘lemon’
Tee ea maotoana e kopantsoe le tsoekere
‘moho le lero la ‘lemon’
‘Pudding’ le ‘custard’
‘Rice’ kapa ‘macaroni’
Mahe a belisitsoeng
Lero la litholoana le
tsoakantsoeng le metsi
Libanana
Nama ea khoho e pheuoeng ka metsi
Litapole tse besitsoeng kapa
tse khotliloeng
Bohobe bo besitsoeng
Meroho e pheuoeng nako e lekaneng hantle
Lehlatso:
Metsi
Sopho
Litholoana tse bonolo joalo ka libanana,
mokopu.
Bothata ba lehano
U ka hloloa ho khotsofatsa litlhoko tsa ‘mele ka lebaka la liso ka hanong kapa u sa thabele
mofuta oa lijo o teng. Ka hona ‘mele o tla fokolloa ke matla le mokhoa oa ho u sireletsa
khahlanong le mafu ka mefuta-futa.
Seo u lokelang ho se etsa ha
U lahleheloa ke tatso
Tsukunya lehano ka motsoako oa ‘bicarbonate of soda’ le metsi a fofo pele u ja lijo. Tšela
halofo ea khabana ea tee e tšetseng ‘bicarbanate’ ka metsing. U ka sebelisa metsi a
kopaneng le lero la ‘lemon’.
Qoba ho ja lijo tse chesang haholo kapa tse batang haholo.
U ka ithuta mefuta e meng ea lijo ho fihlela u ka etsa khetho
ea tseo u li thabelang.
Ha u hloloa ke tatso ea mofuta o itseng oa nama, mohlala
khomo kapa nku, leka mefuta e meng joalo ka khoho,
kolobe, tlhapi le ona mahe.
Lehano le omellang
Itsukunye ka metsi a letsoai kapa a kopaneng le lero la ‘lemon’.
Noa metsi a mangata kamor’a lijo. Lehano le tla lula le le mongobo.
Qoba ho ja lijo tse ommeng, tse nang le litlheferetsi li bile li hoasha ka hanong. Bonyane u
ka ja tse bonolo, tse khotluoeng kapa litholoana tse bonolo joalo ka, mokopu, banana,
sopho, nama e khabetsoeng ha sesanyane kapa u tšele lintho tse nolofatsang lijo joalo ka
tamati ‘sauce’ le sopho.
• Qoba ho ja tsoekere hoba e tla mpefatsa maemo.
Litaba li tsoa bukaneng ea CINDI “Living and Eating Well”PHEPO E NEPAHETSENGleqephe 11
Lehano le liso
Ja lijo tse bonojoana joalo ka mokopu, banana, sopho, nama e
khabetsoeng ha sesanyane kapa u tšele sopho lijong.
Noaha lesheleshele kapa sopho ka lebekere haele bakeng sa
linoamapholi u sebelisa lelana (straw).
Noaha sopho, lero la litholoana le la meroho.
Lijo tseo u lokelang ho li ja ha u le
liso ka hanong
Lijo tse bonolo tse kang litapole tse
khotliloeng kapa sopho.
Nama e khabetsoeng ha sesanyane.
‘Macaroni’ le chisi.
Sopho.
‘Custard’.
Tseo u lokelang ho li qoba
Lijo tse linoko li bohale joalo ka
chilisi le ‘curries’.
Lijo tse bolila joalo ka tamati,
peniapole le mefuta ea lilamune.
Lijo tse batang kapa tse chesang
haholo.
Lijo tse khoramelang joalok’a ka
botoro kapa tseo u tlamehang ho li
hlafuna nako e telele pele u li koenya joalo ka moroho
o tala.
Fokotsa bongata ba lijo tse tsoekere haholo ‘moho le
bohobe haeba u ena le makhopo.
Ja hantle u tsebe ho atleha ‘meleng
Hobaneng u ka theoha ‘meleng?
U ka fokotseha ‘meleng tlas’a mabaka a maloa a
kenyeletsang ho seje hantle hobane u sena takatso ea
lijo, u nyekeloa ke pelo kapa u ena le liso ka hanong.
Tlhokahalo ea takatso ea lijo e ka bakoa ke
mokhathala o mongata, khatello ea maikutlo kapa ho
ferekana.
Tee ea ‘cinnamon’
Tšela phofshoana ea ‘cinnamon’ ka ntlha (1/4)
ea khabana ea tee ka metsing a chesang a
tletseng lebekere la tee.
Tee ea ‘garlic’
Tšela likotoloana tse peli
tsa ‘garlic’ ka lebekereng
le tletseng metsi a
chesang. U ka itsukunya ka eona.
Tee ea ‘lemon’
Tšela lero la ‘lemon’ ka lebekereng la tee le
tšetseng halofo ea metsi a chesang. U ka
tšela tsoekere e be u
enoa e ntse e chesa.
leqephe 12 PHEPO E NEPAHETSENG Litaba li tsoa bukaneng ea CINDI “Living and Eating Well”
Lebaka le leng e kaba hore ua kula, ua hlatsa kapa u na le letšollo. Tlas’a boemong bona ‘mele
ha u thabele lijo tseo o hlileng o li hlokang hore o tsebe ho fola.
Malebela a ho ntlafatsa ‘mele le takatso ea lijo
Ja lijo makhetlo a ‘maloa, makhetlo a mahlano ho isa ho a tšeletseng,
ka letsatsi. Etsa joalo le ha u sa lapa.
Leka ho fumana mefuta ea lijo eo u ka e thabelang ka ho latsoa
mefuta e fapakaneng.
Boikoetliso pele ho lijo bo eketsa takatso ea lijo.
U se ke ua ja lijo tse halikiloeng le nama e mafura haholo.
U ka sebelisa mefuta e mengata ea litlama
tse eketsang tatso ea lijo. Tsona ke
‘cinnamon’, ‘parsley’, ‘thyme’, ‘oregano’ le
‘sweet basil’. Ntle le mono u ka sebelisa
lero la ‘lemon’.
Itsukunye ka metsi a kopantsoeng le lero la
‘lemon’ kapa ‘bicarbonate of soda’.
Mehlala ea lijo tseo u ka lijang hore u eketse
‘mele
U je setampo, ‘rice’, bohobe bo bosootho,
‘oats’, litapole le libanana ka bongata.
U je lijo tse latelang khafetsa: nama ea
khoho, tlhapi, mahe, mefuta e meng ea
nama, linaoa ka mefuta ea tsona.
Lipakeng tsa linako tsa lijo tse tloelehileng u je litholoana, lihoete, ‘peanut butter’ le lilae
tsa bohobe tse tlotsitsoeng ka jeme kapa u noe mafi.
Mekhoa ea ho matlafatsa seo u sejang lapeng
Tšela tsoekere kapa jeme leshelesheleng.
Fuluhella mafura leshelesheleng la hau.
Jaha motsoako oa linaoa, ‘rice’ le mafura.
Tšela mafura kapa oli litapoleng ha u li pheha.
E ba le maqa a nama ka sophong ea hau.
Ja papa (ea poone kapa mabele) kapa setampo ka linaoa.
Tšela lebese le phofo leshelesheleng, sechung kapa sophong.
Methati
ea bohlokoa eo
u ka ikatlehisang ‘mele
ka eona ke ena:
• Qoba tahlehelo ea metsi le
matsoai ho tsoa ‘meleng ka
mokhoa oa letšollo.
• Phekola mafu ohle.
• Ja tsohle tseo u lokelang ho
li ja ka bongata bo
khothaletsoang.
Litaba li tsoa bukaneng ea CINDI “Living and Eating Well”PHEPO E NEPAHETSENGleqephe 13
NATEFELOA KE BOPHELO KA HO ITLHAHISETSA
LIJALO TSAHAU
Mokhoa o bobebe oo u ka netefatsang hore u na le
mefuta e fapakaneng ea meroho le litholoana ke ho
itlhahisetsa tsona serapeng sa hau, ‘me ho bobebe ho
etsa joalo. Tse ka hlahisoang:
Haeba serapa sa hau se le seholo ho lekana u ka
itemela lifate tsa litholoana.
Lihoete
K’habeche
Sepinache
Anyanese
‘Garlic’
Litapole
Tamati
‘Broccoli’
Mokopu
Poone
Linaoa
‘Parsley’
‘Thyme’
‘Sweet basil’
‘Fennel’
‘Coriander’
Betiruti
‘Cauliflower’
‘Kale’
Rapa
Sepaile
Rapa e putsoa
‘Leek’
Lierekisi
Hlokomela
bohlokoa ba ho
ja meroho le
litholoana tse ntseng li le
boemong bo botle nako
eohle. U ka atleha ho etsa
joalo ha feela u ena le
serapa moo u
itlhahisetsang tsona e
seng u li reke.
Ho tlaba le sehloho se seng seo u tlang ho ithuta ho itlhahisetsa lijalo.
leqephe 14
TEMO EA MEROHO LE PHEPO E NEPAHETSENGleqephe 15
MOKHOA O NEPAHETSENG OA HO JA
Mokhoa o nepahetseng ke ho ja lijo tsa mefuta e fapakaneng tse khonang ho fa ‘mele matsoai
ohle a hlokahalang. Ho ja lijo tse ahang ‘mele joalo ka linaoa, lierekisi le lensisi le lithibela
mafu tse kang meroho le litholoana ho bohlokoa ho motho e mong le e mong. Hona ho molemo
haholo baneng ba ntseng ba hola le batho ba tlokotsing ho kenyeletsoa le ba phelang le
ts’oaetso ea HIV/AIDS.
Phepo e sa nepahalang e ka baka kotsi ea mafu ‘meleng. Ka hona litholoana le meroho ka ho
fapakana li hloka ho jeoa khafetsa – letsatsi le letsatsi ha ho lumelleha.
TEMO EA MEROHO LE
PHEPO E NEPAHETSENG
leqephe 16 TEMO EA MEROHO LE PHEPO E NEPAHETSENG
LEFAPHA LA PHEPO E NEPAHETSENG
TOANTS’ONG EA LEFU LA HIV/AIDS
Lefapha la Phepo e Nepahetseng kahar’a Lekala la Temo le Kanetso ea Lijo ke lona le filoeng
boikarabello ba toants’o ea lefu la HIV/AIDS. Sepheo ke ho fokotsa sekhahla sa HIV/AIDS le
mafu a amanang le lona kahar’a naha ea Lesotho.
Ka hona temo ea lirapa malapeng e khothaletsoa haholo ele ho anetsa phepo e nepahetseng
malapeng a hlokang le ho motho ka bomong. Malapa a joalo ekaba a boikarabellong ba
likhutsana, basali, maqheku le maqhekoana. Lijo tse hlahisoang lirapeng li fokotsa theko ea
lijo, li fepa malapa selemo sohle hape li ka fana ka limatlafatsi tse joalo ka Vitamin A le C le
matsoai a kang ts’epe e hlokahalang maling (Iron) le a ahang masapo (Calcium) ao ‘mele e a
hlokang haholo.
Maqiti a mangata a ka sebelisoang ho hlahisa lijo selemo sohle joalo ka ts’ebeliso ea tse
latelang ka makhabane a tsona:
Seratsoana se ahiloeng Joalo ka lesoba la senotlolo:
Sena ke seratsoana se senyane haholo, se
ahiloeng ka majoe bophahamo ba lengole,
se sebetsehang ha bobebe e bile se le
manoni a mangata ka lebaka la mosuoela
o sebelisitsoeng ho ntlafatsa mobu oa teng.
Mosuoela ona o behiloe kahar’a basekete
bohareng ba seratsoana ho fana ka matsoai
a hlokahalang hore lijalo li hole. Liratsoana
tsa mofuta ona li se li ka fumaneha libakeng
tse ngata kahar’a naha ea Lesotho ‘me li
sebetsa hantle haholo.
Khothaletso ke hore metsi ohle a
sebelisitsoeng ka tlung aka sebelisoa
seratsoaneng sena.
Cheka-cheka:
Cheka-cheka ke mokhoa oa
ho nonts’a mobu ka serapeng.
Mobu o tebisoa ka linoko
tse 30-60. Ke liratsoana tse
nyenyane tseo ho sebelisoang
mosuoela kapa moiteli o
mongata o thusang ho boloka
mongobo le mofuthu. Ke
seratsoana se sebetsehang ha
bobebe ho latela bonyenyane
ba sona.
TEMO EA MEROHO LE PHEPO E NEPAHETSENGleqephe 17
Ho ts’ella ka litirip:
Mokhoa ona o sebelisoa
haholo lirapeng tse
kholoanyane. Ke mokhoa o
sebelisang metsi a fokolang
ebile o boloka nako.
Mekhoa e meng e
kenyang chelete:
Lefapha la Phepo e
Nepahetseng le tataisa batho
ka mekhoa e fapakaneng ea
ho kenya chelete.
Baikopanyi ba khona ho reka
thepa e ngata ‘me ba sebelisa
chelete e nyenyane joalo ka
bo’me ba Mt. Moorosi.
leqephe 18
MALEBA-LEBA A ETSOANG KE SEHOAIleqephe 19
Tlhahisong ea lijalo, batho ba kopana le mathata a mangata ka nako tsohle, ‘me ba leka maqiti
a mangata ho a fenya ka ho batla ho leka mekhoa e mecha. Le ha hole joalo re tšoanela ho
leka mekhoa ena e mecha re sa ikenye khathatsong kapa hona ho ipakela mathata a mang
hape. Tsena re ka li qoba ka ho etsa liteko.
Ho etsa teko ke ho sheba mokhoa o mocha o ka sebetsang. Hang ha re se re fumane hore na
bothata ke bofe le hore na bo bakoa keng, re ka atleha ho batla mekhoa ea ho bofenya. Re etsa
liteko tsena e le hore re bone hore na efela mokhoa ona o mocha o tla sebetsa. Teko ena re e
etsa re sebelisa moroho o seng mongata hore haeba teko e sa atlehe, ra be re sa lahleheloa ke
moroho kaofela.
Ona ke mohlala oa ‘M’e ‘Mathabo Phamong. O ile a etsa qeto ea ho leka mekhoa e mecha ea ho
loantša hoaba morohong oa hae oa kh’abeche. O ile a utloela ka mekhoa e ‘meli eo a neng a
batla ho e leka. Oa pele ene e le ho tšela molora holim’a mahaba a kh’abeche ea hae, oa bobeli
e ne e le ho fafatsa motsoako oa chilisi le sesepa holim’a mahaba ao a kh’abeche. E ne e le
metsoako ea ho loantša hoaba eo a neng a ka e sebelisa a sa lahleheloe ke chelete e ngata.
MALEBA-LEBA A
ETSOANG KE SEHOAI
leqephe 20 MALEBA-LEBA A ETSOANG KE SEHOAI
‘M’e ‘Mathabo o ile a seha sekhechana sa serapa sa hae (1/10th) moo a tlang ho etsa liteko tsa
hae teng. O ile a arola serapa sa hae likaroloana tse tharo (3), ‘me a litšoaea ka tsela e
bonahalang.
1. Karolong ea pele o ile a fafatsa
molora kh’abecheng.
2. Karolong ea bobeli ha a ka a tšela
letho. Ka mantsoe a mang, ha a ka
a tšela molora kapa motsoako oa
chilisi le sesepa, e le hore a tle a
bapise hore na efela molora le
motsoako li sebetsa.
3. Ho ea boraro a fafatsa motsoako oa
chilisi le sesepa.
Joale ea ba o lula a ntse a lekola le hona ho lebella hore na lipatlisiso li ntse li tsamaea joang.
O ne a lekola kh’abeche ea hae beke le beke, a bile a ngola fatše hore na ke hoaba e kae e teng
moo kh’abecheng ea hae. O ne a etsa sena hore a tle a hopole hantle hore ho ile hoa
etsahalang e le hore ha a qetile ka lipatlisiso tsa hae, a tle a tsebe ho khetha hore na ke
mokhoa o fe o molemo oa ho laola hoaba. Tsena e bile liphetho tsa hae:
Seratsoana se
sebelisoang
bakeng sa liteko
Serapa se lengoeng kh’abeche
Beke (1) Molora (2) Likh’abeche tse (3) Motsoako oa
Molora sa kenang tekong chilisi le sesepa
1, 2 le 3 Hoaba ha e eo Hoaba ha e eo Hoaba ha e eo
4 A fafatsa molora ha a Hoaba e qala ho A fafatsa motsoako
bona hoaba eba teng.bonahala, tse ka bang ha hoaba e bonahala.
leshome (10)
kh’abecheng ka ngoe. Ke
likh’abeche tse ‘maloa
feela tse bonahalang li
na le hoaba.
5 Hoaba e ntse e bonahala
Hoaba joale e bonahala
Hoaba ha e sa bonahala
tse ka bang hlano (5)
haholo holim’a mahaba, tse
kh’abecheng e le ngoe
ka bang lekholo (100) ka palo.
6 Hoaba joale e atile. Ebile Likh’abeche tse neng li Hoaba e bonahala e atile,
e teng le likh’abecheng sena hoaba joale li na le ebile e teng le li
tseo e neng e le sieo eona kh’abecheng tse neng li
pele.A fafatsa molora sena eona pele.A fafatsa
hape.motsoako hape.
7 Hoaba joale e bonahala e Hoaba joale e hlasetse li Hoaba e fokotsehile, ebile
fokotsehile. Likh’abeche likh’abeche kaofela. Hoa tse ling tsa likh’abeche
tse ling li shebahala li chesa feela mahaba ha a ha lisana eona. Hoa
sena eona. Ho ne ho cha.chesa feela mahaba ha a
chesa, ebile mahaba a cha.
mang a bonahala a chele
Na ekaba ke molora oo?
Molora
1
Kh’abeche
e seng
tekong
2
Chilisi le
sesepa
3
MALEBA-LEBA A ETSOANG KE SEHOAIleqephe 21
8 Mahaba a cheleng a Likh’abeche ha li hole Hoaba e ea fokola feela
tlositsoe hape likh’abeche hantle. Hoaba e bonahala e bonahala e ntse e
li ntse li hola hantle le e tloha mona e ea lipolo- eketseha.
hoaba e fokotsehile.tong tsela tse sebelitsoeng
ka molora le motsoako.
9 Hoaba e ile ea eketseha
A etsa qeto ea ho tlosa
Hoaba e ile ea eketseha
ha nyanyane ka morao ho
likh’abeche tsena tse neng li
haholo kamorao ho lipula
pula e matla.
sa kena tekong, kaha joale
tse matla.A fafatsa
Ha a ka a sebelisa
li ne li sa hole ebile li tšoaetsa
motsoako hape.
molora hape.
liratsoana tse ling tse peli.
10 Hoaba e teng lijalong Hoaba e ea fokola. Li
kaofela le ha e se ngata.kh’abeche li qala ho bopa.
11 Hang hoaba e bonahala Hoaba e eketsehile.
e atile. Ha ho bonolo Kh’abeche e qala ho
ho fafatsa molora bopa.A fafatsa
hobane joale kh’abeche motsoako hape.
e se ntse e bopa. Le ha ho
le joalo, o ile a fafatsa o
seng mokae.
12 Kotulo Kotulo
LIPHETHO
Palo e tlase ea hoaba e
Ha hoa kotuloa letho ka
Hoaba e a fokola lijalong,
ntse e le teng. Likh’abeche
ha lijalo li ile tsa sengoa ke
ebile li kh’abeche e entse
li na le molora e bile ha li
hoaba.
lihloho tse shebahalang
shebahale hantle.
hantle.
‘Me e Mathabo o ile a nahana hore tsela engoe eo a ka bonang hore na teko ena e atlehile ke
hore a fumane boima ba tse ling tsa likh’abeche ha a qetile ho etsa teko. O ile a bekha
likh’abeche tse leshome (10) karolong e ‘ngoe le e ‘ngoe. O ile a ngola boima boo tjena:
1.
2.
3.
4.
5.
6.
7.
8.
9.
10.
KAKARETSO
Molora
Nomoro ea Likh’abeche
0.85kg
0.56kg
0.55kg
0.81kg
0.33kg
0.76kg
0.54kg
0.59kg
0.62kg
0.88kg
6.49kg
Li kh’abeche tse
sa kenany tekong
Nomoro ea Likh’abeche
1-
2-
3-
4-
5-
6-
7-
8-
9-
10-
0
Motsoako os
chilisi le sesepa
Nomoro ea Likh’abeche
0.75kg
0.82kg
0.59kg
0.62kg
0.86kg
0.88kg
0.45kg
0.73kg
0.55kg
0.65kg
6.90 kg
BOIMA
(LIKH’ILOKEREME; Kg)
KH’ABECHENG KA
‘NGOE
leqephe 22 MALEBA-LEBA A ETSOANG KE SEHOAI
Ha a qetile, a ngola maikutlo a hae ka mekhoa ena e meraro, hore na ke mokhoa ofe oa ho
loantša hoaba o ileng oa mosebeletsa ho feta emeng. Qeto ea hae ebile hore ka ha o tsebile
mokhoa o mosebelelitseng ho feta emeng, nakong e tlang, o tla o sebelisa likh’abecheng tsohle
tsa hae e seng tse ‘maloa feela.
MOLORA
Seo ke se nahanang:
Molora o ntse o saletse
kh’abecheng, ka ha o mong o
ile oa kenella mamenong a
mahaba. Ke nahana hore
molora ke oona o ileng oa
chesa mahaba ana. Hape ha
pula ena, molora o oa
hlatsoeha, e be ke tlameha
ho o tšela hape
KH’ABECHE E
SENG TEKONG
Seo ke se nahanang:
Hoaba ene e haketse hoo ke
ileng ka tlameha ho tlosa li
likh’abeche tse neng li se
tekong kaofela, joale ha lina
ho bekhoa. Ha ke kholoe li
ne li ka bopa. Ho sebelisa
molora kapa chilisi le sesepa
ho molemo ho feta ho se
etse letho ho hang.
CHILISI LE SESEPA
Seo ke se nahanang:
Likh’abeche tse neng li le
seratsoaneng sena li ne li
phetse hantle li bile li le
boima ho feta tse ling. Ke ne
ke fafatsa motsoako beke tse
ling le tse ling tse peli, haholo
ha pula e ile ea na. Motsoako
ona o bonahala o bolaea
hoaba e leng ntho ea
bohlokoa hobane hoaba e ke
ke ea fetela lijalong tse ling.
Ke tla sebelisa motsoako ona
le nakong e tlang.
Ha re nahaneng haholo ka seo ‘M’e ‘Mathabo a se entseng. Le uena u ka sebelisa mohlala ona
oa hae ho etsa liteko tse joalo serapeng ea hau. Re tla sebelisa setšoantšo sena ho u thusa ka
liteko tseo u tlang ho li etsa.
Ha u bona setšoantšo sena e tlabe e le nako ea hore u nahane
ka hore na u tla etsa liteko joang serapeng ea hau hore u
fumane liphetho tse khotsofatsang. Ha ‘Me Mathabo a ntse a
etsa teko ena, o ile a ipotsa lipotso tsena tse latelang a ba a
ikaraba tsona.
1. Pele, o ile a qala ka ho ipotsa hore na bothata ke bofe,
‘Me karabo ea e ba hore ke likh’abeche tsa hae tse
hlasetsoeng ke hoaba, e leng ntho e sa nepahalang.
2. Bothata boo nka bo fenya joang? ‘Me Mathabo a nahana hore a ka bofenya ka ho fafatsa
molora kapa motsoako oa chilisi le sesepa likh’abecheng tsa hae.
3. A ipotsa hore na mokhoa ona o tla fenya bothata ba hae joang? ‘Me Mathabo a nahana
hore tšebeliso ea metsoako ena e tla felisa hoaba.
4. A ipotsa hore na o tla bona joang hore metsoako ena e tla sebetsa na? O ile a fafatsa
likh’abeche tse ling ka molora, tse ling ka motsoako oa chilisi le sesepa, ho tse ling a se ke
a tšela letho. Eaba o bala hore na ke hoaba e kae e teng lijalong tseo tsa hae.
5. Ke tla fumana likarabo joang? Ke tlabe ke shebile eng? ‘Me Mathabo one a bala hoaba e
teng likh’abecheng tsa hae beke le beke, abile a ngola fatše seo a se fumaneng. O ile a
fumana hore likh’abeche tse neng li sa kena tekong li ne li e na le hoaba e ngata haholo,
MALEBA-LEBA A ETSOANG KE SEHOAIleqephe 23
MORALO O KA SEBELISOANG TEKONG EA MEROHO E FOKOLANG KA PALO
1.Bothata ke bofe?
2.Bothata boo nka bo fenya joang?
3.Hobaneng ha ke sebelisa mokhoa oo?
4.Mokhoa oo ke tla o leka joang?
5.Ke tla fumana likarabo joang? Ke tlabe
ke shebile eng?
6.Mokhoa o mong oa ho fumana likarabo
ke ofe?
7.Ke tla sebelisang ho bona hore na
likarabo tsa ka li nepahetse.
8.Ke tla bapisa teko ee le mokhoa oo ke
tloaetseng ho o sebelisa tšebetsong e
eaka ke le sehoai joang?
athe ka ho sebelisa molora le motsoako a ka fokotsa ho ata hoa hoaba, ha feela a li sebelisa
beke tse ling le tse ling tse peli.
6. Mokhoa o mong oa ho fumana likarabo ke ofe? Ke tla sebelisa eng? Ke tla sebelisa eng?
‘Me Mathabo a bekha likh’abeche tse leshome (10) serapeng ka seng, ha teko e felile a se a
bile a kotutse. A fumana hore likh’abeche tse leshome (10) tse ileng tsa fafatsoa ka molora li
bekhile 6.49kg, tse ileng tsa sebetsoa ka motsoako ea eba 6.9kg. Hona ho bolela hore,
likh’abeche tse ileng tsa fafatsoa ka motsoako oa chilisi le sesepa li ne li le boima ho feta tse
fafalitsoeng ka molora. Ha a kaba a boloka tse neng li sa kena tekong hore a libekhe.
7. Ke tla sebelisang ho bona hore likarabo tsa ka li nepahetse? Likh’abeche tse neng li ena
le hoaba e fokolang kapa li kh’abeche tse neng li le boima sekaleng ke tsona tse ka nkoang
li nepahetse.
8. Ke tla bapisa joang teko ee le mokhoa oo ke tloaetseng ho o sebelisa tšebetsong ena
eaka ke le sehoai? Tsela eo ‘Me Mathabo a tloaetseng ho sebetsa ka eona joalo ka sehoai
ene e le ho se etse letho ka hoaba, joalo ka ha a ile a etsa likh’abecheng tse neng li sa kena
tekong. Tekong ena ‘Me Mathabo o hlokometse hore molora hammoho le motsoako oa chilisi
le sesepa li fokotsa hoaba kh’abecheng ea hae. O boetse a hlokomela hore a li sebelise ka
bobeli, haholo nakong tsa lipula. Leha ho le joalo, o nahana hore motsoako ke ona oa
‘makhonthe ho loantša hoaba kh’abecheng ea hae.
Kahar’a mabokosana a latelang, u tla fumana lipotso tseo u ka ipotsang tsona ha u se u
rerile ho etsa teko. Ho bile hona le sebaka moo u tlang ho ngola likarabo teng.
leqephe 24 MALEBA-LEBA A ETSOANG KE SEHOAI
Ha u etsa liteko life kapa life, ho bohlokoa hore u be le mokhoa oo u ka u sebelisang ho bona
hore na likarabo tseo u li fumaneng li nepahatse, le ho bona hore na teko eo e atlehile kapa
che. Ha u etsa liteko tsa ntho tse ngata ka nako e le ‘ngoe u sa tsebe hore na u tla sebelisang
ho bona hore na e fela e le tsona, u keke oa tseba hore na e bile motsoako o fe o sebelitseng.
Sena ke se etsahetseng tšoantšisong ena e latelang.
Seholoholo se
bohloko
Ka letsatsi le leng
nkhono e mong o ne a
tšoeroe ke seholoholo…
Ho etsahalang ha re leka mekhoa
e mengata ea ho hlola mathata ka
nako e le ‘ngoe?
Haeba lintho li atleha kapa li hloleha
re tla tseba joang hore sephetho
se teng se bakiloe ke eng?
Ah! Seholoholo
sena se bohloko
hoo!
Motho e mong le e mong a hlaha ka ea hae keletso.
Ha nkhono a tsoa
bona ngaka a kopana
le nkhekhe
E ea
ngakeng
E ea
ho
nkhekhe
Noa tee
ea
limatlafatsi
Ka tla ka
thabela ho u bona
Ntate Mkhize,
ke opeloa ke
seholoholo!
U batla ke u
folise?
Ke ilo bona ngaka
TLELE-
NEKING
MALEBA-LEBA A ETSOANG KE SEHOAIleqephe 25
Etsoa: Farmer-to-Farmer, Farmer Support Group
Nkhono a ea hae moo a ileng a
noa meriana eohle eo a e filoeng
ke nkhekhe, motsaolle oa hae le
ke ngaka.
Tsatsi le hlahlamang
Ahh!
Nkhekhe o
mpholisitse
Hela!
Ke
folile
Ke
litaba tse
monate! U ile
oa etsa
joang?
E bile
meriana ea
ngaka kapa
tee?
Na ke
nkhekhe?
Nkhono! U noele
meriana eohle kaofela ka
nako e le ‘ngoe?
U tseba joang hore na
seholoholo sa hau se
folisitsoe ke eng?
Ntho e tšoanang le e tšoantšisong mona e ka be e etsahetse ho ‘Me Mathabo, haeba a ile a
fafatsa molora le motsoako oa sesepa le chilisi likh’abecheng tsa hae ka nako e le ‘ngoe. A
kabe a sa tseba hore na mokhoa o molemo ho loantša hoaba ke ofe.
Ntho e ntle ka ho etsa liteko ke hore u ka arolelana tsebo ea hau le metsoalle le bahaisane, e
be e ba tsoela molemo. Le bona ha ba etsa liteko, ba tla arolelana tsebo ea bona le uena, e le
hore u se hlole u ikhathatsa ka ho etsa teko tseo hape. Ka tsela ena motse oa lona o ka etsa
qeto ea hore na mokhoa o ka sebelisoang ke ofe ‘me motho e mong le e mong a ka o sebelisa.
leqephe 26
TLHAHISO EA LIJALO KA PEO leqephe 27
TLHAHISO EA LIJALO KA PEO
SETHATHONG
Etsa bonnete ba hore u na le
peo e ntle e sa bolang
Etsa bonnete ba hore u na
le mokhoa oa ho fumana
metsi a hloekileng
haufinyane, (metsi a
seretse ha a hlokahale ho
hang!).
Etsa bonnete ba hore u
na le mobu o nonneng o
hlokang lehlabathe. U
khothaletsoa ho bala
sehloho “Ntlafatso ea
mobu”.
Etsa bonnete ba hore ho na le
moriti moo u ka sireletsang
sethopo teng.
Melaoana
ea bohlokoa ka peo
Sebelisa peo e ncha. Peo e lokela ho
bolokoa selemo hoisa ho tse peli (1-2) feela.
Ha u reka peo, sheba pakete eo ea peo hore na e
na le nako e kae. Le uena u ka iketsetsa tlhatlhobo ea
ho bona hore na peo eo u nang le eona e ka hlaha na pele
u jala serapa kaofela.
Peo e lokela ho behoa moo ho pholileng, moo e sa chabeloeng
ke letsatsi e bile ho se mongobo. Haeba u reka peo, e tsa bonnete
ba hore peo eo e lutse moo ho pholileng, ha e ea chabeloa ke
letsatsi, hape ha ho mongobo. Haeba lipakete tsa peo li lutse moo li
chabetsoeng ke letsatsi, ho hang u seke oa lireka.
Haeba u ipehetse peo lilemong tse feteling, etsa bonnete ba hore
ha ena hlobo, mengoapo, likoti le ho peperana.
Haeba u rekile peo, kamorao ho pakete, ngola selemo le
khoeli tseo u e rekileng ka tsona, u tle u tsebe ho ikhopotsa
matsatsing a tlang.
Netefatsa hore peo eo u ikotuletseng eona
serapeng u e jala kamor’a nako e itseng. Ha u
ka e jala hang kamor’a kotulo, moroho
o tla thunya le ho etsa
peo kapele.
SETŠOANTŠO SENA SE BONTŠA MOKHOA OA HO KOAHELA LEIFO LA SETHOPO
KA MATLAKALA A ROKELLETSOENG ‘MOHO. SETHOPO SE SIRELELITSOE
KHAHLANONG LE LEBATAMA LA LETSATSI LE MOEA O PHALLANG KA MATLA
Melaoana
ea bohlokoa ka
metsi
U tlameha hoba le metsi a
hloekileng haufinyane.
Metsi a litšila, le seretse se
sengata a tla sitisa
sethopo ho hlaha.
Pele u jala, uka e tsa teko ea ho bona
hore e feela peo eo u nang le eona e tla
mela,‘me hona ho tla u bontša hore na
ke peo e kae e tlang ho mela. Nka peo
tse mashome a mahlano (50), li behe
holima pampiri kapa lesela le mongobo.
Se ke ua tlohela peo ka metsing kapa ua
e omisa haholo. Beha pampiri kapa
lesela le phuthetseng peo kahar’a
polasetiki, e butsoele u ntano e koala.
Hlahloba peo khafetsa ho bona hore na
ke tse kae tse metseng. Peo ena e
polasetiking e kanna ea nka matsatsi a
mararo hoisa ho a leshome hore e mele.
Kamora’o ho moo, bala lipeo tse
metseng.
Mohlaleng o ka holimo, lipeo tse mashome a mane ho tse mashome a mahlano li ile tsa mela.
Hona ho bolela hore ke mashome a robeli lekholong (80%) a peo e metseng.
MOCHESO KA HARA POLASITIKI O
BAKILOENG KE LESELA LE MONGOBO
MOKHOA OA HO METHA
BOLELELE BA KHARAFU
30 cm
MONOANA = 1.5 cmMENOANA E ‘MELI = 3-4 cmSEATLA = 10-20 cm
TEKO EA HO BONA
BOPHELO BA PEO
Teko ea ho bona hore na peo e tla mela. Etsa teko ena haeba u
belaella peo hore e keke ea mela.
leqephe 28 TLHAHISO EA LIJALO KA PEO
TLHAHISO EA LIJALO KA PEO leqephe 29
HO JALA
Lipeo tse fapakaneng li lokela ho jaloa ka mekhoa e fapakaneng.
1.Ho jala u sa etse sethopo/
Ho sunya peo mobung
Mefuta e meng ea lipeo e batla ho jaloa
serapeng eo li tlang ho holela teng li sa
etsoe sethopo, hobane li ka utloa bohloko
ha li ntse li jaloa li hlomolloa.
Mefuta e joalo ea lipeo ke ea linaoa, bete,
lihoete, cucumbers, garlic, poone, lierekisi,
litapole, mokopu, rapa le meroho e meng.
Lipeo tse tšesanyane tse kang tsa lihoete,
rapa le meroho e meng lia tebisoa ha li
jaloa. Etsa foroana e kabang botebo ba
senoko sa monoana (1.5 cm). Tšoara peo
pakeng tsa monoana oa bosupa le o
motona ebe u e jala ka hlokolosi, u entse
bonnete ba hore ha e tebe haholo. Jala peo
u ntse u siea sebaka sa botenya ba
monoana lipakaeng. Etsa bonnete ba hore
e anetse mola hantle kaofela. Koahela peo
ka mobu, mosuela kapa manyolo, e be u
hatella hantle ka monoana.
Lipeo tse tenya joalo ka linaoa, li
jaloa ka botebo bo lekanang le
botenya ba tsona ha’ngoe ho isa
bobeling. Ha li tebisoa ho feta mona li
ke ke tsa mela. Le teng ha li ka
phaphamala ka holimo, e tlare sejalo
ha se qala se hlaha e be se a robeha.
2. Ho etsa sethopo
Lijalo tse ling li hola le ho atleha ha li entsoe sethopo pele ‘me li ntano hlomoloa li isoe
serapeng. Lijalo tse joalo e kaba broccoli, k’habeche, cauliflower, chilisi, eggplant, lipepere,
leeks, selae, hanyanese, sepinichi le tamati.
Tse ling tsa lijalo tse kaholimo li ka jaloa li le joalo kapa tsa etsoa sethopo, khetho ke ea
motho ka mong hore na eena u thabelang. Lijalo tse joalo ke sepinichi, hanyanese, garlic le
litapole.
PEO ENA E JETSOE KA BOTEBO BO
LEKANANG LE PEO EA LINAOA
FATŠE
PEO E JALOA HA SESANE KA
MAKHETHE HORE E FELLE HANTLE
KA FORONG
FORO KAPA MOLA OTLAMEHA HO BA
BOTEBO BA MONOANA (1.5-2 cm)
leqephe 30 TLHAHISO EA LIJALO KA PEO
TOKISO EA LEIFO
Leifo ke sebaka serapeng se nang le mobu o manoni, ho bile hona le mokhoa oa ho sireletsa
sethopo seo letsatsing, le hore sethopo se se ke sa fumana serame.
Cheka sekoti ‘me u lekanye ka kharafu, bophara le bolelele ba eona. Sekoti se be bolelele ba
mohato kapa mehato e ‘meli (1-2 m).
Ha u cheka sekoti, etsa bonnete ba hore u arola mobu o ka holimo ho o mong. Lema kahare ho
sekoti ele ho qhalakanya mobu hore o se ke oa eba makote.
MOBU O KA FATŠE
MOBU O KAHOLIMO
SEKOTI SE BOPHARA
BA MOHATO O LE
MONG
TLHAHISO EA LIJALO KA PEO leqephe 31
Kopanya mobu o neng o le kaholimo ka likarolo tse lekanang le manyolo, motsoako oa molora
kapa mosuela.
Ha u qeta ho etsa motsoako ona, u sefe pele u o butsetsa. Ha sefe ele sieo, e tsa bonnete ba
hore motsoako o hloka mahlokoana, makhasi a lifate, majoe, makoete joalo-joalo tse ka
sitisang sethopo ho hola se atlehile. Qoba ho tsamaea holim’a seratsoana.
leqephe 32 TLHAHISO EA LIJALO KA PEO
Leifo le lokela hoba bophara ba bolelele ba
kharafu. Lebaka ke hore u tle u tsebe ho
fihlela bohareng ba leifo u sa le hate. Ho
hata holim’a leifo haholo ha mobu o le
metsi, ho senya mobu, obe thata ebe o
sitisa sethopo hore se hole. Mokhoa o
hlokang litšenyehelo tse ngata oa ho
etsetsa sethopo moriti ke ho sebelisa lipalo,
mahlakana kapa mohlomo.
TLHOKOMELO EA SETHOPO LEIFONG
Lipeo tse tšesanyane joalo ka tsa k’habeche, tamati, hanyanese joalo-joalo, ha li jaloe li
teteantsoe hobane sethopo sa teng se tla hlaha se le sesesane, se sa atleha hantle, e bile sena
le mafu. Ka tsela ena sethopo se iphumana se
tlameha ho tsekisana sebaka sa ho hola
hammoho le khanya. Jala peo ha sesane
feela e anele leifo lohle. Lipakeng tsa
peo, siea sebaka se lekanang le
botenya ba monoana. Hang ha u
qeta ho kenya peo mobung, ho
bohlokoa hore u boloke mobu
o le mongobo ka linako
tsohle. Tšella habeli ka
letsatsi ha mocheso o le
mongata. Nakong ea
lehlabula, khothaletso ke
hore u tšelle mantsiboea,
mariha teng, tšella
hoseng ha letsatsi le
chabile. Tšella ka
hlokolosi. Qoba ho tšela
metsi ka sekhahla e sere a
hohola peo kapa a
batalatsa mobu ‘me oa etsa
lek’hoko ka holimo. Ha u
sena shitiri e nang le molomo
o masoba a masesane, u ka
iketsetsa eona tjena: nka lekotikoti
le kang la pente ebe u le phunya
masoba a masesanyane ka fatše u
sebelisa sepekere le hamore.
Koahela leifo ka joang. Tlosa joang boo hang ha
sethopo se qala ho hlaha, hobane ha usa etse joalo,
u sitisa sethopo hore se hole hantle.
LEKOLOKOTI LE
PHUNTSOENG
MASOBA KA
TLAASE
LEIFO LE SIRELELITSOENG
KA HO POTI-POTISOA KA
MAJOE LE JOANG
TLHAHISO EA LIJALO KA PEO leqephe 33
Hlaola leifo khafetsa ka makhethe.
Ho arola sethopo ke ho etsa hore se hole hantle se atlehile. Ha se hlaha, tsetolla se
sesesane, ebe u jala feela tse atlehileng. E tsa bonnete ba hore lipakeng tsa sethopo u siea
sebaka sa botenya ba menoana e ‘meli (3-4 cm) e le hore sethopo sa hau se tle se hole
hantle se sa petetsana.
Sireletsa bo-kathoko ba leifo ka majoe a sephara. Hona ho thibela mongobo ho lahleha o
tsoa mabopong a leifo. Matsatsi a mararo hoisa ho a mahlano pele u hloma sethopo,
fokotsa makhetlo ao u tšellang ka ona le ho tlosa sesireletsi sa letsatsi, ele hore sethopo se
tloale mathata a komello le mocheso oa letsatsi.
Ho hloma sethopo
Nako e nepahetseng ea ho hloma sethopo ke ha sena le makhasi
a mabeli hoisa ho a tseletseng (2-6) le methapo ese e tiile.
Makhasi a mabeli a hlahang pele ha a bontše hore u ka tsoela
pele oa hloma sethopo sa hau, joale emela sethopo hore se tie-
tie pele.
Hloma sethopo mantsiboea kapa ha hole maru. Ka tsela ena,
sethopo se tla tseba hore se be se tiile pele ho letsatsi le
hlahlamang. Haeba ho bata haholo, sethopo se ka hlongoa
hoseng ha letsatsi le se le chabile le mobu ose o futhumetse
hanyenyane.
Lokisa serapa moo u tla jala sethopo teng, u be u se
tšelle.
Etsa bonnete ba hore mobu ha ona makoete, e bile ona
le manoni a kang manyolo, molora kapa mosuela.
Hlomolla sethopo ka hlokolosi o sebelisa kharafu e
nyenyane ea letsoho (SE KE OA HULA SETHOPO KA
MATSOHO!) Leka hore u hlomolle sethopo se ntse se na
le mobu o mongata methapong. Tšoara sethopo ka
makhasi eseng kae kapa kae.
SETHOPO SE NANG LE
MAKHASI A MABELI A
NNETE
HO TSOMULA
SETHOPO NTLE LE
SE SEBELISOA SE
KANG KHARAFU
JOALO-JOALO, HA
HOOA NEPAHALA
HA U SEBELISA KHARAFU KAPA
SESEBELISOA SEFE KAPA SEFE,
SETHOPO SE TLA TSOA METSO E
SA QHALAKANA
HO TŠOARA SETHOPO KA
MAKHASI
leqephe 34 TLHAHISO EA LIJALO KA PEO
BEHA JOANG KAPA
MATLAKALA HA U
QETA HO JALA
SETHOPO HORE
MONGOBO O SE KE
OA LAHLEHA KAPELE
METSO HA E EA
QHALAKANA E
NTSE E EME E
OTLOLOHILE
HATELLA
FATŠE
HA HO MOEA HO POTA-POTA
METSO EA SETHOPO
MOBU O MONGOBO
LEKALA LE
SIRELELITSENG
SETHOPO
LETSATSING
NOESETSA HANG HA
SETHOPO SE QETA
HO HLONGOA
Tšella sethopo hang ha se qeta ho hlongoa.
Ho qoba hore mongobo o lahlehe ka pele, koahela ka joang.
Sireletsa sethopo letsatsing ka ho sebelisa lekala la sefate kapa k’hateboto (cardboard).
Setšireletsi sena se tlosoe kamor’a matsatsi a mane hoisa ho a mahlano, ha ho bonahala
hore sethopo se se se tsitsitse.
Nakong eo u hlomang sethopo, etsa bonnete ba hore methapo ea sona ha e ea kobeha. E
tšoanela ho otloloha, e se ke ea sobokelloa ka sekoting. Hang ka morao ho moo, tšela
mobu ka sekoting e be u paka ka hlokolosi ho pota-pota methapo ea sethopo ele hore ho
sebe le moo moea o ka kenang.
HO KOAHELA MOBU HORE U SE LAHLEHELOE KE MONGOBO leqephe 35
TAHLEHO EA
METSI SEJALONGMOEA O
POTLAKISA HO
PONA HA SEJALO
TAHLEHO EA
MONGOBO
METSI A TSAMAEA LE MOEA
HO PONA
MOBU O
SENANG METSI
LE MONGOBO O
MONGATA
TAHLEHO EA
MONGOBO
MOBU O
MONGOBO
MOEA O FOKANG HASESANE
Etsoa: Production without Destruction.
Natural Farming Network, Zimbabwe
TAHLEHO EA
METSI
SEJALONG
Ho koahela mobu ho bolela ho ala eng kapa eng e tla etsa hore mobu o lule o le mongobo o
bile o pholile sebakeng sa lijalo. Hona ho futhumatsa mobu nakong ea mariha.
MOBU O KOAHELOA HOBANENG?
Ho koahela mobu hona le melemo e ‘meli (2):
Ke ho boloka metsi. Ho thibela mocheso oa letsatsi le moea ho nka mongobo, ‘me ka tsela
e joalo, lijalo li ke ke tsa noesetsoa khafetsa hobane metsi a sa lahlehe kapele, ho tloha
lijalong ka botsona le mobung.
HO KOAHELA MOBU HORE U SE
LAHLEHELOE KE MONGOBO
SEO LEBATAMA LA LETSATSI LE MOEA O FOKANG KA MATLA LI
SE ETSANG MOBUNG O HLOBOTSENG
MOEA O MATLA
leqephe 36 HO KOAHELA MOBU HORE U SE LAHLEHELOE KE MONGOBO
Ho koahela mobu ho etsa hore mofuthu le mohatsela oa mobu e be o lekaneng. Ho boetse
ho thusa hore mobu o seke oa chesa kapa oa phola haholo, ele hore lijalo li tle li hole
hantle.
HO PHALLA
HA METSI
TAHLEHO E
PHAHAMENG EA
MONGOBO
MOBU O OMELETSENG, O
CHESANG, O LEK’HOKO
MOBU O HLOKANG LIKOKOANYANA
TSE O NTLAFATSANG, E BILE O SE
SEBOPEHO SE SETLE
LEHOLA
METSI A
MONYELA BUTLE
MOBUNG MOBU O LEPALA-PALENG
TAHLEHO E
PHAHAMENG EA
MONGOBO
LIKOKONYANA TSE NTLAFATSANG
MOBU LI TENG KAHOO MOBU O
BOPEHILE HANTLE
Etsoa:Production without Destruction.
Natural Farming Network, Zimbabwe
MOBU O KOAHETSOENG
Lintlha tse ling mabapi le ho koahela mobu
Mathata:
• Ha ho bonolo ho
fumana lisebelisoa sebakeng
sa ho koahela mobu
• Ka nako e ngoe, ho koahela leifo la
lihoete ho ka etsa hore lihoete tseo li
liehe ho hlaha
• Batho ba bang ba bona moo ho
koahetsoeng ho le bohlasoa.
• Ho koahela mobu ho ka
baka likhofu.
Tse molemo:
• Ho thusa hore mobu o se
lahleheloe ke matsoai
• Ho fokotsa lehola
• Ho atisa likokonyana tse ntlafatsang mobu
• Ho thibela mobu hoba le Lek’hoko le qetellang le
le thata
• Ho bola hoa lisebelisoa ho eketsa matsoai mobung
• Ho sireletsa mobu khahlanong le marotholi a pula
le ho jaleha hoa mafu a fumanehang mobung
• Ho fana ka bolokolohi ba kholo ea methapo
ka mobung. Hona ho etsa hore
methapo e fumane litlhoko
tsohle ka mobung.
METSI A
MONYELA KAPELE
MOBUNG
LEHOLA HA
LE BE TENG
HO KOAHELA MOBU HORE U SE LAHLEHELOE KE MONGOBO leqephe 37
Hangata ho sebelisoa tse latelang:
Litlhaka, makhasi, makhapetla, joalo-joalo. Seke oa li sebelisa haeba li bonahala li ena le
matšoao a mafu hobane li tla tšoaetsa lijalo tsa hau, le mafu ao a tla kena mobung.
Lehola le ommeng.
Joang. Etsa bonnete ba hore u sebelisa joang bo ommeng, hobane ha bo le metsi, botla
monya matsoai a mobung ebe lijalo ha li fumane letho.
Majoe a sephara. Majoe oona a koahela feela ha a fane ka matsoai. A loketse lijalo tse seng
li le kholo le lifate tsa litholoana.
Likoranta. Li fana ka tšireletso hape li eketsa matsoai mobung . Fafatsa koranta ka metsi
pele u koahela mobu ka eona hore e sefefoloe ke moea.
Sebelisa joang bo ommeng kapa manyolo a seng a putile.
Makhasi a tlhotlhorehileng lifateng.
Mohlomo oa khale.
Polasitiki e ntšo.
MOKHOA OA HO KOAHELA
1. Khaola lisebelisoa tsa hau, haholo joang le litlama-tlama hore libe
bolelele ba seatla kapa licentimitara tse leshome ho isa ho tse
mashome a mabeli.
2. Koahela mobu ha sesane moo sethopo se hlongoeng sele seng kapa
ha lijalo li sale nyenyane. Koahela ka botebo bo ka etsang bophara
ba monoana.
3. Bakeng sa lijalo tse kholo, koahela haholo. U ka lekanya ka bophara
ba menoana e ‘meli ho isa ho e mararo (3-4 cm).
4. Bakeng sa lifate, koahela haholo hofeta. Lekanya ka seatla kapa.
(10-20 cm)
Ha sesebelisoa, mohlala joang, se putile, eketsa bo bong hape. U tla
makatsoa ke ka moo bo putang kapele ka teng. Ho kanna ha etsahala hore
joang kapa se sebelisoa se seng feela se eketsoe bonyane ha ngoe
selemong kapa ha ngoe khoeling tse ling le tse ling tse tharo. Libakeng
tseo ho batang haholo mariha, khothaletso ke hore se sebelisoa se
koahetseng mobu se tlosoe hang ha serame se lala. Lebaka ke hobane se
sebelisoa seo se tla etsa hore serame se lale le ho feta.
LITLAMA-TLAMA TSE
OMMENG KAOFELA HA TSONA LI THIBELA
TAHLEHO EA MONGOBO
MAJOE
LIPAMPIRI
LINTHO TSE SEBELISOANG HO KOAHELA MOBU
MONOANA =
1.5 cm
MENOANA E ‘MELI =
3-4
cm
SEATLA =
10-20 cm
Etsoa: Production without
Destruction. Natural Farming
Network, Zimbabwe
leqephe 38
NTLAFATSO EA MOBU leqephe 39
NTLAFATSO EA MOBU
MOBU O NANG LE BOPHELO
Mobu o matlafetseng ke o phelang. Ke mobu o nang le likokoanyana tse ngata tse o
ntlafatsang. Ke mobu o tebileng, o seng thata, o bile o bonolo ho o cheka, ona le moea le metsi.
Mobu o nang le bophelo ke motsoako oa lintho tse ngata joalo ka:
Lehlabathenyana, “silt” le letsopa, tseo e leng
mefuta ea mobu.
Lintho tse putileng joalo ka makhasi, joang le
moiteli.
Lintho tse sa puting joalo ka majoe.
Matsoai ohle a lumellanang le kholo ea sejalo
Moea le metsi
Likokoanyana tse nyenyane tse phelang mobung
tseo ho seng bonolo ho li bona ka mahlo ka lebaka
la bonyanyane ba tsona. Li ntlafatsa mobu ka ho
ja makhasi/ mahaba, joang le tse ling. Ke
likokoanyana tse kang manyooa ka mefuta ea
tsona le tse ling.
Etsoa: Lessons from Nature
leqephe 40 NTLAFATSO EA MOBU
MEFUTA EA MOBU
Mobu o etsoa ha liminerale tse fumanoang haholo-holo majoeng li thueha hanyane ka hanyane
ka lilemo tse telele. Ka nako ena e telele, majoe ana a thueha ho fihlela eba makote a
manyenyane. Makote ana a thuuoa ke lipula, meea le letsatsi. Kamorao ho liketsahalo tsena, re
ba le ho bitsoang ka hore ke mobu moo re ka tsebang ho lema, lijalo li hole le likokoanyana tsa
mobu li phele teng. Joalo ka batho, lijalo li ke ke tsa phela ntle le metsi, moea le matsoai a
hlokoang ke sejalo hore se hole hantle.
Mobu kaofela ke motsoako oa lehlabathe, “silt” le letsopa. Hore na mobu o tseba ho tšoara
metsi nako e kae, ho ea hore na mobu o joalo-joalo o na le lehlabathe, letsopa kapa “silt” e
kae. Mehlala ea mefuta ea mobu ke: mobu o lehlabathe, mobu oo karolo boholo eleng
lehlabathe ‘me ho boetse ho ena le selokoe, mobu o letsopa ebile o kopane le selokoe le letsopa.
Lehlabathe le etsa mobu oo metsi a fetang feela. Mobu o bitsoang “silt” ke mobu o hlokang
lehlabathe le lengata. Mobu ona o tšoara metsi le lijo tsa lijalo hantle ho feta lehlabathe le
khorofo, le ha hole joalo, o tsamaea ha bobebe le metsi.
Letsopa ke karolo ea mobu e khoramelang. Le tšoara metsi joalo ka ha eka ke seponche. Mobu
o nepahetseng ke selokoe, hobane o na le likaroloana tse le kanang tsa lehlabathe, “silt” le
letsopa.
Libopeho tsa mobu:
MOBU O LEHLABATHE
SELOKOE (Motsoako oa lehlabathe le letsopa)
LETSOPA
Tse ntle ka mobu ona
• Ho bonolo ho o sebetsa
• O futhumala kapele hang ha mariha a tsoa
• O motle bakeng sa lijalo tse holelang ka mobung
• Moea le metsi li kena ha bonolo
Tse ntle ka mobu ona
• O tšoara metsi hantle
O motle sebakeng sa lijalo tse holelang ka mobung
• Ona le liputisuoa tse ntlafatsang mobu
Tse ntle ka mobu ona
• O tšoara metsi hantle nako e telele
O tšoara manoni a mobu hantle nako e telele
Tse seng ntle haholo ka mobu ona
• O oma ka pele
• Ha o boloke manoni a mobu haholo
• Ha o tšoare metsi hantle
Tse seng ntle haholo ka mobu ona
• Mobu ona o thata ha o omme
Tse seng ntle haholo ka mobu ona
• Ha ho bonolo ho o sebetsa hobane o boima
• O lieha ho futhumala kamora mariha
• O oa khoramela ha o le metsi
• Ha o omme o thata.
NTLAFATSO EA MOBU leqephe 41
MOKHOA OA HOTSEBA MOFUTA OA MOBU
Ho bohlokoa ho tseba hore na mobu ke mofuta o feng. Ka tsela e na u tla tseba hore na u etse
joang hore mobu oa hau o sebe thata o lule o qhalakane ka nako tsohle. Mobu o qhalakaneng e
bile o se thata o tšoara metsi le moea haholo, e leng tse hlokoang ke sejalo hore se hole.
Hore mobu o
qhalakane (E bang
ke o lehlabathe,
selokoe kapa
letsopa), u lokela ho
lula u ntse u tšela
moiteli, mosuela
hape u ntse u o
koahella ka
litlamatlama kapa
joang. U se ke oa
tsamaea holima
moo ho jetsoeng
teng haholo ha
mobu o le metsi.
Mobu o nang le
lehlabathe le
lengata, o lokela ho
tšeloa liputisoa
(organic matter), e
le ho nyolla ho
tšoara metsi hoa
oona, hammoho le
ho tšoara lijo tsa
sejalo. Mobu o
letsopa oona o
lokeloa ho tšeloa
liputisoa e le hore o
tsebe ho tšoara
moea le ho lokolla
lijo tsohle tsa sejalo
tse ka bang teng
moo mobung.
Mefuta eohle ea
mobu e hloka
liputisoa e le ho
nyolla manoni a
mobu.
CHEBAHALO
EA MOBU
O
lehlabathe
le lengata
O
lehlabathe
Halofo ke
lehlabathe
ha engoe e
le mobu o
boreleli
Boholo ba
mobu o
boreleli
Boholo ba
mobu bo
boreleli
Mobu o
boreleli
MOBU O
UTLOAHALA
JOANG KA
LETSOHONG
O khorofo
haholo
Khorofo
Khorofo
Lehlabathenyana
le teng, o
boreleli empa ha
se letsopa
Lehlabathenyana
le teng, o
boreleli, ebile ke
letsopa
O boreleli
ebile o
letsopa
Ha o bopehe
O oa
bopeha,
feela ha o
kobehe
O oa
bopeha,
ebile o ka
kobeha
hanyenyane
O oa bopeha
ebile o ka
kobeha
halofo
O ka kobeha
ho feta
halofo
Boroso e ka
kobeha hore
e tse lebeli/
lesale
HA MOBU O BOPILOE JOALO
KA BOROSO
MOBU O:
Lehlabathe
le lengata
Lehlabathe
Mobu o
kopantseng
lehlabathe
le selokoe
Selokoe
kapa
selokoe se
kopantseng
le “silt”
Letsopa le
kopaneng le
selokoe kapa
lehlabathe le
kopaneng le
letsopa
Letsopa
leqephe 42 NTLAFATSO EA MOBU
MATSOAI A MOBU
Lintho tsohle tse phelang li bopiloe ka lerole la lefatse. Lijalo tsona lina le matsoai a latelang:
“Hydrogen”, “oxygen”, “carbon”, “nitrogen”, “phosphorous”, “potassium”, “magnesium”,
“sulphur” le “calcium”.
Lijalo li hloka mefuta e meraro ea matsoai:
Nitrogen (N) – Bakeng sa mahaba a phetseng hantle le kholo ea lehlaka;
Phosphorus (P) – Bakeng sa methapo e phetseng hantle;
Potassium (K) – Bakeng sa sejalo se phetseng hantle ka kakaretso, hammoho le ho thunya
le ho beha ha sejalo.
Litlhaku tsena NPK li bitsoa matšoao a lik’hemikale (chemical symbols). Ha u reka monontša u tla
fumana hangata ho sebelisitsoe ona e seng mabitso ka botlalo.
Boraro ba mefuta ena ea lijo tsa lijalo e fumanoa mosueleng kapa moiteling. U ka boela oa eketsa
lijo tsena ka ho koahella mobu ka makhapetla a lijalo tse kang lierekisi, semela se bitsoang
“comfrey”, le ka ho tšela mokeli-keli.
Hona le mekhoa e fapakanang e ka sebelisoang ho ntlafatsa matsoai a mobu.
NITROGEN
1. Khaello ea “Nitrogen” Mobung
U tla tseba hore lijalo li hloka nitrogen ha mahaba/makhapetla
a tsona a fetola ‘mala a eba masehla, a sa be matala joalo ka
ts’oanelo.
2. U ka eketsa nitrogen joang mobung oa hau?
Nitrogen e fumanoa mefuteng e mengata ea moiteli (oa
likhomo, linku, lipoli, likhoho, likolobe le meutloanyana). Le
ha hole joalo, nitrogen e ngata haholo moiteling oa likhoho le
lipoli. Moiteli o lokela hore o be o omme pele o ka tšeloa
serapeng. Ha o le metsi, o matla haholo ebe o chesa lijalo tsa
hau.
3. Nitrogen e fumaneha lijalong tse behang ka
mekotlana
Nitrogen e boetse e fumanoa lijalong tse behang ka mekotlana
“Legumes”. Tsona ke lijalo tse etsang likotoloana metsong ea
tsona, ‘me likotoloana tsena ke tsona tse nkang nitrogen
moeeng hore sejalo setle se e sebelise. Hona le likokoanyana
tse nyenyane tse kang baketheria (bacteria) tse fumanoang
methapong ea sejalo tse thusang ka ho nka nitrogen bakeng sa
sejalo.
LIKOTOLANA METSONG EA SEMELA
TSE NKANG LETSOAI NITROGEN
LIKOTOLA
TSA METSO
KOKONYANA E BITSOANG BACTERIA
E TENG LIKOTOLENG TSA METSO E
BOLOKA LETSOAI NITROGEN LE
TSOANG MOEENG KA MOBUNG, E BE
E LE LOKOLLA HANG HA SEMELA
SE SHOA
NTLAFATSO EA MOBU leqephe 43
Ha methapo ea sejalo e shoa, nitrogen e tsoela
mobung e be e sebelisoa ke lijalo tse ling tse
haufinyane le seo se shoeleng.
Mehlala ea lijalo tse behang ka mekotlana tseo
re ka lilemang ke:
Makotomane
• Makotomane a bitsoang “Bambara”
• Lierekisi
• Linaoa (Le tsa soya)
Ho ntse ho ena le lijalo tse ling tse sa
tloaelehang le lifate tse nyenyane tse thusang
ho nka nitrogen. Mehlala ea tsona ke “chick
peas”, “mung beans”, “lentils”, li “legume” tse
ling le tsona li kanna tsa lengoa le ha feela li ke
ke tsa sebelisoa e le lijo tse hlokoang ke sejalo.
Tsona ke tse kang; lesere, “clover”, “hairy vetch”
le “lupins”. Li fana ka nitrogen e ngata mobung
ho feta lijalo tse jeoang. Lijalo li kanna tsa
lengoa lipakeng tsa li “legume” tsena.
Mahaba a li lijalo tsena a ka sebelisoa ho koahela mobu (mulch) e le ho o tšireletsa letsatsing
le lengata. Ketso ena e tla eketsa nitrogen mobung.
SOYA BEANS
LI FOKOTSA TAHLEHO EA MONGOBO MOBUNG
MAJOE
LIPAMPIRI
Etsoa: Production without
Destruction. Natural Farming
Network, Zimbabwe
Etsoa: Food from the Veld, 1982
leqephe 44 NTLAFATSO EA MOBU
PHOSPHOROUS
1. Khaello ea “Phosphorus” mobung
U tla tseba hore lijalo lihloka phosphorous ha lisa hole ka pele joalo ka ha li tšoanela. Mahaba
le oona a tla qala ho bontša bofubelu kapa bopinkinyana bo sa tloaelehang haholo-holo
qetellong ea oona. Haeba lijalo li sa hole hantle li le nyenyane, le ha u tšetse mosuela, hona ho
bontša hore ehlile lijalo tseo li na le khaello e kholo ea phosphorous. Hona ho ka etsahala
haeba mobu o ena le bolila bo bongata.
2. Phosphorous e eketsoa joang mobung?
Boholo ba mobu oa Lesotho bohloka phosphorous. Ho batla hole thatanyana ho eketsa
phosphorous mobung ka tsela ea ho e kopanya le lijalo le mobu hobane boholo ba lintho tse
nang le phosphorous li se bonolo ho sebetsana le tsona. Lintho tse joalo ke; mosese, masapo,
moriri, masiba le mali. Hangata lintho tsena li kenyelletsoa ha ho etsoa mosuela.
Ntho e bitsoang “Natural Rock Phosphate” kapa setene sa phosphate e ka kopangoa e le joalo
le mobu, empa le eona ha e fumanehe ha bonolo.
Phosphorous e ka fumanoa hape masapong a sitsoeng (bone meal). E ka rekoa moo ho
rekisoang li sebelisoa tsa temo, feela e theko e phahameng. Mokhoa o mong oa ho kopanya
phosphorous ke ho besa masapo lihoranyana li se kae. Ha a se a chele, a siloa ha bonolo. Ha a
se a le phofo, a fafatsoa serapeng kapa holima mosuela (compost).
Moiteli oa likhomo tse fulelang sebakeng seo phosphorous e fokolang le oona o ke kebe oa ba
le phosphorous e ngata. U ka eketsa phosphorous ka ho reka monontša. E tloaelehileng e
bitsoa “superphosphate” le DAP (Di-ammonium Phosphate).
NTLAFATSO EA MOBU leqephe 45
POTASSIUM
1. Khaello ea “Potassium” mobung
U tla tseba hore lijalo li hloka potassium ha lirobeha ha bobebe le mahaba a e ba masootho ho
ea qetellong a bile a omella. Ha li tholoana li sa behe hantle, u ka sola bosieo ba potassium.
Matšoao a mang oona ha a bonahale ha bobebe. Le ha hole joalo a mang a oona ke
bosehlanyana ho pota-pota methapo ea lehaba (hona ho kanna hoa bakoa ke lefu le itseng,
joale ho ba thata ho tseba hantle hore na ho o eleng hona ke hofeng).
2. Potassium e eketsoa joang mobung?
Lihlahisoa tse ntle tsa potassium ke moiteli oa likhoho le molora
o ntseng o le mocha oa patsi. Seke oa sebelisa molora oa
mashala kaha o kotsi mobung le
lijalong. Sehlahisoa se seng sa
potassium ke sejalo se bitsoang
“Comfrey”. Sejalo sena se na le makhasi a
maholo a boea. ‘me se mela moo ho leng
metsi. Makhasi a sona a na le potassium e
ngata. Makhasi ana a ka boela a sebelisoa
ho koahela mobu (mulch) serapeng kapa
e le mokeli-keli sebakeng sa lijalo.
Liminerale (matsoai) tse ling tse
hlokahalang hanyenyane joalo ka
“magnesium”, “zinc” le “iron”, li
fumanoa mefuteng e mengata ea
moiteli le mosuela.
MOBU O BOLILA
1. Mobu o bolila ke o joang?
Liminerale le lijo tse hlokoang ke sejalo hore se hole li qhebelisoa ke metsi a teng mobung.
Ketso ena e batla e tšoana le ha letsoai kapa tsoekere e qhebiliha ka metsing a khalaseng.
Mobu o bolila o batla o tšoana le metsi a kopantsoeng le vinegar. Libakeng tseo pula e leng
ngata haholo, tse ling tsa liminerale li tsamaea le metsi ebe mobu o sala o le bolila.
Ha mobu o le bolila haholo, tse ling tsa liminerale le lijo tsa sejalo li tla qhibiliha ka pele
haholo hoo lijalo li tla sitoa ho li sebelisa. Athe tse ling tsa liminerale tsona li ke ke tsa
qhibiliha ho hang, e be hape lijalo ha li tsebe ho lisebelisa. Phosphorous ke engoe ea liminerale
tseo sejalo se ke keng sa e sebelisa ha mobu o le bolila, le haeba e le teng mobung.
2. U ka tseba joang ha mobu o le bolila?
U tla tseba sena ha u bona lijalo li sa hole feela u ntse u tšela mosuela kapa moiteli, bile li
tšelloa. Hona ke bothata bo tloaelehileng. Mobu o tsoanetse ho noa Lipatlisisong tsa Temo ho
hlahloba boemo ba oona.
COMFREY
Etsoa: Useful Plants for Land Design, Pelum
leqephe 46 NTLAFATSO EA MOBU
3. Mokhoa oa felisa bolila mobung
Tšela kalaka mobung. Kalaka ke phofshoana e tšeou ka ‘mala, u ka e reka mabenkeleng.
E tšoaneloa ho phetholelloa, bonyane botebo bo lekanang le metso/methapo ea sejalo sa hau.
Bakeng sa meroho, e ba lipakeng tsa 30-60cm. Hona ke bolelele ba hloho ea kharafu kapa tse
peli. U lokela ho tšela k’hilokrama e lengoe (1kg) ea kalaka ho leoto bophara le leoto bolelele
(square metre). 1 kg ea kalaka e lekana le kharafu e tletseng. E hle e tlatsoe haholo.
Empa bakesang sa lijo tsa masimong joalo ka poone le mabele, tse nang le metso e tebileng,
cheka linoko tse 60 (60 cm) hoisa ho mithara e lengoe (1 m). Mithara e lengoe e lekana le
bolelele ba kharafu.
Hangata kalaka e tšeloa khoeli tse peli hoisa ho tse tharo (2-3) pele ho jaloa kaha e sebetsa
butle ka mobung. Ha u ka oa tšela kalaka ka nako eo u jalang ka eona, u tla tseba feela ho
bona phapang selemong se hlahlamang ha u jala hape.
MITHARA E LE NGOE
30 cm
LIMITHARATSE PELI
NTLAFATSO EA MOBU leqephe 47
MEKHOA E MENG EA HO NTLAFATSA
MANONI AMOBU
Moiteli
Mefuta e mengata ea moiteli oa
liphoofolo e ka sebelisoa. Eona ke
oa likhomo, linku, lipoli, likolobe
le likhoho.
Tšebeliso ea moiteli
Moiteli o ka sebelisoang ke o
tsoang sakeng o kopaneng le
mahlaka le mosese. Bokeletsa
moiteli ona bonyane ha ngoe ka
beke ebe o koaheloa ka joang
kapa polasitiki.
Moiteli o ka kopangoa le
mobu ka mekhoa e
fapakaneng:
U ka o sebelisa ha u jala sethopo ka ho kopanya liatla tse peli hoisa ho tse tharo tsa
moiteli kahar’a mekotjana eo ho tla lengoa sethopo ka teng.
• Moiteli hape o kanna oa lengoelloa serapeng ho ntlafatsa
manoni a mobu. Sebelisa kiribae e le ngoe e tletseng
bakeng sa serapa sa boholo ba mithara e lengoe ho tse
hlano – 1 m x 5 m (kharafu e lengoe ho tse hlano).
mithara e le’ngoe
limithara tse hlano
leqephe 48 NTLAFATSO EA MOBU
Moiteli o ka sebelisoa hape le maifong. Leifo le chekoa botebo boka etsang linoko tse 30
(30 cm), e leng bolelele ba hlooho ea kharafu. Ha u qeta ho le cheka, tšela moiteli o ntseng
o le mocha ka botebo ba linoko tse leshome (10 cm) (e batlang e lekana le bophara ba
feisi). Kamorao ho moo, tšela joang, lehola, ebe u koahela ka mobu o ileng oa ntšoa ka
sekoting sena. Pele u jala, u kanna oa kopanya tsena tsohle le mosuela. Mokhoa o ka
holimo o bitsoa “hotbed” hobane ha moiteli o ntse o puta, o ntse o futhumala ‘me o ntša
mocheso. Ketso ena e etsa hore mobu o chese, ‘me hona ho nepahetse haholo libakeng tseo
mariha a batang haholo.
Moiteli o ka aloa serapeng, ka tsela ena o ntse o boetse o eketsa lijo tse hlokoang ke sejalo.
Moiteli o ka tšeloa sebakeng seo ho entsoeng mosuela ho etsa hore e hle ebe MOSUELA OA
SEBELE.
MOSUELA
Mosuela ke motsoako oa litlama tse metsi le tse ommeng le moiteli, tse ileng tsa puta ‘moho
hore li qetelle e le lijo tse matlafatsang tse hlokoang ke sejalo. Mosuela o boetse o thusa mobu
hore o tsebe ho tšoara metsi hantle le ho tšireletsa lijalo mafung.
Tse hlokahalang ho etsa mosuela
U hloka ho bokelletsa tse latelang:
Litlhaka kapa masalla ohle a lijalo tse ling. Tsona ha lia tlameha hoba le peo, empa ha ho
tsotellehe hore na li metsi kapa li omme.
Makhapetla a k’habeche le lehola (le le metsi kapa le omme), li hloke peo.
• Moiteli
Molora oa patsi
Bohlokoa
ba mosuela
• Mosuela ke lijo tse hlokoang ke
sejalo tse seng li le malala a laotsoe,
tse sa hlokeng hore li sebetsoe ke
likokoanyana tsa mobu pele.
• Mosuela ha o bake lehola le lengata,
joalo ka moiteli o mong oa liphoofolo.
• U kaba le lijo tse ntle u sa
sebelise chelete e ngata ho
reka menontša.
Mathata
a mosuela
• Mosuela o hloka nako e ngata ho
o etsa le ho o sebelisa.
• Boleng ba mosuela bo ipapisitse le hore
na o entsoe joang le hona ka eng. Haeba o sa
etsoa ka nepo, o ke ke oa eba lijo tse ntle tse
hlokoang ke sejalo.
• Ha ho bonolo ho fumana masalla a
bolileng kapa a ntseng a le macha a lijalo
kapa liphoofolo tse shoeleng a
hlokahalang ho etsa
mosuela.
NTLAFATSO EA MOBU leqephe 49
Lintho tse ling tse ka
sebelisoang ho etsa mosuela
e kaba lijo tse setseng ka
lapeng, metsi a hlatsoang
lijana, lithole, liphoofolo tse
shoeleng, masapo, boea,
manaka le masiba. Ho
bohlokoa hore u tsoake
mosuela oa hau le sefate se
bitsoang “comfrey”.
LINTHO TSE SA TŠELOENG
MOSUELENG: Polasitiki,
likhalase, tšepe, patsi,
libeteri tsa khale, eng kapa
eng e ke keng ea puta hore e
qetelle e le karolo ea mobu.
Sebaka sa ho etsa
mosuela
• Moo ho tšireletsehileng letsatsing, feela e seng haufi haholo le sefate.
• Moo ho tšireletsehileng moeeng o mongata.
• Moo ho senang maqhutsu.
• Haufi le serapa le metsi
Moo liphoofolo li ke keng tsa fihlela habonolo (haholo likolobe, likhoho le lipoli).
Mokhoa oa etsa
mosuela
Mothati oa pele:
Khetha sebaka seo u
tlang ho se sebelisa, ebe
u se phethola/lema ka
mohoma oa letsoho kapa
ka feroko (digging fork).
Sebaka sena se lokela
hoba boholo ba mithara
e lengoe ka tse peli (1 x
2 m), e leng bolelele ba
kharafu tse peli le
bophara ba e lengoe.
Molora oa patsi
4 cm tsa manyolo/moiteli
20 cm ea motsoako oa joang
le litlama tse ling tse tala
Polasotiki kapa joang boo
koahetseng
Mobu o qhalakaneng
2 cm ea mobu o seng khorofo
BETHE E QETILOENG HO AOA EA MOSUELA
leqephe 50 NTLAFATSO EA MOBU
Mothati oa bobeli:
Khabela litlhaka, makhapetla/joang,
lehola hore li be likaroloana tse
nyenyane. Kopanyeletsa le comfrey le
makhapetla a k’habeche. Tsena li
lokela ho khaoloa bolelele ba
linoko tse leshome (10 cm). Ka
tsela ena li tla puta kapele.
Mothati oa boraro:
Ala makala a manyenyane a lifate holima mobu o qetoang ho phetoloa.
Mothati oa bone:
Koahela ka motsoako ola oa litlama-tlama, botebo bo ka e tsang linoko tse
mashome a mararo (30 cm), e lekana le botebo ba seatla. Haeba u na le
lintho tse tsoang ka lapeng, li kopanyeletse hona joale.
NTLAFATSO EA MOBU leqephe 51
Mothati oa bohlano:
Tšela moiteli ka holimo ho tsena kaofela, o be botebo ba linoko tse ‘ne (4 cm) bophara ba
menoana e ‘meli.
Mothati oa bots’elela:
Tšela mobu holim’a moiteli, botebo ba linoko tse peli
(2 cm). Bophara ba monoana.
Mothati oa bosupa:
Fafatsa molora oa patsi holima mobu (haeba u sebelisa
kalaka, phoshoana e entsoeng ka masapo a sitsoeng, u ka
hla oa li tšela hona joale).
leqephe 52 NTLAFATSO EA MOBU
Mothati oa borobeli:
Tšella ho fihlela metsi a
monyela fatše.
Mothati oa
borobong:
Tsoela pele ho aha bethe
u ntse u pheta mekhoa e
ka holimo ho fihlela
bethe e khutla sefubeng
sa hau.
Mothati oa
leshome:
Koahela mosuela
ka lehlaka le
lengata, joang kapa
polasitiki. Hona ho
thusa hore metsi le
mocheso li se
lahlehe le hore li
pute kapele. E thusa
hape le hore
liphoofolo li se ke
tsa tanakella moo li
be li qetelletse li e
sentse.
Ho bohlokoa hore u phethole mosuela beke tse ling le tse ling tse peli.
Haeba mosuela o omeletse, u tšelle. Ha u latela tsena tsohle hantle,
mosuela o tlabe o lokile ka morao
ho libeke tse tšeletseng haele
lehlabula kapa libeke tse
robeli hoisa ho tse robong
haele Mariha. Libaka
tseo ho batang haholo
ebile li ratoa ke
lehloa, mosuela o
lokela ho koaheloa
haholo, eseng joalo, ha
hona letho le tla etsahala,
ka mantsoe a mang o keke
oa puta.
PHETHOLA BETHE
EA MOSUELA
Etsoa: Production without Destruction,
PELLUM
NTLAFATSO EA MOBU leqephe 53
Nako ea ho sebelisa mosuela
Ha mosuela o ntse o thunya, ho bontša hore o ntse o puta KA MATLA. Mosuela o tlabe o lokile
haeba o se o fetotse ‘mala o le motšonyana e ka mobu o mongobo. Hape mosuela oa ‘nete ha o
na monko (haeba o ena le monko e bile o le mofuthu HA SE MOSUELA HOHANG!).
Tšebeliso ea mosuela
1. Jala sethopo se seng le se seng ka mosuela o ka e
tsang liatla tse peli hoisa ho tse tharo.
2. Lemella mosuela tjena: Phethola mobu botebo
ba hlooho ea kharafu, e tsa bonnete ba hore o
hloka makote. Hasanya kharafu tse nne (4)
tse tletseng tsa mosuela sebakeng sa leoto
bophara le leoto bolelele (1 square metre).
U lemelle hanyenyane e be u oa jala.
3. U ka sebelisa mosuela ho koahela mobu (mulch)
ka ho o hasanya serapeng sa hau.
MOKELI-KELI OA MONONTS’A
Tšebeliso ea mokeli-keli ke tsela e bobebe ea ho fa lijalo matla. Mokeli-keli o ka etsoa ka
manyolo a semela kapa a liphoofolo. Sepheo ke ho fa lijalo lijo tsa tlhaho ka pele nakong eo
lintseng li hola. Mokeli-keli ona le bohlokoa haholo ho lijalo tse hlokang lijo tse ngata joalo ka
k’habeche.
Mokhoa oa ho etsa mokeli-keli ka semela
Semela se setle bakeng sa ho etsa mokeli-keli ke se bitsoang
comfrey. Hape u ka sebelisa mahaba/makhasi a matala, lehola
le lehlaka. Qoba ho sebelisa limela tse nang le menko e
bohale. Ka ha limela ka ho fapakana li entsoe ka
likaroloana tse sa lekaneng tsa matsoai, hape le tsona li
nka matsoai a sa lekaneng mobung, khothaletso ke ho
sebelisa mefuta e sa tšoaneng ea limela, ho etsa mokeli-
keli.
1. Hlatsoa nkho pele e sebelisoa.
2. Bokelletsa limela ebe li tšeloa ka nkhong. Eketsa
limela tsena beke le beke.
3. Beha lejoe holima limela ebe u koahela nkho. Se ke oa
tšela metsi. Limela tsena li tla iketsetsa metsi ka bo tsona.
4. Beha nkho ena letsatsing. E hloele kamor’a libeke tse peli ho bona hore na limela ha li eso
fetole ‘mala li be ntšo. Ha u ka oa sekamisa nkho u tla bona metsi a matšo. Metsi a matšo
ke oona mokeli-keli o etsoang ke limela, feela o loile haholo o batla ho kopangoa le metsi.
1 SQUARE
METRE
1 metre
1 metre
1 metre
1 metre
Etsoa: Vikela, May 2003, FSG
U
tla hloka tse
latelang:
• Moo u tlang ho tšela
teng- Nkho e kabang lilithara
tse hlano hoisa ho tse leshome
(5-10L).
• Sekoahelo.
• Lejoe le leholo.
leqephe 54 NTLAFATSO EA MOBU
5. Kopanya mokeli-keli le metsi ka tsela ena:
Sethopo: Lekolokoti le le leng la mokeli-keli ho a mane a metsi.
Lijalo tse kholo: Lekolokoti le leng la mokeli-keli ho a mabeli a metsi.
Ha lekoti-koti o loile haholo, o tla chesa lijalo. Beke tse ling le tse ling tse peli, tšela lekolokoti
le le leng la lekoti-koti sejalong ha u qeta ho se tšella. Sebelisa lekolokoti le lekanang le botlolo
e kholo ea jeme.
Mokhoa oa ho etsa mokeli-keli ka
moiteli
Moiteli oka sebelisoang ke oa likhomo, likhoho,
meutlanyana, linku le lipoli. U khothaletsoa ho
sebelisa moiteli o kopantsoeng le e meng.
1. Tšela motsoako oa moiteli ka mokotleng ebe
u oa fasa.
2. Tšela mokotla oo ka nkhong kapa ka
moqomong, ebe u faselletsa molamung kapa
lerapong. Tlatsa nkho/moqomo ka metsi. Ho
k’hilokrama e le ngoe ea moiteli, tšela li
lithara tse leshome tsa metsi. Ka tsela e na re
qoba ho kopanya metsi le moiteli kaha moiteli o
metsi ha o oa lokela lijalo.
3. Koahela nkho/moqomo. Fuluha kamor’a matsatsinyana
khafetsa.
4. Kamorao ho beke tse peli, mokeli-keli o tla be o lokile hore o ka sebelisoa. O tlameha ho
shebahala joalo ka tee e sa loeang. Pele o sebelisoa, u fuluhe haholo.
5. Ka ha mokeli-keli o tlabe o loile haholo, u kopanye le metsi tjena:
Sethopo: Lekolokoti le le leng la lekoti-koti ho a robeli a metsi
Lijalo tse kholo: Lekolokoti le le leng la lekoti-koti ho a mane a
metsi.
Ha lekoti-koti o loile haholo, o tla chesa
lijalo. Beke tse ling le tse ling tse peli
tšela lekoti-koti sejalong ha u se u qeta
ho se tšella. Sebelisa bonyane lekolokoti
le le leng / botlolo e kholo ea jeme
bakeng sa ho tšela lekoti-koti sejalong se
le seng. Qoba ho tšela lekoti-koti
motšeare kapa ha ho chesa haholo.
U
hloka tse
latelang:
• Moo u tlang ho tšela teng- nkho
e kholo kapa teramo
• Mokotlana/’methe
• Molamo kapa lerapo
• Ntho eo u tlang ho fasa
mokotlana ka eona
• Sekoahelo
POLASITIKI E
KOAHETSENG
MATSOAI A
TSOELANG
METSING
MOLAMU O TLA
FULUHA KA OONA
TERAMO EA LITHARA TSE
MAKHOLO A MABELI (200 L)
E TLATSITSEONG METSI
MOKOTLA O TŠETSENG
MOITELI KAPA LIMELA
TSA BOIMA BO KA
ETSANG
LIK’HILOGRAMA TSE
MASHOME AMANE
(40 KG)
Etsoa: Production without Destruction, PELLUM
NTLAFATSO EA MOBU leqephe 55
LITEKO
LITEKO TSA HO BONA HORE NA MOBU O NA LE
KALAKA LE PHOSPHATE E LEKANENG
Litekong tsena u tla lokela ho sebelisa lirapa tse ‘ne (4) tse lekanang. Lirapa tsena li lokela ho
lekana le mithara e lengoe mahlakore kaofela (mithara e lekana le bolelele ba kharafu). E tsa
bonnete ba hore lirapa tseo u li tšoae ka lithupa hore u se ferekane ha u ntse u tsoela pele ka
teko.
Serapa sa 1:
Lema serapa ka tsela e tloaelehileng e be oa se jala
Serapa sa 2:
Le sona se leme joalo ka sa pele, ebe u tšela likhaba tse kholo tse tletseng tsa
“superphosphate”. E tšele hore e anele serapa kaofela, ebe u oa e phetholella. Jala ka tsela e
tloaelehileng.
Serapa sa 3:
Lema serapa ka tsela e tloaelehileng, ebe u tšela koti-koti/botlolo e lakanang le ea jeme e
tletseng kalaka. Le eona e tšele hore e lekane serapa kaofela, ebe oa e phetholella. Jala ka tsela
e tloaelehileng.
Serapa sa 4:
Lema serapa ka tsela e tloaelehileng, ebe u tšela likhaba tse peli tse kholo tse tletseng tsa
“superphoshate” le lekoti-koti le le leng le leholo la kalaka. Li tšele hore li anele serapa ebe oa
li phetholella. Jala ka tsela e tloaelehileng. Sena ke setšoantšo se bontšang hore na teko/
patlisiso ea hau e tšoanela ho shebahala joang.
Joale u tšoanela ho lula u
ntse u lekola teko/patlisiso
ea hau. Beke engoe le e ngoe
u shebe le ho ngola fatše
hore na ke lik’habeche life
tse ntle hofeta tse ling. Hape
u shebe hore na li hola
joang, ‘mala oa tsona (hore
na litala kapa li tsehlanyana)
le bophelo ba tsona ka kakaretso (hore na li shebahala li phetse kapa li na le mafu). Mohlala
oa ho ngola liphetho tsa hau ke o latelang. U ka etsa melana (table) e be kahare ho eona u
ngoala liphetho tsa hau, ho tloha bekeng ea boraro.
Tse sa
kenang
tekong
1
Phosphate
2
Kalaka
3
Kalaka le
Phosphate
4
Lirapa tse tekong/
patlisisong
Serapa se lengoeng kh’abeche e le mohlala
Ha re khutleleng morao sehlohong se sa tsoa feta se neng se bua ka liteko tse e tsoang ke
sehoai. U ka sebelisa moralo o tšoanang ho bona hore na teko ea kalaka le phosphorous li tla u
thusa joang ho ntlafatsa mobu oa hau.
Serapa 1 Serapa 2 Serapa 3 Serapa 4
Se seng tekong Phosphate Kalaka Kalaka le
Phosphate
Beke 1Kh’abeche e Kh’abeche e Kh’abeche e Kh’abeche e
shebahala hantle shebahala hantle shebahala hantle shebahala hantle
Beke 2Kh’abeche e ntse Kh’abeche e ntse e K’habeche e ntse e K’habeche entse e
e hola feela e se e hola, haena bosehla,hola hantle. Hape hola hantle hape
ena le bosehlanyana.hapehaena mafu.haena mafu.haena mafu, e se
Empa ha ena mafu.ebile e le tala bo
lefifi.
Beke 3
Beke 4
Beke 5
Beke 6
Beke 7
Beke 8
Beke 9
Beke 10
Beke 11
Beke 12
Liphetho tsa
ho qetela.
Kholo:
‘mala:
Bophelo:
Nomoro ea li
kh’abeche tse
shebahalang
hantle
leqephe 56 NTLAFATSO EA MOBU
Le ha ho le joalo, kahara bukana ena ho na le mekhoa e mengata e khothaletsoang ho
ntlafatsa mobu oa hau. U ka etsa teko ka mokhoa ofe kapa ofe ho bona hore na lijalo tsa hau
li tla atleha na ha u e sebelisa.
1. U ka etsa hlahlobo ea ho bona hore na mobu o u nang le oona ke oa mofuta ofe, ebe u
tšela mosuela.
2. U ka eketsa monontša o bitsoang nitrogen ka ho tšela moiteli.
3. U ka eketsa nitrogen ka ho lema lijalo tse behang ka mekotlana.
4. U ka eketsa phosphorous (Ha u e reka e bitsoa superphosphorous).
5. U ka eketsa monontša o bitsoang potassium ka ho tšela moiteli oa likhoho.
6. U ka eketsa potassium ka ho tšela molora o mocha oa patsi.
7. U ka eketsa kalaka, hore e felise bolila ba mobu.
MORALO O KA SEBELISOANG TEKONG TSA MEROHO E FOKOLANG KA PALO
1. Bothata ke bofe? Kh’abeche ha e hole hantle, le ha e ts’etsoe
mosuela kapa monontša.
2. Bothata boo bo fengoa joang? Ka ho tsela kalaka le phosphorous ho bona
hore na ho tlaba le phapang.
3. Hobaneng ha ke sebelisa mokhoa oo? Mohlomong mobu oa ka o hloka ho tseloa
phosphorus, kalaka kapa bobeli ba tsona.
4. Mokhoa oo o lekoa joang? Ka ho tsela kalaka polotong e ngoe,
phosphorous ho e ngoe, ho ea boraro li tsela
li le peli. Siea poloto e ngoe ea bone (4) e sa
ts’eloa e tseloe letho e le ho bona hore na
ehlile kalaka le phosphorous li etsa phethoho
li kh’abecheng.
5.Likarabo li fumana joang ? Ho shebiloe eng? Ka ho sheba mahaba a kh’abeche ho bona
hore e fela a le matala joalo kaha a tsoanela.
Ke tla sheba hape hore na lik’habeche li feela
li phetse hantle li sena mafu.
6.Mokhoa o mong oa ho fumana likarabo ke Ke ho metha ho hola ha likh’abeche ho
ofe? sebelisoa khoele.
7.Ho sebelisoa eng ho bona hore na likarabo Likh’abeche tse holang hantle haholo, li le
li nepahetse? tala, li sena bosehla bo bongata, ebile li
shebahala li phetse hantle ho feta tseling, e
tlaba tsona tse ntle li feta.
8.Ho ka bapisoa joang teko ele mokhoa o Ho tla tsebahala hore polotong eo ke
sebelisoang ts’ebetsong ea Bohoai? fumanoeng liphetho tse ntle tse khotso
fatsang, sehoai lokela ho sebelisa ntho eno
mobung. Mohlala, sebelisa kalaka le
phosphorous ‘moho, ke tla lokela ke ho li tsela
mobung/ lipolotong tsohle tsa ka.
NTLAFATSO EA MOBU leqephe 57
8. U ka eketsa moiteli.
9. U ka eketsa mosuela.
10. U ka eketsa mokeli-keli oa comfrey kapa oa liphoofolo.
11. U ka koahela (Mulch) mobu u sebelisa makhasi a lijalo tse behang ka mekotlana.
Bakeng sa e ngoe le e ngoe ea likhothaletso tse ka holimo, u ka etsa teko ho bona hore
na ke efe etla sebetsa ho feta tse ling. Hopola ho ngola liphetho tsa liteko tsohle tseo u
li etsang, e le hore u tle u ikhopotse lilemong tse tlang ha ho hlokeha. Ha u bolokile
kapa u ngotse liphetho tsa hau, u tla tseba hore u li arolelane le baahisane hammoho le
motse kaofela le hore le bona ba tle ba arolelane tsa bona le uena.
leqephe 58 NTLAFATSO EA MOBU
HO AHA SERAPA leqephe 59
HO AHASERAPA
Ke ntho ea bohlokoa hore u be le liratsoana ka har’a serapa hau. U ka lula u ntse u ntlafatsa
mobu oa liratsoana ka ho tšela liputisuoa, mosuela le moiteli. U ka qoba hore mobu oa
liratsoana tsa hau o se ke oa ba thata ka ho se tsamae holim’a tsona. Ho ba le liratsoana ho
boetse ho etsa hore mokhoa oa tlhatlhamiso ea lijalo selemo le selemo o be bonolo.
LIPOLOTO LI ETSOA HO KAE?
Haeba
sebaka sele
motheong, se ke oa shebisa
liratsoana tsa hau tlase, empa li
tšekalle. Ka tsela ena , liforo li tla
tšoara metsi a phallang nakong ea lipula.
Leka ho shebisa seratsoana sa hau moo
letsatsi le hlahang teng, eleng hanyenyane
ka bochabela le hanyenyane ka
bophirima. Ka tsela ena, letsatsi le tla
tseba ho fihlela lijalo kaofela, empa
ka tsela eo le sa tlo chesa
mobu le o omeletse.
Siea
sebaka lipakeng
tsa kh’ona ea serapa
le tsela e haufinyane moo
teng u ka lemang lifate tsa
lekhoakhoa ho ho pota lelapa.
Lekhoakhoa lena le tla thusa le
ho tebela likokonyana, haholo
haeba o sebelisitse lifate tse
nang le monko o
bohale.
leqephe 60 HO AHA SERAPA
HO AHALIRATSOANA
Liratsoana tse ts’esane tse telele ke tsona tse lokileng hobane u ka atleha ho fihlela bohareng
ba tsona u eme ka mahlakoreng. Hangata liratsoana tse joalo li ba bolelele le bophara ba
mithara e le ‘ngoe (kharafu e le ‘ngoe ka mahlakore ohle). Empa le ha hole joalo, u ka etsa
bolelele bo ratoang ke uena.
HO AHA SERAPATEMONG EA MACHOBANE
Ena ke temo e ileng e qaloa ke Ntate J.J. Machobane. O ne a e sebelisa lijalong tsa masimong
empa e ka sebelisoa seratsoaneng sa meroho. Temong ena ho lengoa mefuta e fapakaneng ea
lijalo tšimong e le ‘ngoe selemo se seng le se seng. Haeba u lema lijalo li le ling tšimong e le
‘ngoe selemo le selemo, matsoai a mobu a tla fela kapele. Ho lema lijalo tse sa tšoaneng, ho
sebelisa mefuta e fapakaneng ea matsoai, ‘me ka hona mobu o tla lula o ntse o phetse nako e
telele.
1. Qala ka ho cheka mobu u sebelisa kharafu kapa “feroko”. Serapa ekaba bophara ba bolelele
ba kharafu le bolelele bo ratoang ke uena.
2. Arohanya mela bophara ba linoko tse 30 (bolelele ba hlooho ea kharafu). Hona ho bolela
hore poloto e kaba le mela e meraro e melelele kapa e mengata feela e mekhutsoanyane.
Haeba seratsoana sa hau se le motheong, nahana hore na ke tsela efe eo lijalo li tlang ho
fumana metsi a pula ha a theoha ka sekhohola. U tšoanela ho sebelisa metsi ana kaofela.
3. Pele ho jaloa, kopanya molora oa patsi le moiteli ka likaroloana tse lekanang.
4. Jala peo ebe e koaheloa hanyenyane ka mobu. Tšela motsoako oa molora le moiteli, ebe u
boela u tšela mobu hape ka holimo.
5. Ha u jala, mola o mong o kanna oa eba mefuta e fapakaneng ea lijalo, kapa mofuta o le
mong. Feela mola o mong le o mong o lengoe lijalo tse sa tšoaneng. Mohlala, u kanna oa
ba le mola oa kh’abeche, o mong ea ba lihoete, oa ho qetela ea ba sepaile. Selemong se
hlahlamang, jala sejalo se fapakaneng le seo u neng u se jetse meleng kaofela.
MOHLALA OA TEMO EA
MACHOBANE, MOO
MEFUTA E SATS’OANENG
EA LIJALO E LENGOENG
MELENG E FAPAKANENG
LIEREKISI
KH’ABECHE
KH’ABECHE
HANYANESE
SEPAILE
LIHOETE
Etsa: Door Size Gardening;
The Valley Trust
HO AHA SERAPA leqephe 61
LIFORO TSE SEPHARA
Ho cheka foro ke tsela e ntle ea ho ntlafatsa mobu oa hau kaha e tšoara metsi le lijo tsa sejalo
haholo. U ka cheka liforo ka tsela tse fapakaneng. Mona re tla shebisana mekhoa e mene e
leng: foro e sa tebang (shallow trenches), ho cheka foro u beha mobu ka thoko u boetse u
cheka hape (double digging), foro e tebileng (deep/fertility trenches) le seratsoana se
futhumetseng (hot bed).
LIFORO TSE SEPHARA TSE SA TEBANG
1. Cheka foro e botebo bo lekanang le hlooho ea kharafu (30cm). Bokelletsa mobu nga e le
‘ngoe, tlosa majoe, methapo kapa joang le tse ling tse kabang teng mobung moo. Foro e
kaba bophara ba bolelele ba kharafu, bolelele bona e kaba bo ratoang ke mong’a teng.
2. Khaola makala ebe oa ala ka har’a foro. A hate ka maoto hore
a robehe haholo hore u tle u tsele a mangata kamoo o ka
atlehang, hore a be a etse linoko tse hlano. U ka tšela makoti-
koti a mane (E SENG HO FETA) e le mokhoa oa ho eketsa
letsoai le bitsoang ts'epe. Ka mor’a ketso ena, makala a tle be
a le linoko tse hlano, e leng bophara ba menoana e meraro.
Tšella haholo.
3. Kopanya hape le makhasi kapa joang bo etsang linoko tse
hlano. Li hatelle ka maoto, ebe oa li tšella hape.
4. Tšela mosuela o ka etsang botebo ba linoko tse 10-20 (10-20
cm). Hona ho lekana le bophara ba seatla. Se ke ua li hatella.
5. Koahela ka mobu o ntsitsoeng ka sekoting sona sena. Etsa
bonnete ba hore seratsoana se lekane hantle ka holimo ha u se u qetile, ebe u koahela ka
joang.
6. Joale poloto e se e lokile hore eka jaloa.
MOSUELA
MAKHASI KAPA
JOANG
MAKALA
5 cm
30 cm
3-4 cm
15-20 cm
leqephe 62 HO AHA SERAPA
7. TŠELLA SERATSOANA HAHOLO pele se jaloa ele hore metsi a tle a monyele tlaase ho
sona. Ha se tšelloa ka holimo feela, lintho tsena tse u ahileng seratsoana ka tsona, li
ke ke tsa puta hore li tle li etse mosuela.
Mokhoa o mong oa ho cheka foro e sephara
U ka sebelisa mokhoa ona haeba u hloka mosuela kapa moo u phela teng ho majoe.
Ala makala kahar’a foro ebe u boetse u tšela makoti-koti a mane feela. Ka moroa ho moo,
tlatsa sekoti ka tsela e latelang: joang- mobu- mosuela-molora oa patsi-mobu-lithole-mobu-
masalla a lijo le tsohle tse sa sebelisoang ka ntlong ea ho phehela-mobu.
Morumo o mong le o mong o ka ba botebo ba linoko tse hlano. Pheta-pheta tsena ho fihlela
sekoti se batla se tlala. Setlatseletse ka mobu oo u ileng oa ntšoa sekoting sona sena. Koahela
ka joang, ebe u tšella haholo pele u jala.
Foro e sa tebang e bohlokoa ho batho ba sa atleheng ho cheka haholo, joalo ka batho ba seng ba
holile, ba kulang le bana. Bothata ke hore, u jala meroho ea hau hang kamorao ho etsa seratsoana
sena le pele liputisuoa li loka. Hona ho bolela hore matsoai ohle a tsoang ho liputisuoa tsena a tlaba a
so loke hore a ka sebelisoa ke lijalo tsa hau selemong sa pele. Hape ho ka hlokahala hore u boele u
phete seratsoana sena sa hau kamor’a lilemo tse tharo, hobane matsoai kaofela a tla be a sebelisitsoe
ke lijalo.
MOBU O KA HOLIMO
MOKOTI O
BOTEBO BA
30 cm
LITHOLE
MOBU
MOLORA OA PATSI
MOBU
MOITELI
MOBU
LITHUPA,
MAKALA LE MAKOTI-
KOTI
MOBU O KA FATŠE
MOKHOA O MONG OA HO CHEKA SEKOTI KAPA FORO E SA TEBANG
MOITELI
MOBU
HO AHA SERAPA leqephe 63
MOKHOA OA TEMO KA CHEKA-CHEKA
Cheka-cheka ke mokhoa o
mong oa ho ntlafatsa mobu.
1. Etsa seratsoana sa hau
bophara bo lekanang le
bolelele ba kharafu e le
‘ngoe. Ha bolelele bona e
ba khetho ea hau. Arola
bolelele ba seratsoana
likaroloana tse lekanang
tse ka etsang linoko tse 50
(50 cm), e leng halofo ea
bolelele ba kharafu.
2. Cheka karoloana ea mobu e
kaholimo ebe u e bokella ‘moho
ka thoko.
3. Phetola ka kharafu karolo ea mobu e
hlahileng ha u tlosa e kaholimo.
Tšela halofo ea kiribae ea mosuela
kapa ea moiteli, ebe ua li phetolella.
4. Fetela karoloaneng ea bobeli.
Cheka mobu o ka holimo joalo ka
lekhetlo la pele, ebe o tšeloa
karoloaneng ea pele moo u
kopantseng mosuela kapa moiteli
teng. E be u boetse u phetola mobu
o setseng ka karoloaneng ea bobeli.
Le ona, u kopanye le moiteli kapa
mosuela joalok’a karolong ea pele.
leqephe 64 HO AHA SERAPA
5. Fetela karolong ea boraro. Phetha mokhoa ona o boletsoeng ka holimo ho fihlela karolong
ea ho qetela.
6. Ha u qetella, sebelisa
mobu oo u o bokelletseng
ka thoko ho tloha
karoloaneng ea pele ebe
u o tšela holim’a mosuela
kapa moiteli o
karoloaneng ea ho qetela.
7. Hasa mosuela kapa
moiteli ho phatlalla le
seratsoana sa hau ebe ua
o phetolella u sa tebe. Ka
tsela ena, seratsoana sa
hau se tla be se le
bophahamo bo lekaneng.
8. Joale seratsoana se lokile hore u ka jala.
9. Koahela seratsoana kaofela ka joang.
10. Etsa bonnete ba hore u tšella seratsoana
HAHOLO pele u jala hore seratsoana sohle
sebe se le mongobo e seng ka holimo feela.
TEMO EA LIFORO
Temo ea liforo ekaba mosebetsi o mongata empa e
chai e holimo.
1. Etsa seratsoana sa bophara bo lekanang le bolelele ba kharafu e le ‘ngoe, ha bolelele bona
e le khetho ea hau.
2. Tlosa mobu o kaholimo botebo bo ka etsang linoko tse 30 (30 cm) e leng bolelele ba hloho
ea kharafu. Beha mobu ona pela lehlakore le le lelele la seratsoana.
3. Joale, cheka mobu o setseng botebo ba linoko tse 30 (30 cm) hape, ebe le oona u beha ka
thoko.
MOBU O KA HOLIMO
MOBU O
KA FATŠE
OKA TŠELOA TSELENG
KAPA LIPAKENG TSA
LIFATE TSA
LITHOLOANA MOBU O KA HOLIMO
1 m
30 cm
30 cm
Sebelisa
mokhoa ona
haeba mobu oa hau o le
thata haholo kapa u le
letsopa. O boetse o motle
haeba u na le moiteli kapa
mosuela, empa u hloka liputisuoa
tse ling. Leha ho le joalo mokhoa
ona ha o khothaletsoe
mobung o
lehlabathe.
HO AHA SERAPA leqephe 65
4. Tšela lintho tse ka putang joaloka makalana, makhasi, joang, moiteli, litlhaka tsa poone,
mahaba a kh’abeche, lithole le lintho tse tsoang ka lapeng ka forong. Ha ho hlokahale hore
e be tse seng li putile, empa etsa bonnete ba hore u na le motsoako o motle oa lintho tse
fapakaneng joalo ka lithupa, joang, makhasi, lintho tse tsoang ka moo ho pheheloang le
moiteli. Ha u tšela liputisuoa tse ngata seratsoaneng sa hau, u tla chaha haholo nako e
telele. Haeba u sebelisa lithupa, makoti-koti le likoranta feela, mobu oa liratsoana tsa hau
o keke oa nona. U se ke ua sebelisa likhalase kapa
lipolasitiki.
5. Etsa bonnete ba hore o hatella liputisuoa
tsena ka maoto ho fihlela li kopana hantle.
6. Khutlisetsa mobu o neng o le ka holimo,
u tšele holim’a liputisuoa tsena. Tšela
moiteli kapa mosuela ebe u lemella
hanyane ka fereko. Haeba u sena
mosuela o lekaneng, u kanna ua jala
peo kapa sethopo sa hau ka moiteli.
7. Seratsoana sa hau joale se lokile hore
u ka jala.
8. Koahela seratsoana sa hau ka joang.
9. Mobu o neng o tsoa ka tlase, o ka tšeloa
tseleng kapa ho pota-pota lifate tsa
litholoana.
SERATSOANA SE FUTHUMETSENG
Tsena ke liratsoana tse ahiloeng ka ho se fate foro e tebileng.
Tlaase ho seratsoana sena ho tšeloa liputisuoa tse kang
lithutsoana, le joang. Kamorao ho moo, tšela moiteli oa
likhomo o ntseng o le mocha o ka etsang linoko tse 20 (20cm)
(bophara ba seatla). Koahela moiteli ona ka mobu o la oo u
ileng oa u ntša pele. Jala lijalo tsa hau ka moiteli kapa
mosuela. Etsa bonnete ba hore u tšella seratsoana haholo ele
hore metsi a be a ngobetse hohle. Koahela ka joang, empa ha u
sena bona, sebelisa pampiri kapa polasitiki.
Mofuta
ona oa liratsoana o
motle haholo haeba mobu oa
hau o le lehlabathe, ‘me o lahla
matsoai ka pele. Le ha ho le joalo, ho
etsa seratsoana sena ke mosebetsi o
mongata, ebile u lokela ho ba le liputisuoa tse
boletsoeng mona le mosuela. Empa ha u se u
e entse, e tla u qhoba lilemo tse hlano, ‘me
nakong eo u jalang u tšoanela ho kopanya
seatla se tletseng sa mosuela lijalong tsa hau.
Hape, seratsoana sa mofuta oona se
boloka mongobo haholo ho feta
liratsoana tseo re seng re buile
ka tsona ha joale.
Liratsoana
tsena tsa mofuta
ona li lokile haholo
haeba u jala nakong ea
mariha sebakeng se
batang haholo. Sethopo
sa hau se tla thabela
mofuthu.
MOBU O KA
HOLIMO
LIPUTISUOA
MOBU O KA HOLIMO
50 cm
1 m
leqephe 66 HO AHA SERAPA
Ha moiteli o sa be mongobo ha o no ho puta, e leng ketso e hlahisang mocheso oo e leng ona o
tla futhumetsa seratsoana. Hona ho tla nyopisa morero le sepheo sa ho etsa mofuta ona oa
seratsoana. Haeba u latetse mokhoa o nepahetseng u ka lebella ha seratsoana sa hau se
futhumala.
LIRATSOANA TSA SEBOPEHO SA LESOBA LA SENOTLOLO
LIRATSOANA TSA SEBOPEHO SA LESOBA LA SENOTLOLO SE
CHEKETSOENG FATŠE
Liratsoana tsena ke tse
bopehileng joalo ka lesoba la
senotlolo kapa tlhako ea pere.
Li nepahetse haholo haeba u lula
sebakeng se ommeng haholo kapa
eba liratsoana tsa hau li
mothipolohong. Liratsoana li
etsoa ka tsela ea hore lesoba le
shebe holimo. Hona ho thusa ho
khaoletsa metsi a fetang moo. U
kanna ua haha liratsoana tsena
tlaase ho pompo (haeba u ena le
eona), e le hore metsi a ntseng a
tsoa moo pompong a ‘ne a
phallele seratsoaneng ea hau.
Hona ke tsela engoe ea ho tšella.
1. Etsa selikalikoe (circle) sa
bophara ba kharafu tse peli le
halofo (2.5 m), ebe u lema
kahare ho sona u sebelisa
fereko kapa peke.
2. Bohareng ba sona selikalikoe
sena, cheka mokoti o botebo
le bophara ba lihloho tse peli
tsa kharafu (60 cm wide &
60 cm deep). Joale etsa tsela e
eang sekoting seo u qetang
ho se etsa. Tsela ena e lokela
ho sheba motheo oa sebaka
seo seratsoana se leng ho
sona. U ka e etsa e be botebo
ba saetla (10-20 cm).
3. Ala mobu oo u qetang ho u
cheka hantle ka har’a sekoti.
Kopanya moiteli kapa
mosuela e be u li phetolella
ka fereko (digging fork).
SERATSOANA SE
BOPEHILENG
JOALO KA LESOBA
LA SENOTLOLO U
SE HLAHILE KA
LEHLAKORENG
SERATSOANA SE BOPEHILENG JOALO KA LESOBA
LA SENOTLOLO HA U SE SHEBILE U LE MOO U SE
PHAHAMETSENG
Etsa: Pitbeds For Home Production; The Valley Trust
LIPUTISUOA
JOANG BO
TSIRELELITSENG
MOBU
SERATSOANA
SE
BOPEHILENG
JOALO KA
LEBILI BAKENG
SA HO
HLAHISA
MOROHO
SEKOTI SE
NANG LE
LIPUTISUOA
JOANG BO
TSIRELELITSENG
MOBU
LIPALO TSEO
LINAOA LI
ITSOARELLETSANG
HO TSONA
FATŠE
HOLIMO TSELA
HO AHA SERAPA leqephe 67
4. Tšela liputisuoa tse latelang ka sekoting: joang, lintho tse tsoang ka kichining, makhasi,
moiteli le molora oa patsi. U tla be u ena le ntho e tšoanang le totoma ea mosuela.
5. Koahela sekoti le seratsoana ka kakaretso ka joang bo bongata.
6. Tšela metsi holim’a seratsoana, le ha ele a tsoang ka kichining a lokile. U kanna oa
khelosa metsi a tsoang marulelong, ‘mileng kapa a theohang selomong hore a fihlele
seratsoaneng. Metsi a thusa ho boloka mobu o pota-potileng seratsoana se le mongobo.
Hape a thusa ho putisa makhasi, joang le tse ling.
7. Hang ha liputisuoa li se li lokile, u ka licheka ebe u lisebelisa bakeng sa ho jala.
8. Sebaka sa ho jala se ka eketsoa ka ho aha setlamo (frame) ka lipalo ka holim’a sekoti, se
tla boetse se thusa ho sireletsa totoma ea mosuela. Lijalo tseo e reng ha li hola ebe lia
itšoarelletsa, joalo ka linaoa, mokopu le ‘cucumber’, li tla be se li itšoarelletsa hona
lipalong moo.
SERATSOANA SE BOPEHILENG JOALO KA LESOBA LA
SENOTLOLO FEELA E LE SE PHAHAMENG
Melemo
e meng ke ena:
• Ho bonolo ho se sebetsa, ha
se hloke ho lengoa ka thata.
• Ho bonolo ho se tšireletsa serameng le
meeng e matla ka ho se koahela ka polasitiki e
be u tšehetsa ka thupa.
• Serapa se ka tseba ho fana ka meroho selemo
ho pota ka tlasa maemo a fe kapa afe.
• Metsi a neng a hlatsoa lijana, liphahlo le a
neng hlapuoa ka oona, a ka sebelisoa
ho noesetsa.
• Seka ahoa ho lima letlapa kapa
letsopa le thata.
Khetho ea sebaka
Batla sebaka se chabeloang ke letsatsi, haufinyanna le monyako oa ntlo, letlapeng, mobung o
thata kapa ho lima letsopa le thata.
Tse hlokahalang
• Mobu.
Majoe, moiteli, molora ntle le oa mashala, makhasi a omeletseng, lehlaka.
• Lithupa, letanta, mohlomo kapa lehlaka.
leqephe 68 HO AHA SERAPA
Mokhoa oa ho aha serapa
1. Moo e tlang hoba bohare ba serapa sa
hau, etsa basekete ka lithupa, eona e
be boholo ba linoko tse 40 (40 cm)
mahlakore oohle, le bo phahamo ba
mithara le halofo (1.5 m).
2. Qala pele ka ho tlatsa basekete ena ka lintho
tse tla etsa mosuela joalo ka molora oa patsi,
joang le moiteli.
3. Ho tloha moo basekete e leng teng, metha bolelele ba letsoho ho pota-pota. Mona ke moo
lerako le tlo qala teng. Le tšoanela ho ba boholo ba mithara le halofo ho isa ho tse peli.
(1.5-2 m). Boholo bona bo methoa ho tloha lehlakoreng le leng la seratsoana ho ea ho le
leng. Etsa lerako la bolelele ba mithara e le ngoe le nang le tsela e eang baseketeng. Tsela
ena e tlameha ho buleha linoko tse 60 (60 cm).
4. Aha u ntse u pota pota joalo hape u ntse u
tšela mobu le moiteli, mobu le molora oa
patsi, mobu le matlakala joalo joalo ho fihlela
u qeta. Aha seratsoana sena ka tsela eo mobu
o tla fihla ho basekete o tšekaletse. U se ke oa
o etsa sephara.
SETŠOANTŠONG SENA RE BONA HORE
LESOBA LA SERAPA LE A BONAHALA, HA
MMOHO LE BASEKETE E ENTSOENG KA
LITHUPA EABA E TŠELOAJOANG.
MONA HAPE KE MOHLALA O MONG MOO
BASEKETE E ENTSOENG KA MOKOTLANA OA
LIJO TSA LIPHOOFOLO.
KA LETSOHONG LE LETŠEHALI KE
LITŠOANTŠO TSE PELI TSE BONTŠANG
HORE NA SERATSOANA SENA SE TLA
SHEBAHALA JOANG KA HOLIMO LE KA
LEHLAKORENG
Ha u sheba seratsoana sena ka
holimo, se shebahala joalo ka
lesoba la senotlolo.
A the ha u se sheba ka
lehlakoreng e kare ntlo.
HO AHA SERAPA leqephe 69
5. Koahela fatše ka makhasi le joang bo
omeletseng bo bongata. Lula u
koahetse tjena ka mehla. Koahela
hape moiteli o ka baseketeng ka
joang.
Serapa se bopehileng joalo ka
lesoba la senotlolo ke se sebelisa
joang?
Tlhatlhamiso ea lijalo
Ke khakanyo e ntle hore u leme mefuta e
fapakaneng ea lijalo libakeng tse sa
tšoaneng selemo le selemo. Arola serapa
sa hau likaroloana tse ‘ne.
1. Karoloana ea pele ke ea lijalo tse
mahaba (Ntle le sepinichi).
2. Ea bobeli ke ea lijalo tse etsang likotoloana le sepinichi.
3. Ea boraro ke ea lijalo tse kang lierekisi, haholo mariha. Ho ka lengoa hape litapole, “egg
plant”, tamati, pepere, le chilisi nakong ea Lehlabula. Lijalo tsena li hloka molora o
mongata oa patsi hore li atlehe.
4. Karoloana ea ho qetela e lemelloa le kalaka ea boima ba 2 kg, e koaheloe ka moiteli le
joang bo bongata. Karoloana ena ha e jaloe letho selemo kaofela e ntano lemelloa le
moiteli. Ka morao ho moo, ho ka jaloa lijalo tse mahaba.
Nako eohle ha u jala, sebelisa
karoloana e fapakaneng le eo u
neng u e sebelisitse nakong e
fetileng.
Jala hanyanese ho pota pota lijalo
tsa hau.
Jala litlama tse monko o bohale
joalo ka “chives”, “nastrutiums”,
le “marigolds” qetellong ea serapa
sa hau.
SETŠOANTŠO SENA SE BONTŠA SERATSOANA SE
BOPEHILENG JOALO KA LESOBA LA SENOTLOLO
SE AHILOENG HOLIMA LETSOPA LE THATA.
SETŠOANTŠO SENA SE BONTŠA
KA MOO LIJALO LI KA
HLAHLAMISOANG KATENG
leqephe 70 HO AHA SERAPA
Ho jala
Nakong eo u jalang, tlosa joang boo u tširelelitseng mobu ka bona (mulch). Etsa mola e be u
oa jala. Koahela ka mobu e be u phaphatha hanyenyane. Hang ha u bona peo e mela, fokotsa
joang e le hore lijalo tseo li tle li chabeloe ke letsatsi. Se ke oa tlosa joang kaofela e le hore
mobu oa hau o seke oa omella.
Mokhoa oa ho noesetsa serapa sena
1. Metsi a neng a sebelisoa ka tlung a ka tšeloa ka baseketeng ena e bohareng ba serapa. U
ka tšela metsi ana ka tlasa joang bo ka baseketeng. Ho tloha moo, metsi a tla phalla ho
anela serapa sohle.
2. Lekhetlo le
hlahlamang, tšella
ho lima lijalo. Tlosa
joang e be u tšella
moleng, ha u qeta
busetsa joang boo.
3. Haeba u na le nkho
kapa teramo eo u sa
e sebeliseng, e behe
ka serapeng e le
hore u tle u tšele
metsi ka ho eona,
ka tsela ena u tla
tseba hore u
noesetse e sa le ka
meso kapa
mantsiboea, e seng
hara mocheso oa
letsatsi.
Malebela a mang hape
Mosuela o etsoang ka sekoting
Mosuela oona ke o e tsetsoang ka hara sekoti, e seng ka holimo joalo ka ho e nne ho etsoe. Ka
tsela ena, re boloka mongobo le mosuela ka bo oona o lula o le mongobo nakoana. Mokhoa
ona o boetse o boloka lisebelisoa tse hlokahalang ho koahela mosuela o entsoeng totoma.
Mekoti ena e chekoa bophara le bolelele ba mithara e le ngoe le botebo ba mithara e le ngoe.
Tšela moiteli, molora oa patsi le litlam-tlama. Mahareng a sekoti, sunya thupa e be u koahela
sekoti ka mokotlana oa khale oa lijo tsa liphoofolo kapa joang. Mosebetsi oa thupa ena ke ho
thusa hore moea o nne o tsamaee hantle ka sekoting.
MONA RE BONA KA MOO SERATSOANA SENA SE TŠEKALETSENG
KATENG,TŠEBELISO EA SE TŠIRELETSA MOBU HAMMOHO LE
MONGA SERAPA A SE TŠELLA KA NKHO
HO AHA SERAPA leqephe 71
Ho jala ka mekoting
Peo ea lijo thollo (tse kang poone, mabele, koro joalo-joalo) e
jaloa ka hara mekotjana masimong. Cheka mokoti oa botebo ba
linoko tse 15 hoisa 20 (15-20 cm), le bo phara ba linoko tse 25
(25 cm). Cheka mekoti ena ho tlala tšimo u ntse u e arola
linoko tse 80 (80 cm) likapeng. Sekoting se seng le se seng
tšela moiteli, molora oa patsi le mosuela kapa matlakala. Ha
pula li fihla, jala lipeo tse ‘ne (4) mokoting ka ngoe.
(Etsoa Footsteps, No. 41 Dec 1999)
Methipoloho/ Liratsoana tseo mobu oa tsona
o tširelelitsoeng ka majoe
Li thusa haholo ha eba u na le mobu o hoholehang ha
bobebe kapa ha u batla ho phahamisa seratsoana sa
hau. Li boetse li boloka mongobo ka ha majoe ana a
tširelelitse mobu qetellong ea seratsoana. Litšoantšo
tse bontšang se sa tsoa hlalosoa ke tsena.
KA HOLIMO: SERATSOANA SENA SE
PHAHAMISITSOE, SATŠIRELETSOA KA
MAJOE HO BOLOKA MONGOBO
KA LETSOHONG LE LETŠEHALI:
LIRATSOANA KAOFELA LI AHILOE
METHIPOLOHONG. KA TSELA ENA, METSI
LE MOBU LI BOLOKEHA HA BONOLO.
H
Litšoantšo tsena tse peli li bontša se hlalositsoeng ka holimo.
leqephe 72
TEMO EA MEROHOleqephe 73
Mona ho shebanoe haholo le nako ea ho lema, mefuta, ho feto-fetola lijalo, ho tsoakanya
mefuta e fapakaneng ea lijalo le ts’ala-ts’alano morao ea eona.
Ho bohlokoa ho lema meroho ka nako e nepahetseng ea selemo. Ha e lengoa ka nako e sa
nepahalang ha ena ho beha ho latela tebello. E meng ea meroho e ts’aba serame ha e meng e
ts’aba mocheso. Bolelele kapa bokhuts’oanyane ba letsatsi bo ka ama kholo ea sejalo.
LIHLOPHA TSAMEROHO
Mekhoa e mengata ea ho beha meroho ka lihlopha. ’Mona e hlophiloe ho latela sebopeho le
boits’oaro ka tsela e latelang:
• Meroho e jeoang mahaba; • Mefuta ea lik’habeche;
• Tse khutlisetsang matsoai mobung; • Tse behang ka mobung;
• Tse behang litholoana; • Mekopu le Mahapu.
TEMO EA MEROHO
leqephe 74 TEMO EA MEROHO
Sepinichi
Ha se bolaoe ke serame, empa se hola butle ha ho bata
haholo kapa ha se hole hohang, ’me se ea thunya ha ho
futhumala. Hona ho bolela hore sepinichi se ka lengoa
selemo ho pota empa haholo se thabela ha ho pholile.
Nako ea ho jala: Maqalong a Loetse ho isa bohareng ba
Pulungoana kapa maqalong a Pherekhong ho isa mafelong
a Tlhakubele.
Peo e hlokahalang: Sebelisa likilokharama tse supileng ho isa ho tse leshome hecthareng
(7-10 kg/ha).
Mokhoa oa ho jala: Linoko tse mashome a mane a metso e mehlano lipakeng tsa mela
(45 cm)
Linoko tse hlano (5 cm) lipakeng tsa lijalo
Botebo ba peo ebe linoko tse peli (2 cm)
Mafu: Likhoeling tsa mocheso se ba le matheba a masootho mahabeng (leaf spot). Lefu lena
le ka thibeloa ho ata ka ho tlosa mahaba a joalo e be a feptjoa liphoofolo kapa a chesoe. Se
a sebelise ho etsa mosuoela ka ona kaha a tla ts’oaetsa lijalo tse ling.
Mokhoa oa ho kotula: Khaola makhasi a ka thoko ka thipa linoko tse nne ho tloha fat’se
kapa bophara ba menoana e ’meli. Ts’ela mosuoela ho pota-pota sejalo libeke tse peli ho isa
tse tharo, moroho o ka kotuloa likhoeli tse tharo ho isa ho tse nne.
Selae
Ke moroho o tloaelehileng. Mahaba a teng a ka jeoa a sa phehoa. Ke
moroho o thabelang maemo a pholileng.
Nako ea ho jala: Eka lengoa selemo sohle empa ho khothaletsoa ho
tloha ka Phato ho isa mafelong a ‘Mesa.
Mokhoa oa ho jala: E etsoa sethopo ebe e hlongoa ha e le makhasi a
mararo ho isa ho a mahlano.
Arola mela ka linoko tse mashome a mane le metso e mehlano, le
linoko tse mashome a mararo pakeng tsa lijalo ka botebo ba linoko tse
peli.
Peo e hlokahalang: Likharama tse makholo a mahlano hacthareng (500g/ha).
Kotulo: Eka kotuloa khoeli tse peli ho isa ho tse tharo kamor’a ho lengoa.
MEROHO E JEOANG MAHABA
Meroho ena ke e lemeloang ho jeoa mahaba. Hangata meroho ena e hola ka potlako ’me e hloka
ho noesetsoa khafetsa.
TEMO EA MEROHOleqephe 75
Kh’abeche
Ona ke moroho o tloaelehileng haholo Lesotho mona kaha o mela
hohle kahar’a naha. Ke moroho o its’oarang hantle maemong a
pholileng le mongobo o mongata, ’me e ka lengoa selemo ho pota le
hoja e khathatsoa ke likokoanyana haholo Lehlabula, tse ka
qetellang li bakile mafu a mang a itseng. Ela linthla tse latelang
hloko:
Kh’abeche e hloka mobu o mosuoela o mongata ka ha e ja haholo
ho tsoa mobung.
Lijalo tse nyenyane li hloka tsireletso khahlanong le maemo a
leholimo.
E hloka ho feto-fetoloa khafetsa le lijalo tse ling khahlanong le mafu a ka fumanehang
mobung.
E hloka ho noesetsoa haholo.
E etsoa sethopo pele e ka hlongoa, ‘me e hlongoa ha ena le makhasi a mararo ho isa ho
a mahlano.
Nako ea ho jala: E ka jaloa selemo ho pota leha boleng ba eona le chai li se ntle haholo
Lehlabula, peo ea eona e mela hantle ha mobu o fothumetse ‘me ebile e hola ka potlako.
Kh’abeche e ka hlongoa ka Phato ho isa maqalong a ’Mesa ka lithabeng, ha mabalane teng e
qala ho hlongoa ka Pherekhong ho isa Motseanong. Kh’abeche ha e khothaletsoe ho jaloa ka
Mots’eanong, Phuptjane le Phupu moo Mariha a teng a batang haholo joalo ka lithabeng tsa
Lesotho.
Rapa
Moroho o motala o mamellang serame.
Nako ea ho jala: Pherekhong ho isa ’Mesa le ka Phato ho isa
Pulungoana.
Mokhoa oa ho jala: E jaloa joalo ka meroho e meng e jeoang
mahaba. Arola ka linoko tse mashome a mararo lipakeng tsa
mela le tse leshome lipakeng tsa lijalo.
MEFUTA EA LIKH’ABECHE
Mefuta ena e hola hantle mobong o manoni. Meroho ea lelapa lena e jaloa ka sethopo se
hlongoang ha se le makhapetla a mararo hoisa bohlanong. Ke Meroho e mamellang moo ho
pholileng ‘me e hloka ho feptjoa haholo.
leqephe 76 TEMO EA MEROHO
Broccoli
E thabela maemo a pholileng le mongobo e bile ha e tsabe
serame. E hloka ho kotuloa ha hlooho ea eona e tiile. Ha
hlooho e ka khaoloa e hlahisa likutu tse ling mahlakoreng.
Nako ea ho jala: Ka nako e le ngoe le kh’abeche.
Mokhoa oa ho jala: Arola mela ka linoko tse mashome a
mabeli ho isa ho a mahlano, linoko tse mashome a mane a
metso e mehlano ho isa a mashome a ts’eletseng pakeng tsa
lijalo, ka botebo ba senoko le halefo.
Mokhoa oa ho hloma: Arola mela ka linoko tse mashome a mane ho isa ho a supileng
lipakeng tsa lijalo le mashome a ts’eletseng ho isa ho a robong lipakeng tsa mela ka botebo
ba senoko le halefo.
Sethopo se hlokahalang hecthareng ke likete tse mashome a mararo ho isa ho tse mashome
a mane.
Mafu: E khathatsoa haholo ke hoaba le seboko.
Kotulo: E ka kotuloa kamor’a likhoeli tse tharo ho isa ho tse nne e hlonngoe.
Kale
O mamella serame le phoka. Ke moroho o ka kotuloang likhoeli tse
peli kamor’a ho jaloa ‘me o jeoa mahaba.
Nako ea ho jala: E jaloa Phato ho isa ‘Mesa.
Mokhoa oa ho jala: O etsoa sethopo e be o hlongoa joalo ka
k’habeche.
Cauliflower
Sena ke sejalo se jang haholo ho tsoa
mobung joalo ka kh’abeche, ka hona se
hloka mosuoela o mongata. Hantle e
its’oere joalok’a kh’abeche ka ha e oela
lelapeng la likh’abeche le hoja e ts’aba
mocheso o phahameng le serame se
phahameng haholo. E jaloa joalo ka kh’abeche.
Nako ea ho jala: Ka nako e ts’oanang le temo ea kh’abeche.
Mokhoa oa ho hloma: Arola mela ka linoko tse mashome a mane ho isa ho a supileng,
linoko tse mashome a ts’eletseng ho isa a mashome a robong pakeng tsa lijalo, ka botebo ba
senoko le halefo.
Mohloli
oa lifithamin
A le C, ts’epe l
eletsoai le hahang
masapo
(calcium)
TEMO EA MEROHOleqephe 77
Kh’abeche ea Machaena
Moroho ona e kare ke motsoako oa kh’abeche le sepinichi, le ha
feela ona o na le hloho e mokorotlo. E hola ka pele e bile ha e je
haholo joalo ka kh’abeche e tloaelehileng. E beha ha bobebe, e
boetse e na le tatso e kang ea k’habeche.
E rata maemo a pholileng, kahoo e ka jaloa hoetla. Ha e ts’abe
lebabo.
Mefuta e tloahelehileng ke China Express ’me ha se e nyalisitsoeng
ha Chinese Grana e le mofuta o mong o tloaelehileng feela eona e nyalisitsoe (hybrid).
Mokhoa oa ho jala: E etsoa sethopo mobung o nang le mosuela ‘me e hlongoa ha e le
mahaba a mahlano ho isa ho ts’eletseng. E hloka ho noesetsoa haholo kamor’a ho hlongoa.
Linaoa
Mefuta e tloahelehileng:
Linaoa tse sephara:
Ona ke mofuta oa linaoa o sa ts’abeng serame, li ka jeoa e le lehoetla kapa
li se li omme. Li hloka ho ts’ehetsoa ha li ntse li hola.
Mokhoa ea ho jala: Li jaloa bohareng ba Tlhakubele ho isa ba Mots’eanong.
Linaoa tse lihlahla
Mofuta ona o ts’aba lebabo, feela o mamella mocheso.
Mokhoa oa ho jala: Arola mela ka linoko tse mashome a mane ho isa ho
a ts’eletseng, linoko tse mashome a mabeli a metso e mehlano pakeng tsa
lijalo.
Nako ea ho jala: Li jaloa bohareng ba Mphalane ho isa qetellong ea
Pherekhong.
Linaoa tse its’oarellang
Mofuta ona o ts’aba serame haholo empa o mamella mocheso, ke ka
hona o behang haholo ha o lengoe Lehlabula. Ke mofuta o lokelang ho
ts’ehetsoa ha li ntse li hola.
Nako ea ho jala: Li jaloa bohareng ba Mphalane ho isa qalong ea
Pherekhong.
Mafu: Li ratoa ke lefu la mafome le etsang mahaba a masootho, ‘me lona le thibela sejalo
ho hola hantle le ho beha mekotlana. Ho molemo ho lema mefuta e mamellang lefu lena.
TSE KHUTLISETSANG MATSOAI MOBUNG
Meroho e behang mekotlana ke lijalo tse etsang likotoloana metsong ea tsona ‘me likotoloana
tsena li nka letsoai le bitsoang “Nitrogen” moeeng hore sejalo se e sebelise. Meroho ena eka
jeoa ele tala kapa ea bolokoa. Meroho e joalo ke linaoa le lierekisi ka mefuta ka ho fapakana.
leqephe 78 TEMO EA MEROHO
Kotulo: Mofuta ona o hola butle ho feta e
boletsoeng pele. O khona ho beha nako e
telele, ka hona ho bohlokoa ho o lemela
lehoetla hoba o ka kotuloa nako e telele.
Linaoa tsa soya
Tsena ke linaoa tse lengoang Lehlabula, li
nka likhoeli tse hlano ho butsoa, ka hona
ho molemo ho li lema nako e sale teng.
Li lengoa joalo ka linaoa tse ling le tse ling.
Linaoa
tsa soya ke lijo.
Li na le limatlafatsi le
letsoai le ahang masapo
(calcium). Ho bobebe ho
iketsetsa lebese ka tsona. Lona
le etsoa tjena: Ha u qeta ho
pheha linaoa, tsela metsi a bosoeu
ba lebese ka sekotlolong, ebe a
sebelisoa ho etsa senoa-
mapholi kapa ho pheha
lesheleshele kapa
papa.
Lesere
Lesere ke sejalo se
khutlisetsang
matsoai mobung ho
matlafatsa mobu.
Le ka khabeloa ’me
la phehoa joalok’a
sepinichi. Le boetse
le nepahetse
sebakeng sa ho fepa likhomo, linku,
likolobe le likhoho.Le ka lengoa hang ka
lilemo tse hlano ho isa ho tse leshome.
Lesere le kotuloa Lehlabula le leng le leng.
Nako ea ho lema: Lesere le lengoa
likhoeling tsa Lehlabula mobung o
lokisitsoeng hantle. Kopanya mosuoela/
manyolo, molora, ’me li tsoakoe hantle le mobu. Le hloka
potassium (k) e ngata le phosphate (p). Peo ea lona e nyane
haholo. Peo e ka hasoa ’me ea koaheloa ho sebelisoa
mohoma kapa haraka. Peo e ka lengoa kahar’a liforo
joalok’a lihoete.
Kotulo: Lesere le ka kotuloa le ntse le le tala la
sebelisoa. Le ka boetse la kotuloa la nto omisoa hore
le fepe liphoofolo Mariha. Le omisoa ka ho le ala
kantle letsatsing le ntse le phetholoa khafetsa ho qoba
ho bola. Lesere le nka matsatsi a mararo ho hore le
ome hantle.
SE KHAOLE LESERE
KA TLAASE HO 10 cm
LESERE LENA LE METSO E TEBILENG
Lesere
le bohlokoa
haholo seratsoaneng
sa moroho. Le ka lengoa ka
likaroloana tse nyenyane kapa
maifo kahar’a seratsoana eaba le
tloheloa lilemo tse tharo hoisa
bohlanong pele ho phetholoa ’me
ho jaloa meroho hape. Lesere le ka
boetse la lengoa ho thibela
khoholeho ea mobu kapa la lengoa
lipakeng tsa meroho. Le ka
boetse la sebelisoa e le
manyolo a matala.
TEMO EA MEROHOleqephe 79
Lierekisi
Li ka aroloa ka lihlopha tse peli, e leng tse jeoang li omme kapa e le
lehoetla. Li thabela maemo a pholileng.
Nako ea ho jala: Mabalane li jaloa ho tloha ka Mots’eanong ho isa
Phuptjane empa ha li ka jaloa ka morao ho likhoeli tsena li ts’oaroa ke
popane le powdery mildew (mofuta oa hlobo).
Ka lithabeng li jaloa Phupu ho isa Phato empa ka morao ho likhoeli
tsena li tla ts’oaroa ke popane le hlobo.
Mokhoa oa ho jala: Arola mela ka linoko tse mashome a mararo ho
isa ho a mane, linoko tse leshome pakeng tsa lijalo.
Makotomane
Makotomane a mela hantle libakeng tse chesang, moo
ho ommeng. Makotomane a bolaoa ke phoka ha bonolo.
A nka likhoeli tse ’ne hore a mele. Makotomane a
khutlisetsa matsoai mobung hape a khona ho
iketsetsa nitrogen mobung.
Nako ea ho lema: A lengoa ka Loetse hoisa Mphalane
Kotulo: Makotomane a kotuloa ha mahaba a fetola a ba
masehla. Phethola ho pota-pota sejalo ka mohoma e be
oa a nts’a ka mobung. Tlohela sejalo hore se ome ho
tloha lihoreng tse peli ho isa ho tse robeli, e be li a
pakoa joale li tloheloa libeke tse ts’eletseng li
ts’irelelitsoe hore li se ke tsa fumana mongobo kapa tsa
bola. Ka nako eo pula e leng sieo, lijalo li kolokisoa ka
mela hore li ome.
Mahaba le litlhaka tsa makotomane li ka etsa furu e
ntle sebakeng sa likhomo.
leqephe 80 TEMO EA MEROHO
TSE BEHANG KA MOBUNG
Tsena ke tse behang ka tlase ho mobu ‘me metloang ea tsona kapa kutu ke eona e jeoang.
Lihoete
Ha li ts’abe serame hohang le ha serame se ka chesa makhasi a tsona
a tla boela a hole hape.
Tokiso ea mobu: Peo ea lihoete e ts’esanyane, ka hona li hloka mobu o
lokisitsoeng hantle ’me li jaloe mobung o mongobo. Li mela hantle
mobung o tebileng, o bonolo, o ts’oarang metsi hantle o bile o le
selokoe se lehlabathe. Li hloka ho ts’elloa khafetsa.
Nako ea ho jala: Li jaloa ho tloha Loetse ho isa
Tlhakubele Mabalane le Mesikong ea lithaba. Maloting
ho tloha ka Loetse hoisa Pulungoana.
Mokhoa oa ho jala: Peo ha e hloke ho tebisoa
haholo. Mobu o lokeloa ho tselloa nako eohle ha
ho se ho jetsoe. Ha li ka ommella le ha e le
hanyenyane feela li ke ke tsa hlola li hlaha ho
hang.
Arola mela ka linoko tse mashome a mararo ho
isa ho a mahlano, linoko tse hlano ho isa ho tse
leshome pakeng tsa lijalo.
Kotulo: Sehoete se nka likhoeli tse tharo le halefo
hore se butsoe. Li ka chekoa ka feroko kapa tsa
fotholoa ka letsoho e be li behoa moo ho pholileng.
Lihoete li ka
jaloa ka mokhoa oa
ho se khaolela holimo pela
botalanyana ba sona, se tla
boela se hola e ba sehoete se
seng hape.
Karolo e tala ea lihoete eka
omisoa ’me ea sebelisoa
nakong eo meroho e metala
e sa fumaneheng ha
bonolo.
Parsnip
Sena ke sejalo se shebahalang
joalo ka lihoete tse ts’oeu tse
telele. Li na le tatso e
tsoekerenyana. Li sebelisoa
ha ho phehoa sechu kapa se
ka halikoa kapa sa bakoa.
Nako ea ho jala: Jala ha selemo se thoasa kapa
Hoetla. Peo e nka nako e telele pele e hlaha (libeke
tse peli ho isa tse tharo), le ha ho le joalo se emise
ho tsella ho fihlella e hlaha.
Mokhoa oa ho jala: Li jaloa joalo ka lihoete, li mela
hantle mobung o matsoai le mononts’a o mongata, o
tebileng hape o se thata. Arola mela ka linoko tse mashome a
mararo ho isa ho a mahlano, linoko tse hlano ho isa tse leshome pakeng tsa lijalo.
Parsnip
ke lijo tsa
letsatsi le letsatsi tse
jeoang haholo libakeng
tseo maemo a leholimo a
chesang haholo hore ho ka
lengoa mefuta e meng ea lijalo. E
mamella lebabo. Ho bonolo ho
ipolokela peo. Haeba motho a
lula sebakeng se pholileng a
ka leka ho itemela
moroho ona.
TEMO EA MEROHOleqephe 81
Bete
Ha e ts’abe serame le ha e hola butle kapa e sa hole
ho hang nakong ea Mariha. Le ha e hola hantle
Lehlabula ha e be ntle haholo.
Mokhoa oa ho jala: E lokela ho jaloa mobung o
lehlabathe, selokoe se lehlabathe kapa selokoe. Peo e
ka jaloa moo e sa tlo hlomolloa kapa ea etsoa
sethopo. Ha e hloke mobu o ts’etsoeng monontsa haholo hoba
e hlahisa metso e mengata. Mobu e be o hloekileng o mongobo e
le hore peo e hlahe ha bobebe.
Arola mela ka linoko tse mashome a mararo ho isa ho a
ts’eletseng, linoko tse hlano ho isa tse leshome pakeng tsa lijalo.
Nako ea ho jala: E jaloa ka Loetse ho isa Hlakola Mabalane le
Mesikong ea lithaba ha ka Maloting e jaloa ho tloha Mphalane ho
isa Pulungoana.
Kotulo: E ka kotuloa kamor’a likhoeli tse tharo ho isa ho tse nne e jetsoe.
Hanyanese
Ho na le mefuta e nkang nako e khuts’oanyane, e mahareng le e
nkang nako e telele. Lesotho mona ho khothaletsoa mefuta e nkang
nako e khuts’oanyane. Haele mefuta e meng eona e metle haholo
sebakeng sa peo.
Nako ea ho jala: E jaloa ka Phato ho isa Pulungoana Mabalane, e
be Loetse ho isa Pulungoana Mesikong le Maloting.
Mokhoa oa ho jala:
1. Ho jala serapeng: Peo e jaloa moo e sa tlo hlomolloa, sena se
thusa ka hore kotulo e tla ba holimo ho feta moo e etsoang sethopo,
‘me e bile e tla butsoa ka pele. Mosebetsi mona o ba mongata ka ha
mobu o tlameha ho lokisoa hantle pele. Fothola lijalo e be linoko tse
supileng ho isa ho tse leshome lipakeng tsa lijalo, lipakeng tsa mela
e be linoko tse mashome a mane ho isa ho a ts’eletseng.
2. Ho jala sethopo: Hlomolla le ho hloma lijalo ha li le botenya ba
pents’ele, li arole ka linoko tse supileng ho isa ho tse leshome
pakeng tsa lijalo.
Kotulo: Likhoeli tse peli kamor’a ho jala, ha makhasi a e ba
masootho a bile a kobeha. Tsetolla sejalo kaofela se tlohelle ho
omisoa ke letsatsi matsatsi a mararo. Tlama makhasi a tsona ‘moho
e be li leketlisoa moo ho ommeng e bile ho pholile.
leqephe 82 TEMO EA MEROHO
TLAMELLA HANYANESE TSE ‘NE
NGA ELE NGOE KAHO LI LOHELLA
KA MAHLAKANA A TSONA
FASELLETSA MAHLAKANA ANA A
LOHILOENG ‘MOHO KHOELENG E
TLA SEBELISOA HO ANEHA
HANYANESE
TSOELA-PELE HO FASELETSA
LIHANYANESE HO FIHLELA LI ETSA
SEHLOPHA
Konofolo
Sena ke sejalo se monko o bohale feela se tatso e monate ha se
sebelisitsoe ho noka lijo, e bile sena le makhabane a ho
loants’a a mang a mafu joalo ka sefuba.
Nako ea ho jala: Ke sejalo se mamellang maemo a pholileng.
E jaloa ka Hlakola ka Lithabeng, Mabalane le Mesikong ea
Lithaba ka Hlakola ho isa bohareng ba Phuptjane.
Konofolo e ntle ts’ireletsong ea
lijalo. Sefafatsi tse entsoeng ka
kotola e tutsoeng se tebela
hoaba, likokoanyana,’me se
ts’ireletsa lijalo khahlanong le
mafu a kang leaf-spot morohong
oa sepinichi, blight e
fumanehang litapoleng le
tamating, mafome e fumanehang
linaoeng le damping-off e
bonahalang hangata sethopong.
Konofolo
ke moriana o
matla. E ka
sebelisoa ho phekola
phallo e phahameng ea
mali, sefuba, manyooa
le bohloko ba ka
mpeng le
qoqotho.
TEMO EA MEROHOleqephe 83
Tlhokomeliso: Se fafatse lijalo tse kang linaoa le lierekisi kaha e tla fokotsa nitrogen eo lijalo
tsena li e latang moeeng sebakeng sa lijalo tse ling.
Mokhoa oa ho jala: Arola mela ka linoko tse 30 hoisa 45, linoko tse 10 hoisa 20 lipakeng tsa
lijalo.
Jala likotola tse 370 000 hecthareng. Konofolo e jaloa joalok’a hanyanese.
Peo: Sebelisa peo e rekiloeng ’me e se e qalile ho mela kapa ho hlahisa metloang.
Monots’a: Sebelisa menont’sa e latelang hecthareng: 1 000 kg (1 ton) ea 2:3:2 (22)+Zn le 100-
150kg ea LAN.
Litapole
Li ka jeoa letsatsi le letsatsi, e bile li bolokeha ha bobebe. Li lokela
ho jaloa ka peo e hlahlobiloeng hantle hore e hloka mafu le
likokoanyana tse ka ts’oaetsang mobu le lijalo tse ling.
Nako ea ho jala: Li
ts’aba serame haholo,
lebabo le ka bolaea
makhasi a tsona ‘me
sena se ka liehisa ho beha hoa tsona hantle.
Nako e nepahetseng ea ho lijala ke Mphalane
ho isa Pherekhong ka lithabeng. Ka Mabalane
ke Phato ho isa maqalong a Ts’itoe.
Mokhoa oa ho jala: Peo e tlameha ho hlahisa mahlo pele e jaloa. Li arole ka boholo kapa
bonyane ba tsona. Jala tse nyenyane ka linoko tse 20 hoisa 50 lipakeng tsa lijalo ha tse
kholo e lokela hoba 50 hoisa 60. Lipakeng tsa mela e be bolelele ba kharafu. Botebo e be 20
hoisa 25.
E NYENYANEE NEPAHETSENGE SE E
TSOFETSE
HAHOLO
MOO MOTLOANG O HLAHANG
Etsoa: The People’s Farming Workbook, EDA, 1995
Liforo tse sianang
ka bolelele ba
kharafu lipakeng
50-60 cm
Lipeo tse tenya li
aroloa bophara ba
kharafu tse peli
lipakeng
Peo ea tapole
e metseng/
e hlahisetseng
metloang
Lipeo tse
nyenyane li aroloa
bophara ba
kharafu lipakeng
leqephe 84 TEMO EA MEROHO
Mafu: Mafu a tloahelehileng ke leaf roll, early blight le late blight a tlisoang ke maemo a
leholimo e leng mongobo o mongata le mocheso.
Tlhokomelo ea litapole: Li lokeloa ho bokelletsoa mobu khoeli le khoeli likhoeling tse tharo
tsa pele. Haeba ho noesetsoa ts’ela metsi ka liforong e le ho fokotsa mafu a ka tlisoang ke
metsi a ts’etseng makhasi. Emisa ho noesetsa ha makhasi a qala ho omella.
Kotulo: Qala ho kotula ha makhasi a se a omelletse kaofela.
Sebelisa ’malinalana ho kotula, se ke oa atamela sejalo haholo
ho qoba ho lematsa litapole ka fat’se. Qoba ho li hatisanya
holimo e le hore li se ke tsa bola.
Poloko: Khetha litapole tse bonahalang li phetse hantle,
tsona ke tse hlokang maqeba le mengoapo, ’me li boloke ka
moo ho se nang khanya e ngata, ho se mongobo ebile ho
pholile kapa li chekeloe sekoti. Ka tlung li hloka ho alloa
joang bo ommeng ha li se ka mokotleng empa ha li le
mekotleng li pakoa holima likaletsa tsa lithupa tse ommeng.
Ha li bolokoa ka sekoting, ho hlokahala hore ho chekoe sekoti sa
bophara, bolelele le botebo ba likharafu tse peli bakeng sa
likilokharama tse lekholo tsa litapole. Aletsa ka joang bo ommeng ebe ho behoa mekotla e
mene ea litapole, beha joang ka holima mekotla e be ho beoa mekotla e meng joalo joalo.
Koahela sekoti hore metsi a se kene.
KOTULO EA
LITAPOLE
POLOKO EA
LITAPOLE KA
SEKOTING
TEMO EA MEROHOleqephe 85
TSE BEHANG LITHOLOANA
Ena ke mefuta ea meroho e behang litholoana joale ka tamati, lipepere le tse ling.
Pepere
Ho na le mefuta e fapakaneng ea lipepere e kang chilisi le
pepere e tsoekere (sweet pepper). Hangata ho tloaelehile hore
pepere e seng chilisi Basotho ba e bitse green pepper. Ha e
lokele ho bitsoa joalo, e bitsoa sweet pepper ka ha li fapakana
ka mebala empa li ts’oana ka sebopeho le boholo. Ho na le
pepere e khubelu (red pepper), pepere e ts’ehla (yellow pepper)
le e tala (green pepper), ’me tsena tsohle li bitsoa sweet peppers.
Sena se hlalosoa hobane ho na le kutloisiso ea hore e khubelu
le e ts’ehla li fetotsoe ke serame kapa letsatsi athe haho joalo,
ke mebala ea tsona ea tlhaho joalo ka e tala.
Pepere e thabela mosuoela o mongata haholo oa litlama,
mofuthu le metsi a mangata.
Nako ea ho jala: E jaloa ho tloha ka Phato ho isa Mphalane.
Mokhoa oa jala: Pepere e etsoa sethopo pele e hlongoa. Arola mela ka linoko tse mashome a
mane a metso e mehlano ho isa ho a supileng a metso e mehlano, lipakeng tsa lijalo e be
linoko tse mashome a mane ho isa mashome a mane a metso e mehlano.
Liki
Liki ke sejalo se ts’oanang le
hanyanese empa se sa etse likotola
tse tenya ka tlase joalo ka hanyanese.
E lengoa joalo ka hanyanese.
Makhabane
a liki ke hore; e
mamella mohatsela
le phoka e oelang e
ipheta. Liki e na le
lithibela mafu
(vitamin c).
Egg plant
E thabela mofuthu, mosuoela oa litlama le metsi ka bongata. E
qala ho beha litholoana ka mora likhoeli tse tharo kamor’a ho
hlongoa. Lipalesa tsa pele li ka tlosoa e le hore e tle e atlehe
hantle.
Nako ea ho jala: Ho tloha Phato ho isa Mphalane ‘me e etsoa
sethopo pele.
Mokhoa oa ho hloma: Linoko tse mashome a robong ho isa ho a lekholo lipakeng tsa mela,
lipakeng tsa lijalo e be linoko tse mashome a ts’eletseng ho isa ho a supileng.
leqephe 86 TEMO EA MEROHO
Tamati
Tamati ke sejalo se thabelang moo ho futhumetseng. E rata
mosuoela o mongata le metsi a mangata. Joalok’a litapole
ha ho le mongobo e ts’oaroa ke lefu la makhasi. E hloka ho
ts’ehetsoa hore makala a se ke a robeha le hore litholoana li
se ke tsa thetsa fats’e ho phema mafu.
Nako ea ho jala: Etsa sethopo hang ha selemo se thoasa
ebe e hlongoa hang ha lebabo le bonahala le fetile. Ho tloha
Loetse ho isa Pulungoana.
Mokhoa oa ho jala: Tamati e etsoa sethopo pele ebe e hlongoa ha sethopo se le makhasi a
mane. Sethopo se nang le lehlaka (Stem) le le lelele ha sea nepahala hobane se nka nako e
telele hore se hole hantle ha se hlongoe.
Linoko tse mashome a mane a metso e mehlano (45 cm) lipakeng tsa mela, lipakeng tsa lijalo e
be lekholo la linoko (100 cm). Tamati e etsoa sethopo, ’me e hlongoa haele makhasi a mane. Ho
ea hlokahala hore tamati e ts’ehetsoe ho se khathatsane le methapo ea eona ka nako ea meea e
matla. Ts’ela mosuoela, manyolo le molora ka holimo mobung nakong eo tamati e qalang ho
beha.
Ho ts’ehetsa tamati: Khothaletso ke ho ts’ehetsa tamati hang ha e qeta ho hlongoa ele ho
qoba ho utloisa methapo bohloko. Ho ts’ehetsa tamati ke hore e se fihle fats’e ea ntano
senyeha.
Ho noesetsa: Se noesetse holim’a mahaba. Ts’ela metsi mobung ho pota sejalo, kapa ka
liforong. Ha mahaba a ts’eloa ka metsi a khona ho fumana mafu ha bobebe. Qoba ho tsamaea
pakeng tsa lijalo kapa ho li thetsa ha li le metsi kaha hona ho ka jala mafu lijalong.
Phepo: Hang ha tamati e qala ho beha kopanya mosuela kapa moiteli, molora oa patsi le mobu
o ka holimo-limo
12-14 cm
SETHOPO SA TAMATI
SE NANG LE MAKHASI
A MANE
HO TŠEHETSA
TAMATI
JOANG BO
TŠERELELITSENG
MOBU
LEBATAMENG LA
LETSATSI
THUPA
TEMO EA MEROHOleqephe 87
Mafu le likokoanyana: Tamati e ts’oaroa ke mafu ha bobebe, le
mefuta e mengata ea likokoanyana e e hlasela ha bobebe. E
khathatsoa ke lefu le bitsoang “tobacco mosaic virus” e ka bakoang
ke mosi oa koae, ea ts’oaroa ke liboko tse ke keng tsa bonoa ka
mahlo a nama (nematodes) E ka boetse ea tlisetsoa mafu ke ho se
feto-fetole lijalo haholo tse oelang lapeng la eona joalok’a litapole,
lipepere le egg plant. Kamehla hlapa matsoho pele o ts’oara sethopo
sa tamati, haholo batho ba tsubang koae kaha ke eona e fetisang
kokoana hloko e seng e boletsoe kaholimo (tobacco mosaic virus).
Fothola sejalo se shebahalang se kula ’me o se chese ka ha se tla
ama tse phetseng hantle.
Ho faola: Tamati e ka pongoa mahaba a ka matheko e le ho
ntlafatsa boleng ba eona.
Kotulo: E ka kotuloa e le tala ea butsoisetsoa ka thoko empa leha ho le joalo ke hantle hore e
butsoetse sehlahleng sa eona.
LINOKO TSE METSONG
EA TAMATI TSE
BAKILOENG KE LI
"NEMATODES"
leqephe 88 TEMO EA MEROHO
MEKOPU LE MAHAPU
Mokopu o mefuta e meraro e latelang:
1. Cucurbita maxima e tloaelehileng ka lebitso la pumpkins:
Ena ke mekopu e lengoang masimong, ‘me e holang haholo. Eona e arotsoe ka lihlopha tse
latelang:
• Flat white Boer
• Cultivar Queensland Blue
• Iron Bark
Mekopu ena e ka lengoa tlasa maemo a komello hohle moo ho lenngoeng poone ka nako ea
Lehlabula feela ‘me e khathatsoa ke lefu la hlobo e bitsoang “Powdery mildew”.
2. Curcubita pepo e tloaelehileng ka lebitso la squashes:
Mefuta e hlahang lelapeng lena e mengata haholo ka libopeho tse fapanang haholo. Eona ke
e latelang:
Baby marrows: ke mofuta o motopo ka sebopeho, ‘me e jeoa e sale menyanyane haholo.
Hara eona re ka qoholla mofuta o bitsoang “caserta”
Patty pan squashes: Mefuta ena e teng empa ha ea tloaeleha haholo Lesotho mona. Ke
mokopu o monyane haholo o ka lekanngoang le lepanaki.
Gem squashes tse kang Rolet le little Gem: Ke mokopu o shebahalang joalok’a bolo ea
tennis empa o le botala bo tebileng. Gem squash e atleha haholo tlasa noesetso, ‘me e
khathatsoa ke lefu la powdery mildew joalo ka mefuta ea mekopu e boletsoeng ka
holimo.
Hubbard e bopiloeng ka Green Hubbard le Yellow Hubbard: Ona ke mofuta oa squash
o lengoang masimong joaleka pumkins hobane o hola haholo. Ke mokopu o mona o
makhoache.
TEMO EA MEROHOleqephe 89
3. Cucurbita moschata e tloaelehileng ka Butternut:
Ona ke mofuta oa squash o ts’oanang le mohope ka sebopeho,’me o tloaelehile haholo.
Mefuta (cultivar) e tsebahalang haholo ke Waltham e tsehla ka ‘mala e lateloe ke Barbara e
tala e nang le metsero feela ha e eso tloaelehe haholo Lesotho mona.
Butternut eona ha e khathatsoe ke ”powdery mildew” empa e ka khathatsoa ke ntsi-tsi ea
mokopu (pumpkin fly).
Tlhokomeliso: Mekopu e ‘mala o motala joalo ka Green Hubbard e hloka ho kotuloa hang
hang kaha e ts’aba mocheso oa letsatsi hoseng joalo e tla bola kapele polokelong. Ha e le e
mesoeu le e mesehla joale ka butternut le flat white Boer e ka tloheloa tsimong likhoeli ho
fihlela eka kotuloa ea rekisoa.
Nako ea ho jala: Ka lithabeng mekopu e qaloa ho lengoa ka morao ho serame sa ho qetela
ha selemo se thoasa. Ha ka Mabalane e qaloa ho lengoa ka Phuptjane ho isa Phupu e le ho
baleha mafu a ka bakoang ke mocheso.
Mahapu
Mahapu a mefuta e fapakaneg, eona ke a tsoekere (sweet
melons) joalo ka spanspek, a metsi (water melons) a hlokang
metsi a mangata hore a hole hantle. Ke lijalo tse ratang
mocheso.
Nako ea ho jala: Mphalane ho isa Tsitoe.
Mokhoa oa ho jala: Mahapu a ka etsoa sethopo kapa a jaloa ka
kotloloho serapeng. Arola mela ka mithara le halefo ho isa ho tse
peli e be mithara pakeng tsa lijalo.
leqephe 90 TEMO EA MEROHO
TEMO E HLAKA-HLAKANENG
Ke mokhoa oa ho lema mefuta e fapakaneng ea lijalo serapeng se le seng ka nako e le ngoe
selemong. Mefuta ea lijalo e ka lengoang ’moho serapeng sena ka mokhoa ona ke eo ho leng
bobebe hore e phelisane ’moho kapa e thusane esita le ho ntlafatsa mobu. Mefuta ena e
ntlafatsa mobu ka ho kenya letsoai la “nitrogen” mobung.
Mehlala:
Temo ea lierekisi kapa linaoa ‘moho le lijalo tse ling;
Temo ea lijalo tse holang kapele ‘moho le tse liehang ho hola;
Temo ea lijalo tse holang haholo li bile li le ts’esanyane ‘moho le tse holang haholo kapa tse
pharallang.
Temo ena e ka etsoa ka mekhoa e mengata e fapakaneng ka tsela e latelang:
Motsoako oa lijalo: Mona ho jaloa mefuta e mengata ea lijalo ’moho ka ho tsoakangoa.
Mohlala: kh’abeche, erekisi le konofolo. Ha li le tjena erekisi e tla nka letsoai le bitsoang
nitrogen moeeng sebakeng sa kh’abeche le konofolo ha konofolo eona e tla tebella
kh’abeche le erekisi likokoanyana, khabeche eona e tla ts’ireletsa mongobo hore o se balehe
mobung ka mahaba a eona a sephara.
Tlhatlhamiso ea lijalo: Ka mokhoa ona ho jaloa mefuta e ‘maloa ea lijalo seratsoaneng se
le seng ka nako e le ‘ngoe ea temo empa li hlahlangoa ka matsatsi ao ho jaloang ka oona.
Jala hanyanese ka mora libeke tse seng kae ho jaloe sepaile e le hore sepaile se tla hola se
be se kotuloe hanyanese e eso butsoe, hona sebakeng seo ho boeloe ho jaloe sejalo se seng
se tla kotuloa pele hanyanese e butsoa. Hona ho bolela hore hanyanese ha e qete likhoeli
tse ngata ho se na molemo oo monga serapa a o fumanang ka ha e likhoeli tse ngata ho
butsoa.
Ho jala lijalo tse ngata: Mokhoa ona o lumella ho jala mefuta e mengata ea lijalo e
fapakaneng ka nako ea temo kapa ho hlahisa mefuta e mengata ea lijalo serapeng ka ho
hlahisa ka har’a nako ea temo ele mefuta e butsoang ka linako tse fapakaneng. Temo ena e
ts’oana le temo ea Machobane moo mela ea lijalo tse fapakaneng eka lengoang. Ho ka jaloa
selae ka nako ea Selemo hobane se hola hantle tlas’a maemo a pholileng ebe se
hlahlamisoa ka sepinichi kapa lioete. Haele lierekisi li ka lengoa hoisa mafelong a Hoetla
ele hore li tle li kotuloe ha Selemo sa temo se thoasa.
Ho na le tsela tse ngata tseo lijalo li ka kopangoang hammoho ka temo ena ho ipapisitsoe le
maemo a sebaka le a leholimo.
Hona ke mohlala feela. Motho ka mong aka iketsetsa liteko
sebakeng sa heno molemong oa ho tseba hantle hore na ke
lijalo li feng tse lumellanang le maemo a sebaka sa heno.
Lintlha tsa bohlokoa
Boholo kapa bonyenyane ba lijalo,
Ho hola hantle hoa lijalo,
Ke mafu le likokoanyana li feng tse teng,
Na lijalo li beha litholoana tse ntle ka bongata le boholo
bo lebeletsoeng.
TEMO EA MEROHOleqephe 91
Lijalo tse ka lengoang ‘moho ‘me tsa hola hantle ntle le mathata:
Beteruti - Hanyanese
Lihoete - Lierekisi, selae, hanyanese tamati
Hanyanese - Betiruti, monokotsoai oa faatse, tamati, selae
Eggplant - Linaoa
K’habeche - Litapole, beteruti, hanyanese
Pepere - Meroho e fapakaneng
Selae - Lihoete, rapa ea likhomo, monokots’oai
Mokopu - Poone
Sepinichi - Monokotsoai
Tamati - Hanyanese, Lihoete
Linaoa - Litapole, Lihoete, K’habeche, mefuta e meng ea Meroho
Motsoako oa lijalo o sa khothaletsoeng ho lengoa ‘moho:
Leha ho sa khothaletsoe ho hlahisa sejalo se ka letsohong le lets’ehali le se bapileng le sona
moleng o le mong motho o bolokolohing ba ho iketsetsa liphuphutso molemong oa ho ithuta.
Beteruti - Linaoa tse its’oarellang
Hanyanese - Lierekisi
K’habeche - Monokots’oai
Mokopu - Litapole
Tamati - Litapole, Kh’abeche
Linaoa - Hanyanese
Moora-tsatsi - Litapole
Ho tseba ho etsa papiso e ntle ho bohlokoa ho tseba seo ho bapisoang se le sona. Ho boetse ho
kaba bohlokoa ho bapisa le lijalo tse hlahisitsoeng sebakeng se le seng li sa kopangoa le tse
ling.
Tse latelang ke mahlale a lijalo tse melang hantle ‘moho le lijalo tse sa meleng hantle ha li
lengoe ‘moho.
leqephe 92 TEMO EA MEROHO
PHAPHANYETSANO EA LIJALO SEBAKENG SE LE
SENG
Leano la mokhoa ona ke ho qoba ho hlahisa sejalo se le seng habeli kapa ho feta sebakeng se le seng
ka tatellano. Lijalo li loketse ho feto-fetoloa selemo le selemo kapa ka nako ea tjalo.
Mokhoa ona o na le makhabane a latelang:
O thusa ho laola ho ngatafala ha lira tsa lijalo joalok’a mafu le likokoanyana.
Sejalo ka seng se na le matsoai a khethehileng ao se a jang. Ha sejalo se le seng se jaloa sebakeng
se le seng selemo se seng le seng, sejalo se joalo se qeta matsoai a hlokahalang ho sona. Ha lijalo li
feto-fetoloa li atleha ho sielana matsoai a bohlokoa. Ka hona ho molemo ho feto-fetola sebaka
tjalong e hlahlamang.
Mobu o lula o ntse o apere selemo kaofela.
Likokonyana le mafu le tsona li khetha lijalo tse itseng, ‘me lia ahela le hona ho behela mobung. Ka
hona ho feto-fetola lijalo selemo le selemo ho fokotsa monyetla oa lira tsena tsa lijalo ho ikatisa.
Mekhoa e ’meli ea ho feto-fetola lijalo:
Mekhoa ena e ’meli ea ho feto-fetola lijalo e hlahisa litholoana tse tsotehang.
Mokhoa oa pele:
Lijalo li ka hlahlamisoa ka mokhoa o latelang:
Tse jang haholo
Litapole, mefuta ea lik’habeche
le tamati
Tse bokelletsang
‘Nitrogen’
Linaoa, lierekisi,
lesere
Tse sa jeng haholo
Beteruti, lihoete,
hanyanese, liki le
parsnip
TEMO EA MEROHOleqephe 93
Ho seng joalo ho ka hlahlamisoa ka mokhoa o latelang:
Bakeng sa mekhoa e ’meli e bonts’itsoeng ho ka ts’eloa manyolo ka forong ka litekanyo tsena:
Tse hlokang ‘nitrogen’
haholo
Mefuta ea lik’habeche,
cauliflower, brocolli le sepaile
Tse bokelletsang
‘Nitrogen’
Linaoa ka mefuta ea
tsona le lesere
Tse sa jeng haholo
Betiruti, lihoete,
hanyanese, liki, parsnip
Manyolo a tletseng kharafu, a boima ba kilograma e le ’ngoe. Bolelele ba mohato o le
mong bo lekana le bolele ba kharafu.
Litapole:
Kharafu e tletseng manyolo forong e bolelele ba kharafu
Lihoete le hanyanese:
Manyolo a bongata ba 0.4 kg sebakeng sa bolelele ba kharafu
Linaoa:
Manyolo a bongata ba 0.3 kg sebakeng sa bolelele
ba kharafu
Lierekisi:
Manyolo a bongata ba 0.2 sebakeng sa bolelele
ba kharafu
1 metre
leqephe 94 TEMO EA MEROHO
Mokhoa oa bobeli:
Lokisa mobu hantle pele ho jaloa. Hasa moiteli oa
bongata ba likharafu tse ’ne tse tletseng sebakeng
sa bolele le bophara bo lekanang le kharafu. Qala
ka ho jala tse behang litholoana joalok’a tamati,
mokopu le tse ling. Li hlahlamise ka tse
kotuloang makhasi joalok’a sepenichi kapa
sepaile. Ke tsona tse khothaletsoang hobane
litlhoko tsa tsona tsa matsoai a mobung lia
fokola papisong le tseo ho qaliloeng ka tsona.
Tsena li ka hlahlamisoa ka tse jeoang methapo
joalok’a lihoete le beteruti. Haele tsona li ka
hlahlamisoa ka lierekisi kapa linaoa.
Tse behang litholoana
Tse jeoang makhasi
Tse jeoang metso
Li legume
eggplant,
tamati,
pepere,
mokopu
linaoa,
lierekisi
kh’abeche,
selae,
cauliflower,
brocolli
lihoete,
beteruti,
hanyanese,
liki
linaoa ...
linaoa ...
linaoa ...
lihoete ...
lihoete ...
lihoete ...
k'habeche ...
k'habeche ...
k'habeche ...
tamati ...
tamati ...
tamati ...
MOKHOA O BOBEBE OA HO HLAHLAMISA LIJALO SERAPENG:
AROLA SERAPA KA LIKAROLOANA TSE ’NETSE LEKANANG KA BOHOLO.
KAMOR’A KOTULO EA LIJALO TSA PELE HO KA JALOA MOFUTA O ITSENG
SERATSOANENG SE SELE.
Etsoa: The People’s Farming Workbook, EDA, 1995
Tokiso
ea seratsoana:
Seratsoana se ka lokisoa ka ho
phetholelloa mosuela kapa moiteli
ka mobung botebo bo sa feteng linoko
tse 30.
Khothaletso ke ho hasa moiteli kapa
mosuela oa lithane tse 30 akereng. Haele
serapeng ho ka sebelisoa keribae e
tletseng kapa likharafu tse tletseng
tse ’ne bophareng le boleleng bo
lekanang le bolelele ba
kharafu.
TEMO EA MEROHOleqephe 95
TLHATLHAMISO EA LIJALO
Ho hlalosoang mona ke hore ho ka lengoa hanyenyane empa ha ngata.
Sena se etsoa ho netefatsa hore ho na le lijalo tse ka kotuloang nako e
telele. Haeba ho jaloa pakete ea peo kaofela ka nako e le ’ngoe, ho tla
kotuloa sejalo se seng ka nako e le ’ngoe.
Sepheo ke ho arola pakete ea peo likaroloana tse ’ne, ’me ea jaloa ka
likaroloana libeke tse ling le tse ling tse peli ho isa ho tse tharo.
Haeba ho jaloa karoloana e nyenyane ka nako, ho ka jaloa ka
makoti-koting kapa ka mabokoseng. Etsa bo ’nete ba hore
lekotikoti le na le masoba ka tlase e le hore metsi a tle a tsoe.
Nka karolo ea lehlabathe, karolo ea mosuoela o phoofo le karolo
tse peli tsa mobu o ka holimo e be lia tsoakoa.
Ts’ela motsoako ona ka metsi a belang pele u jala ho fokotsa
mafu le mahola ao e ka bang a teng motsoakong.
Jala ka tsela eo u neng u ka jala ka eona polotong.
Haeba re hlahisa sethopo ka likhaohano re ka sebelisa thepa e bonts’itsoeng mona. Hlokomela
hore li na le masoba ka tlase molemong oa hore metsi a tsebe ho tsoa le teng.
Lehlabathe: karolo e le ‘ngoe.
Mosouela: karolo e le ‘ngoe.
Mobu: karolo tse peli. Ha u qetetile li kopanye ‘moho.
Lebekere
le leholo
Moritsoana
Lebokose la mapolanka kapa lithupa
Lebili la koloi le sa
sebelisoeng
Manki Lipolasitiki
Lehlaka
Etsoa: Production without Destruction, 1995
leqephe 96
TŠIRELETSO EA LIJALO MOEENG LE SERAMENG leqephe 97
Mela ea lijalo le lifate tse fapakaneng tse lengoeng ‘moho li ka tšireletsa serapa moeeng le
serameng. Sets’ireletsi sa moea ke ntho efe kapa efe e ka sebelisoang ho tšireletsa lijalo
moeeng. Se behoa moo moea o hlahang teng. Se thusa ka ho fokotsa matla a moea, o fihle
lijalong o se o fokotsehile. Ka holimo ke mohlala oa tšireletso e joalo e bileng e nang le mefuta
ea furu bakeng sa liphoofolo. Lijalo tsena tse sebelisitsoeng ka holimo li ka boela tsa sebelisoa
e le lijo tsa lipoli, likhomo, linku le likhoho! Setšoantšo sena se ka holimo se bontša ‘li cow
peas’ tse imamaretseng sefateng, hammoho le mefuta e latelang ea limela: ’napier fodder’,
‘pigeon pea’ le cheche. Limela tsena li ntle bakeng sa ho ntlafatsa mobu, ha makhasi a tsona
oona a ka sebelisoa ho tšireletsa mobu ho le batama la letsatsi. Makhasi ana a ka boela a
sebelisoa serapeng se bopehileng joalo ka lesoba la senotlolo.
HO TŠIRELETSAMOEA
Ho foka ha moea ke ntho ea bohlokoa lijalong. Moea o thusa ho qobisa lijalo mafu a bakoang
ke mongobo o mongata le a mang a mafu a bakoang ke ho ba sieo ha oona moea. Moea o
boetse o thusa ho qhalakanya peo e fumanoang lipaleseng tsa sejalo.
Moea o ka ama lijalo ka tsela e mpe tjena:
Meea e matla e ka roba lijalo le ho koqola lifate.
TŠIRELETSO EA LIJALO MOEENG
LE SERAMENG
leqephe 98 TŠIRELETSO EA LIJALO MOEENG LE SERAMENG
Meea e omileng e nka mongobo e be lijalo li
sala li omile.
Meea e chesang kapa e batang haholo e ka
senya lijalo.
Lerole le hoholoang ke moea le ka hohla lijalo
joalo ka ha eka ke sekiripoto.
Moea o boetse o baka khoholeho ea mobu,
haholo likheoling tseo ho omelletseng. Ha
moea o le mongata, o nka mobu o ka holimo-
limo o nang le matsoai a mangata o sieo o
seng motle haholo.
SETS’IRELETSI SE BEHOA
KAE
Litšireletsi tsa moea li ka lengoa moo moea o hlahang teng. Li lokile haholo ha li lengoe
malapeng. Hape li ka lengoa pela tsela. U ka li sebelisa hape ho teratela serapa kapa tšimo.
MOKHOA OA HO ETSA SETŠIRELETSI SA MOEA
Setšireletsi se etsoa ka ho lema lifate le lihlahla tsa mefuta le bolelele bo fapakaneng. Li lengoa
li teteane hanyenyane hore moea o tsebe ho feta lipakeng empa o se ose matla hakaalo. Li
tšireletsi tse matla haholo ke tse entsoeng ka bonyane mela e meraro ea lihlahla le lifate tsa
bolelele bo fapakaneng.
Lifate kapa li hlahla li kanna tsa lengoa moleng o le mong kapa ho e ‘meli ha feela u ka oa etsa
bonnete ba hore makhasi le makala a tsona a tla fihla fatše. Ha ele lifate tse telele feela tseo u
tšireletsang ka tsona, makala a tlaase a shoa ka mora nako e be a siea lifate lepala-paleng,
moea o ntano iphethela feela o le matla o le joalo e be o senya lijalo. Lifate tse khutsoanyane le
lihlahla li ka lengoa ka lehlakoreng leo moea o hlahang ka lona.
Etsoa: Production without Destruction. Natural Farming Network, Zimbabwe
SETŠIRELETSI SA MOEALIFATE TSE
SEBELISOANG
HO TERETELA
LIFATE TSE
SEBELISOANG
HO TERETELA
LIJALO LIJALO
MOEA O MATLA
Bohlokoa
ba litšireletsi tsa
moea
• Li fana ka patsi.
• Li fana ka litholoana.
• Lia hlaba ho tširelatsa masholung.
• Li fana ka lijo tsa liphoofolo.
• Li fana ka meriana.
TŠIRELETSO EA LIJALO MOEENG LE SERAMENG leqephe 99
Tse latelang ke mehlala ea limela, lihlahla le lifate tseo u ka lisebelisang:
LINTLHA TSE LING MABAPI LE LIMELA, LIHLAHLA LE
LIFATE TSE KHOTHALELITSOENG
Lekhala
Le letle haholo bakeng sa ho tšireletsa kaha e bile le a hlaba, hape le fana ka tšireletso mollong
hobane makhasi a lona a na le metsi a mangata. Le ka boela la sebelisoa e le moriana. Mofuta
o motle oa lekhala ke o bitsoang ‘aloe maculate’. Lena ke lekhala le sa holeng hore le be le
lelele haholo, le na le matheba-theba a masoeu makhasing. Lero le fumanoang makhasing a
lona le letle haholo e le moriana oa ho sokela. Lekhala lena le boetse le na le letsoai le
bitsoang ‘selenium’, leo e leng tlatsetso ea bohlokoa
masoleng a ‘mele.
Haele lekhala leo batho ba tloaetseng ho itemela lona
malapeng a bona le bitsoa ‘aloe striatula’, lona le hola
haholo, le tlala sebaka.
Marigolds le lifenel
Tsena ke limela tse nyenyane tse nang le monko o
bohale. Lithusa hore serapa e se futuheloe ke
likokoanyana. Lipalesa tsa fennel tse bopehileng joalo
ka sekhela, li thusa ka ho bitsa likokoanyana tse tlo ja
tsena tse bakang tsenyo serapa, tse kang hoaba le
liboko. Marigolds tsona li ka sebelisoa e le chefo e tla
bolaea liboko ka mobung.
SEHLAHLA SEJALO
Etsoa: The People’s Farming Workbook, EDA, 1995
M
O
E
A
O
F
O
F
A
K
A
H
O
L
I
M
O
H
O
J
A
R
E
T
E
K
A
P
A
T
Š
I
M
O
E
A
H
A
O
LIMELA TSE
NYENYANE TSE
TETEANENG
SEFATE SE SELELELE,
SE NANG LE MAKHASI
A MANGATA
leqephe 100 TŠIRELETSO EA LIJALO MOEENG LE SERAMENG
Napier fodder
Sena ke semela se matla sa mofuta oa furu. Se boetse se se tle bakeng sa
ho tšireletsa mobu (mulching). Se hola kapele. Se nyalisoa ka ho nka
lehlomela le lenyenyane ho tsoa sefateng seo re ka sebitsang ka hore ke
‘ma sona. Hape, se kanna sa hlahisoa ka tsela ea hore mahlaka a sona a
aloe ka hara foro e sa tebang haholo, moo se tlang ho hola ka lebaka la
linoko tse fumanoang moo lehlakeng (stem). Sebakeng seo ho batang,
semela sena se tla robala mariha (empa makhasi a omeletseng oona a tla
sala a tširelelitse). Se tla boela se hloma hape ka selemo (spring).
Lelothoane
Tsena ke lihlahla tse holang kapele, tse lulang li le tala selemo
ho pota. Hona ho bolela hore ha li hlohlorehe makhasi mariha.
Hape, ha li bolaoe ke serame (frost). Ha li sale nyenyane li hloka
tšireletso e matla empa hang kamorao ho moo li ikholela hantle
ho se mathata. Lipalesa tsa tsona li bitsa/likhahla linonyana le
linotsi. Makhasi a tsona a ka sebelisoa e le moriana oa mahlo
kapa e le tee.
Mohlakola, Motsoetla
Ke sehlahla kapa sefate se lulang se le setala ho pota. Se hola
ho fihlela se eba bolelele ba mithara ho isa ho tse hlano (1-5 m).
Sena le litholoana tse nyenyane tse ntšo tse bopehileng joalo ka
erekisi, tse jeoang. Se atile haholo Lesotho.
Carissa bispinosa; Num-num
Ke sehlahla se nang le makala a mangata a hlabang. Se
setala ho pota. Makhasi a sona a matenya a benya.
Litholoana tsa teng li nyenyane, likhubelu, li monate hape li
ka sebelisoa ho etsa jeme.
Cajanus cajan; Pigeon Pea
Sena ke sefate se senyenyane se hlahang mona Africa. Se sebetsa
(fix) letsoai nitrogen ka mobung, se bile sena le metso e tebileng.
Se ka sebelisoa e le patsi. Se mamella serame (frost), empa se
hloka ho hlokomeloa le ho tšireletsoa ha se sale senyenyane.
Makhasi a sona a ka sebelisoa e le sepinache ha a sale
manyenyane, ha peo eona e ka jeoa joalo ka linaoa kapa "dahl".
Makhasi a ka boela a sebelisoa ele furu ea liphoofolo, haholo-holo
likhomo le lipoli.
TŠIRELETSO EA LIJALO MOEENG LE SERAMENG leqephe 101
Dovyalis caffra; Kei Apple
Sena ke sefate se senyenyane senang le meutloa le makhasi a nang le
boeanyana bo bosoeu ka holimo. Se sebelisoa haholo ho etsa lekhoakhoa
(hedge). Se batla se lieha ho hola. Se mamella komello le serame. Se
hloka ho tšireletsoa serameng ha se sa le senyenyane. Litholoana tsa teng
li monate, hape li ka etsoa jeme kapa ‘jelly’. Hlatsoa boeanyana bona bo
bosoeu peong pele u e jala.
Mulberry
Tsena ke lifate tse kholo, tse hlohlorang makhasi a tsona mariha. Makhasi
ana a matle haholo bakeng sa furu. Monokotsoai (berries) oa teng o motšo ka
‘mala, o tsoekere hape o ka etsa jeme. Ho bobebe ho hlahisa mulberry ka
mokhoa oa nyaliso. Li ka purungoa ea ba makala ao a sebelisoa ho teratela,
e le patsi kapa ho tšehetsa lijalo serapeng.
Ho a lumelleha hore u
leme lifate tsa
litholoana hammoho le tsena tse
boletsoeng ka holimo. Ka tsela ena, u tla
thusa ho tšireletsa litholoana tsa hau
serameng, moeeng le ho hlaseloa ke
likokoanyana. Ka lehlakoreng le
letšehali ke mohlala oa sefate sa perekisi
se lengoeng hammoho le linaoa,
‘marigolds’, ‘fennel’ le lierekisi.
Motsoako oa limela tse fapakaneng o ka
sebelisoa.
Casuarina
Cunningham;
Beefwood
Sefate sena se tsoa Asia le Australia. Ke sefate se seholo se fanang ka
moriti, senang le makhasi a kang a sefate sa phaena. Se hola kapele
ebile se hola hantle mobung o seng motle ha kaalo. Se fana ka patsi le
timber (e etsang mapolanka). Se lengoa ha bonolo ka peo. Se mamella
serame (frost) hanyenyane feela, se bile se hloka ho tšireletsoa ha se sa
le senyenyane.
Cheche
Tsena ke lifate tsenang le
mamello, tse holang kapele,
ebile li na le meutloa. Li
mamella serame le komello. Li
sebetsa (fix) letsoai nitrogen ka mobung. Li fana ka patsi. Makhasi,
lipalesa le mokotlana (pods) ea tsona e ka sebelisoa e le furu.
LINAOA
MARIGOLD
FENNEL
PEREKISI
EREKISI
leqephe 102 TŠIRELETSO EA LIJALO MOEENG LE SERAMENG
U kannna oa sebelisa lintho tse ling hape bakeng sa ho
tšireletsa moea serapeng ea hau. Tsona ke:
• Terata e entsoeng ka lithupa tse ts’esane. Ho ka
sebelisa lithlaka tsa poone tsa khale kapa tsa semela
se bitsoang ‘black jack’
• U ka lema morara kapa lijalo tse ling tse
itšoarelletsang terateng, feela ha ho bonolo ho fumana
lijalo tse joalo tse sa tšabeng serame. Le ha hole joalo,
‘passion fruit’ kapa ‘granadilla’ ha li se ts’abe hakaalo. Hona ho
bitsoa ho mamella serame. Ho bolela hore haeba u lebeletse hore ho
tlaba le serame se sengata, hape le morara oa hau o sa le
monyenyene, u tla lokela hore u koahele o se fumane serame. Ha
nako e ntse e ea, le morara o se o holile, o tla atleha ho mamella
serame ha bonolonyana. Mefuta e meng ea lijalo tse itšoarellatsang
terateng e hlohloreha makhasi mariha. Le ha hole joalo, entse e fana
ka tšireletso. Mehlala ea eona ke; morara, ‘kiwi’, linaoa tse
itšoarelletsang joalo ka ‘lima’, ‘seven year beans’, ‘red runner beans’.
• Sehlotšoana sa mohlomo kapa litlhaka tsa poone li ka faselletsoa terateng
lehlakoreng leo moea o hlahang ka lona.
• Mekotlana ea lijo tsa liphoofolo kapa ea lilamunu e ka rokelloa ‘moho ebe e
faselletsoa terateng entse ele e ngoe tsela ea ho tšireletsa moea.
Mokotlana
oa lijo tsa
liphoofolo
kapa oa
manyolo
TERAMO
(200 l)
Moea o
foka
kahare
Etsoa: Introduction to Permaculture
Lisebelisoa
tsa ho
tšireletsa
mobu
lebatameng
la letsatsi
LITHAERE TSA
KHALE
Joang bo bolelele
le lihlahla li etsa
tšireletso
Majoe
Tente ea
polasitiki
Tente ea polasitiki
Lejoe le etsa
hore metsi a
qhalakanele
ka thaereng
Lithaere
tsa khale
Ho kanna ha se be bonolo ho fumana tse ling tsa limela/lifate/lihlahla tse boletsoeng mona. Ha
li sale nyenyane, li hloka ho tšelloa le ho tšireletsoa serameng. Litšoantšo tse latelang ke
mehlala e bonts’ang mokhoa oa ho tšireletsa lijalo le lifate moeeng le serameng.
MOEA O FOKANG KA TSELA E
TLOAELEHILENG
Lipotso tseo u tšoanelang ho ipotsa tsona:
Na lijalo tsa hau li shebahala li phetse hobane ha lia rojoa kapa hona ho sengoa ke
moea?
Na ha u sa tšella khafetsa hobane moea ha o sa nka mongobo o mongata mobung?
Na u nahana hore u behile setšireletsi sa hau sebakeng se nepahetseng? Na ke moo
moea o fetang teng? Se lokela hoba haufi kapa hole le serapa ea hau?
Lintle le limpe tsa setšireletsi e bile life? Etsa lethathamo la tsona. Empa hopola hore
lintle tse ling ha li bonahale hang hang. Mohlala, mohlomomg ha u sa tšella lijalo
tsa hau khafetsa le khoholeho ea mobu e theohile. Lintle tse ling tsa ho lema lifate
kapa lihlahla bakeng sa ho tšireletsa moea ke hore li fana ka patsi, litholoana,
lithupa tse sebelisoang serapeng hape ke mokhoa oa tlhaho oa ho tebela
likokonyana.
U tla sebelisa eng ho etsa setšireletsi sa moea? Haeba u tlo sebelisa lifate le limela,
ke life tse tlang ho u sebeletsa ho feta tse ling? Ke life tseo u ka lifumanang ha
bobebe? Ha li se li holile, na li tla etsa mola oo moea o ke keng oa feta habonolo,
joalo ka ha ho bontsitsoe leqhepheng la pele? Ipotse hore na li tla hola ho fihlela li
eba telele ha kae, le hore na li tla hlohloreha makhasi mariha kapa che? Na moea o
tla khona ho feta? U lokela ho hlophisa setšireletsi ka hlokolosi.
U lokela ho etsa qeto ea hore na u hloka ho tšireletsa ha kae le hore na setšireletsi seo e
be se entsoeng ka eng. Ho lema lifate le lihlahla ho nka nako e telele, empa li etsa
litšireletsi tsa ‘makhonthe. Hape li fana ka litholoana, lijo bakeng sa liphoofolo le patsi.
Kapa mohlomong u hloka feela ho tširelatsa sethopo sa hau kapa sekhechanayana sa
seratsoana.
U kanna oa etsa teko ka ho sebelisa setšireletsi sa nakoana ka mekotlana e tšelang lijo tsa
liphoofolo e faselelitsoeng terateng. Ha u etsa teko ka tsela ena, ho ke ke haeba bonolo
ho bona hore na e feela teko e atlehile kaha ha hona letho leo u bapisang le lona. Le
hahole joalo, u kanna oa bona phapang ea ho tšireletsa le ho se tšireletse.
LITEKO
TŠIRELETSO EA LIJALO MOEENG LE SERAMENG leqephe 103
leqephe 104 TŠIRELETSO EA LIJALO MOEENG LE SERAMENG
TŠIRELETSO EA SERAME
Serame e kare metsi a batang, ka ha se theohela fatše moo se fihlang se ipopa teng. Moea ona
o batang hangata o ka tlase ho bolelele ba kharafu ka botebo. Ho bata haholo ho ella fatše.
Serame sa pele se fumaneha haholo se koahetse fatše feela. Hona ho bolela hore mohatsela o
moholo (freezing point) o theohela tlaase haholo, ha o fete linoko tse 30 (30 cm), eleng
bophara ba kharafu, ‘me ka tsela eo, ke lijalo tse ntseng li le nyenyane haholo tse tla bolaoa ke
serame. Lijalo tse kholo joalo ka lierekisi, haholo ha liphahamisitsoe li tla phela. Empa ha nako
e ntse e ea, serame sena e tlaba serame sa moea. Hona ho bolela hore mohatsela o tla
eketseha, feela o se o nyolohela holimo ho ka etsang mithara le halefo (1.5 m above ground),
‘me ka tsela ena serame se tla tšoara lijalo kaofela. Ha se se sele tjena se bitsoa lebabo,’me
hangata le bonahala ka ho koahela lintho tsohle ka ‘lekoko’ la leqhoa le thata, e seng phoka.
Mabalane le mesikomg ea lithaba tsa Lesotho, lebabo la pele le ka lebelloa lipakeng tsa 5-15
Motšeanong, ha la ho qetala lona le ba teng 15-25 Phato ka mabalane. Mesikong teng le lieha
ho bateng, 15 Loetse.
Mokhoa oa ho sebetsana le Serame
Tsela e le ngoeng feela oa ho sebetsana le mefuta ena e ‘meli ea serame, ke ho tšireletsa lijalo
tsa hao. Mekhoa e mengata ea ho etsa sena. Emapa u tla lokela hore u be u entse lithlophiso
pele. E meng eona e tla u hloka hore u be u fetole semelo/sebopeho (design) sa serapa sa hau
ka tsela e itseng.
1. KOAHELA LIJALO TSE TŠABANG SERAME HAHOLO
Bakeng sa serame sa pele, u ka koahela lijalo tse nyenyane tseo u tšabanang le tsona ka eng
kapa eng eo u ka e fumanang e tla sebetsa joalo ka kobo. U ka sebelisa joang, koranta-u behe
majoe hore e se fefohe, kapa mekotlana ea khale ea anyanese kapa ea lilamunu u e rokelletse
‘moho. U ka boela oa sebelisa mekotlana ea khale ea lijo tsa liphoofolo. U ka reka se tšireletsi
(lesela) sa serame moo ho rekisoang lifate kapa likoporasing. ‘Lesela’ lena ha le theko e
phahameng ebile le sebetsa ka tsela e khotsofatsang. Koahela leifo la hau e be u tšoara ‘lesela’
ka li phek’se (pegs) hore le se fefohe. E tsa bonnete ba hore u koahela lijalo tsa hau
mantsiboea.
Lijalo tse ka sengoang le
ho bolaoa ke serame
tamati
green beans
pepere
patata
chilisi le mokopu
liekerisi
Lijalo tse ka angoang ke
serame
Makhasi a litapole (empa e
seng sejalo kaofela, hobane se
tla mela)
Lierekisi tse sa leng nyenyane
(lipalesa le mekotlana ea tsona)
Lijalo tse mamellang
serame
Sipinache
sepaile
lihoete
bete
selae
linaoa tse
sephara
kh’abeche
kale
turnips
konofolo
leeks
anyanese
TŠIRELETSO EA LIJALO MOEENG LE SERAMENG leqephe 105
Hape u kanna oa tširelatsa lijalo tsa hau ka ho nka nete kapa polasitiki e kholo oa e beha
holima lithupa e be oa koahela. Mokhoa ona o tla tšireletsa lijalo tsa hau lirameng tsa mariha
a maholo. U ka reka nete ea ho tšireletsa moea mabenkeleng moo ho rekisoang lintho tsa
temo, feela e theko e phahameng.
2. KHETHO EA SEBAKA SA SERATSOANA
Sebaka se nepahetseng sa ho etsa seratsoana ke se shebileng bochabela, ebile se batla se
phaha-phahame. Lebaka ke hobane seratsoana sa hau se tla chabeloa ke letsatsi haholo, ebile
se ke ke sa bata hakaalo le bosiu ha ho bapisoa le tse ling.
Haeba jarete ea hau e le motheong, lema lijalo tseo u tšabanang le tsona kapa tse tšabang
serame haholo ka holimo.
Haha lerako le lekhutsoanyane ka majoe. Le hahelle ho elella ka boroa le leboea la jarete ea
hau, hore ka lehlakoreng le bochabela le tle le tsebe ho fumana letsatsi, ‘me le futhumale. Ka
tsela ena le tla sebetsa joalo ka setofo e be bosiu le ntša mocheso o le oa motšeare.
MOEA O FOKANG O EA TLASE
MOEA O
FOKOTSOA
BOHALE KE LIFATE
LEBOTA LE LEKHUTŠOANE KA LEHLAKORENG
LE SHEBILENG BOROA BA JARETE
LEBOTA LE TLOHANG
BOCHABELA LE FELLA
BOROA BA SERAPA SA HAU
BOCHABELA BOPHIRIMA
SETŠIRELETSI SE
KOAHETSOENG KA POLASITIKI E LE
HO TŠIRELETSA SETHOPO SA HAU
leqephe 106 TŠIRELETSO EA LIJALO MOEENG LE SERAMENG
3. SERATSOANA SE FUTHUMETSENG
Tsena li tla thusa hoetla le mariha. Cheka sekoti, se tlatse litlama-tlama, lehola, moiteli, joang
ebe u khutlisetsa mobu. Jala ka holima sekoti sena, u ntse u lula u tšella.
4. LIFATE
Lifate li tšireletsa lijalo
serameng ka ho tšoara
mocheso ha o ntse o nyoloha
fatše, ebe bosiu lia o lokolla.
5.HO FOKA HA MOEA LE HO
PHALLA HA METSI
Haeba metsi a le mangata ho
pota-pota le sejalo sa hau, ha
se hangata serame se lalang.
Ka tsela ena, leka ho tšella
lijalo tsa hau mantsiboea.
Mokhoa ona o leka ho fokotsa serame se tla lala holima seratsoana le lijalong. U ka boela oa
etsa lipampiri tse bopehileng joalo ka mokorotlo e be u kaohela sethopo se seng le se seng sa
hau. Ke nnete ho etsa mekorotlo ena ke mosebetsi o mangata, empa qetellong e tla be e le ntho
e molemo thleng ea ho tšireletsa lijalo tsa hau tseo u tšabanang le tsona.
Hape, ho bohlokoa hore u
tšelle lijalo tse letseng
serame hoseng haholo pele
letsatsi le chaba. Ka tsela
ena u tla thusa ho fokotsa
tšenyo ho lijalo tseo serame
seneng se letse ho tsona.
Batho ba bang ba besa mollo liratsoaneng tsa bona bosiu. Ho foka ha moea ho fokotsa ho lala
ha serame.
Ha eba hona le lefika le haufinyane le lapeng ha hau le shebile ka letsatsing, u ka le sebelisa e
le ‘hithara’ ea leifo le lenyenyane. Etsa leifo lena ka pela lerako hantle, ebe u le teratela ka
lithupa tsa sefate se bitsoang boloukatlele/motholo, ebe u koahela ka polasitiki. U ka fumana
mapolanka ao u ka a sebelisang mabenkeleng a rekisang litulo le litafole (fanichara). Ho ha ha
setšireletsi sena, u tla be u iketsetsa ntlo e bitsoang ‘green house’ e thusang ho tšireletsa
sethopo sa hau ka ha ho mofuthu ka hare ho ntlo ena ho feta kantle.
MOEA O FUTHUMETSENG O TŠOASEHA LIPAKENG TSA
LIFATE HO THIBELA SERAME HO LALA
KOAHELA SETHOPO SA HAU KA LIPAMPIRI TSE BOPILOENG
JOALO KA MOKOROTLO MOTŠEARE OA MANTSIBOEA. FEELA U
LI TLOSE HOSENG KA LETSATSI LE HLAHLAMANG
TAOLO EA LIKOKOANYANA LE MAFU LIJALONGleqephe 107
BOHLOKOA BA PHAPANYETSANO EA LIJALO
• E sebetsa mmoho le tlhaho ka ho sebelisa tsela eo limela li holang ka teng. Likokoanyana le
lehola ke karolo ea tlhaho. Re lokela ho ithuta ho khothaletsa likokoanyana le limela tsena
tse kang bo maleshoane, seroalankhoana, bobi, linqanqane, mekholutsoane le linonyana e le
hore li tle li je likokoanyana tsena tse senyang ka lirapeng. Likokoanyana tsena li bitsoa
‘predators’, 'me ha u ka oa li tlohela ka serapeng sa hau li tla u tsoela molemo.
• Lipampiring tse fetileng joalo ka ea ‘tlhahiso ea lijalo’, re buile ka ho jala mefuta e
fapakaneng ea lijalo le ho jala lijalo tse sa tšoaneng selemo le selemo. Hape, ho a lumeleha
hore meroho e ka kopangoa le limela tse ling tse nang le menkho e bohale hore e tebele
likokoanyana tse senyang lijalo empa e le limela tse tlang ho hohela li ‘predators’.
Setšoantšong se ka holimo, ‘nasturtiums’ le kuena li jetsoe ‘moho le meroho.
TAOLO EA LIKOKOANYANA
LE MAFU LIJALONG
KA HOLIMO KE SETŠOANTŠO SE BONTSANG E MENG EA MELEMO EO LIKOKOANYANA,
LIHAHABI LE LINONYANA LI E ETSANG KA SERAPENG. KAOFELA KE METSOALLE EA MOLEMI
KA HA LI MOTHUSA HO LAOLA LIKOKOANYANA
‘NASTURTIUM’ LE
KUENA
Litlama-tlama tse
tebelang
likokoanyana
BOBI
Bo behela
mahe a
bona
holima
liboko
MESIKAPHALLA
Li ja khofu le
mahe a
likokoanyana tse
senyang, ‘me ka
tsela ena li nkoa e
le metsoalle ea
molemi hobane li
mo thusa ka ho ja
lintho tseo
molemi a sa
lihlokeng
serapeng sa hae
LINONYANA, LINQANQANE,
MEKHOLUTSOANE LE LEMPETJE
Tsona li ja likokoanyana
SEROALANKHOANA
Li ja mefuta eohle ea
likokoanyana
BOBI LE LIBOKO
TSA BONA
li ja hoaba
leqephe 108 TAOLO EA LIKOKOANYANA LE MAFU LIJALONG
Lethathamo le latelang ke la limela tse menko e bohale
tse ka jaloang ‘moho le meroho ea hau:
‘Pyrethrum’ le ‘Feverfew’
Limela tsena ke tsa lelapa le le leng le chrysanthemum. Li na le lipalesa
tse nyenyane tse bileng li khabisitseng ka serapeng, feela li na le chefo e
ka bolaeang likokoanyana tse bakang tšenyo ka serapeng. U ka li lema
mathuleng a lirapa tsa hau kapa mona le mane ka hare ho serapa sohle
sa hau.
Peo ea limela tsena u ka e reka. Ngolla atereseng e latelang:
Mahlathini Organics, PO Box 807, Richmond, 3780, KZN,
South Africa.
Lipalesa tsa Marigolds
Le tsona li sebelisoa ka mokhoa o tšoanang
le tse ka holimo. Li boetse li na le
makhabane a hore li atleha ho tebela li
‘nematodes’ e leng manyooa a masesanyane
a jang metso ea lijalo ka mobung.
‘Fennel’
Sena ke semela se setle bakeng sa ho hohela bobi.
Bobi bo behela mahe a bona kahare ho seboko ‘me
ka tsela ena bo atlehe ho bolaea seboko sena ka
bongata.
Lengana
Limela tsena li hola hore li be li etse morunyana, kahoo, li hloka ho lengoa
qetellong ea serapa kapa li fuoe sebaka sa tsona moo li tlang ho holela teng.
Tee e entsoeng ka makhasi a tsona e ntle bakeng sa ho phekola sefuba.
Monkhane
Ke lehola le thusang ho thibela likokoanyana tse bakang tšenyo lijalong.
Etsoa bonnete ba hore li teng serapeng sa hau.
Ho jala lijalo tse kang ‘cauliflowers’ ,’lettuce’, ‘fennel’ le anyanese ‘moho ke
mokhoa o motle oa ho loantša hoaba le ‘diamond back moth’
BOBI
MEFUTA FAPAKANENG EA LI “NEMATODES”
SERURUBELE LE LIBOKO SA SONA
‘FENNEL’
TAOLO EA LIKOKOANYANA LE MAFU LIJALONGleqephe 109
HO LEMA LIJALO TSE MATLAFETSENG HANTLE
Lijalo tse phetseng hantle ha li futuheloe ke likokoanyana le mafu.
Ha mobu o le manoni o bile o tšeloa mosuela le moiteli selemo le selemo, o tla hlahisa
lijalo tse phetseng hantle. Etsa bonnete ba hore lijalo tsa hau li lula li ena le metsi ha ho
hlokeha.
Nakong ea Kotulo, khetha lijalo tse phetseng hantle ho feta tse ling, moo ho tsona u tla
iphumanela peo.
Pele ho jaloa, khetha peo kapa sethopo se phetseng hantle.
Jala meroho ka nako e nepahetseng ea selemo sa temo. Lijalo tse ling li hloka ho jaloa e sa
le nako e le ho li sireletsa hore li se ke tsa futuheloa ke likokoanyana le mafu. Mehlala ke
seboko sa lehlaka pooneng le ‘blight’ litapoleng.
• Ts’ireletsa mobu letsatsing le moeeng hore o se lahleheloe ke mongobo.
Ha u qeta ho hlaola, se siee lehola le tletse-tletse le serapa hobane menkho ea lona e
hohela likokoanyana tse senyang lijalo. Hona le hore li tlale-tlale joalo, u ka li sebelisa ho
etsa mokeli-keli (u khothaletsoa ho bala sehloho se buang ka ‘Ntlafatso ea mobu’). Haeba
u bona hore mekhoa e ka holimo ea ho thibela likokoanyana le mafu lijalong tsa hau e sa
sebetse, ho ntse ho ena le mekhoa e meng eo u ka e sebelisang ho phema mathata ana.
THIBELO KATŠEBELISO EA LINTHO TSEO U KA
LI BONANG OA BA OA LITŠOARA
Linonyana:
U ka qobisa lijalo tsa hau hore li se ke tsa jeoa ke linonyana ka mekhoa e latelang:
Sebelisa lithupa tse ‘ne (4) le nete ho etsa hoko (cage) ea linonyana.
Koahela sethopo sa hau ka nete kapa boseka
bo faselelitsoeng terateng e kobehileng
halofo.
Faseletsa terata tse ngata ‘moho e be u li
tlamella ka li phek’se (pegs).
Litšosetsi le tsona lia khothaletsoa, feela li
lokela hore li se ke tsa lula ng’a e le ngoe
nako e telele hobane linonyana li tla
qetelletse li se li litloaetse, ebe ha li sa tšoha.
LIJALO LI SIRELELITSOE LINONYANENG KA
TŠEBELISO EA NETE KAPA EA BOSEKA BO
FASELELITSOENG ‘MOHO
Etsoa:
The Complete Book
of Self Sufficiency
leqephe 110 TAOLO EA LIKOKOANYANA LE MAFU LIJALONG
Seseli:
Mofuta ona oa seboko o motenya, o ‘mala o
mosoothoana. O phela ka tlase ho mobu hanyane, moo
teng o senyang ka hoja mahlakana (stems) a lijalo tse
nyenyane.
Mokhoa oa ho tlosa seseli ke hore, hoseng u no cheke
ka monoana pela lijalo tse pongoeng, ebe u nka
seseli seo u fepe likhoho tsa hau kapa u se bolae.
Litšireletsi li teng tse ka sebelisoang ho sireletsa sethopo sa
hau ho seseli. Tsona li pota potisoa sethopo hang ha se
qetoa ho hlongoa. Mohlala, u ka sebelisa lebokose la
lebese le rekoang la motsilili, lona ebe u le bula ka holimo
le ka fatše, u ntano hloma sethopo sa hau ka hare ho
lona. U ka boetse oa sebelisa botlolo ea polasitiki, le eona
u e khaole joalo ka lebokose la lebese. Khothaletso ke hore
litšireletsi tsena li tebisoe ha li kengoa mobung, bonyane
botebo ba menoana e ‘meli (3 cm) ho seng joalo seseli sena se
tla phunyeletsa ka tlase ho tsona.
Bongata ba liboko bona le thla-
tlhatlhamano (life cycle) e latelang ea
bophelo ba tsona:
Ho qala ka serurubele se tla behela
mahe, ao oona a tlang ho qhotsoa,
ebe ho hlaha liboko. Seboko sena ke
sona se jang lijalo. Kamor’a nako
seboko sena sea fetoha ebe bokone,
boo bona ka lehlohonolo bo sa
senyeng lijalo tsa hau. Le ha hole
joalo, bokone bona le bona bo tsoala
serurubele se tlang ho behela mahe a
tla qetelletse a qhotsitsoe, liboko li
hlasele lijalo, ebe li ntse li ipheta
joalo-joalo.
Ho bonolo hore u hohele mefuta e fapakaneng ea lirurubele
u sebelisa leraba le nang le lebone. Lona le behoa kantle
bosiu. Leraba lena la khanya le tla fokotsa sekhahla seo
mahe a beheloang ka teng ke mefuta e fapakaneng ea
lirurubele.
SETŠIRELETSI SE
SIRELELITSENG
SETHOPO HO SESELI
SERURUBELE
MAHE
LIBOKO
BOKONE
Etsoa: Production without Destruction, 1995
LERABA LA KHANYA
BAKENG SA HO TŠOASA
LIRURUBELE
Etsoa: Production
without Destruction, 1995
TLHATLHAMANO EA BOPHELO BA TSE LING TSA
LIKOKOANYANA
SESELI
TAOLO EA LIKOKOANYANA LE MAFU LIJALONGleqephe 111
Likhofu:
Li ka tlosoa hantle feela ka matsoho.
Li tšele ka nkhong e tšetseng metsi
kapa li fepe likhoho.
Mokhoa o mong hape ke hore u nke sekotlolo se
tletseng joala e be u se beha serapeng sa hau. Etsa
bonnete ba hore se lutse hantle hoo khofu e tlang ho
hoheleha ha bobebe e be e qetelletse e kolumetse ka
sekotlolong. Ha ese e oetse, e fepe likhoho kapa u e
bolaee.
TEE E LAOLANG
SEKHAHLA SA MAFU LE
LIKOKOANYANA LIJALONG
Likokoanyana le mafu a lijalo li ka behoa tlas’a
taolo ka tšebeliso ea mefuta e fapakaneng ea
metsoako ea lijalo. Tšebeliso ea tsona e etsoe
feela haeba mekhoa eohle e se e hlotsoe.
Makhabane a ho sebelisa mokhoa ona ke hore ha o theko e phehameng hape o ka etsetsoa
lapeng.
Lintlha tsa bohlokoa tsa ho etsa motsoako
oa ho tšella lijalo
Sebelisa sesepa se kang ‘sunlight’ e seng
sa phofo kapa se metsi. Se kopanye le
motsoako oa hau ho etsa hore motsoako o
tle o mamarele lijalo le likokoanyana.
Sebelisa lesela ho sefa motsoako. Ha u se
u sefile, u ka sebelisa lefielo ho o fafatsa.
Ka ha motsoako ona o chefo, etsa bonnete
ba hore o anela likokoanyana le matšoao a
mafu hantle.
Metsoako e meng e chesa lijalo haeba e loile
haholo, kahoo, u lokela hore u etse teko ea
motsoako oa hau lijalong tse ‘maloa pele u ka e
tšela serapeng kaofela.
Khothaletso ke hore u fafatse likokoanyana tse senyang lijalo motseare oa mantsiboea.
Ha pula e ena, se ke oa fafatsa hobane motsoako o tla hlatsoeha o batle hore o u tšele
hape.
KHOFU
SEKOTLOLO SE
TSETETSOENG KA SERAPENG
SE TŠETSE JOALA HO
HOHELA LIKHOFUTOANTŠO EA LIKOKOANYANA
LE MAFU
NTLHA
EA BOHLOKOA:
Kaha motsoako oo e le
chefo, etsa bonnete ba hore
bana ha ba atamele moo u ntseng
u o etsa. Haeba u tlo belisa
motsoako, sebelisa pitsa ea khale eo
u seng u sa e sebelise ho pheha.
Roala liatlana ha u ena le tsona.
Etsoa: The Complete Book of Self Sufficiency
Etsoa: Production without Destruction, 1995
leqephe 112 TAOLO EA LIKOKOANYANA LE MAFU LIJALONG
Lethathamo le latelang ke le bontšang tse ling tsa limela, hore na
motsoako o riteloa joang le hore na o sebelisoa ho phekola eng:
Lekhala
Mofuta ofe kapa ofe oa lekhala o ka sebelisoa.
Sila makhasi a lekhala ebe u oa tšela metsing ka karoloana ea
‘ngoe ea phoshoana ea lekhala ho tse hlano tsa metsi (1:5). Hona
ho bolela hore metsi a be mangata ha hlano ho feta makhasi. Ha u
qeta, sefa motsoako ka lesela ebe u fafatsa lijalo tsa hau.
Mokhoa o mong e ka ba oa ho sila makhasi a ommeng ebe u
fafatsa lijalo le peo ea hau.
TOANTŠO:
Lekhala le loantša likokoanayana ka mefuta ea tsona
kaofela, marutle, hoaba le seboko.
• Tšupa.
Lengana
Khabella makhasi ka karoloana e le ‘ngoe ho isa ho tse ‘ne (1:4) ka metsing, hona ho bolela
hore ho seatla se seng le se seng se tletseng makhasi, u tšele li lithara tse ‘ne (4) tsa metsi,
ebe u li tlohela ka metsing ao matsatsi a mabeli ho isa ho a supileng pele u
o sebelisa. Kopanya motsoako oo le sesepa.
TOANTŠO:
Motsoako ona o loantša likokoanyana ka kakaretso le likhofu.
Theepe
Nka makhasi a ntseng a le metsi a ka tlalang polasitiki (1 Kg) ebe u oa
sila. Kopanya lero le tsoang moo makhasing le li lithara tse tharo (3 L)
tsa metsi a sesepa ebe oa fafatsa.
TOANTŠO:
Motsoako ona oa theepe o loantša mefuta e fapakaneng ea mafu a
kang matheba a fumanoang makhasing (leaf spot) le lefu la makhasi
le bitsoang ‘blight’.
HOABABOHLOAMASETLAOKE LERUTLE
KHOFU
Monkhane
Nka peo e ka tlalang lebekere e be u e belisa metsotso e leshome, kapa u
e tlohele ka metsing bosiu kaofela. Kopanya motsoako oo le lithara e le
‘ngoe ea metsi a sesepa e be oa fafatsa.
TOANTŠO: Motsoako ona o loantša likokoanyana ka kakaretso, hoaba,
bohloa, maleshoane, liboko, seseli, ‘mites’, masetlaoke le litšintši.
LITŠINTŠI
‘MITES’
MASETLAOKE
TAOLO EA LIKOKOANYANA LE MAFU LIJALONGleqephe 113
Chilisi
Khabela lichilisi tse ka tlalang lebekere (hlokomela u seke oa isa matsoho
mahlong, u tla fahloa ke chilisi e saletseng moo).
• Kopanya chilisi le lithara tse peli tsa metsi.
Tlohella chilisi ena ka metsing matsatsi a ka bang mabeli ho isa ho a
mararo kapa u li belise metsotso e leshome le metso e mehlano.
• Kopanya lebekere le tletseng la makumane ho fihlela tsohle li qhibilihile.
• Sefa motsoako ho tlosa masalla a chilisi.
• Ha ho chesa haholo, fafatsa motsoako ha ‘ngoe ka beke.
TOANTŠO:
Chilisi e loantša
liboko, hoaba le bohloa.
Hlokomela
hore
motsoako ona o
ka chesa makhasi a
lijalo tsa hau ha
eba o loile
haholo
HOABA
BOHLOA
SEBOKO
Konofolo le Hanyanese
Khabela konofolo tse tharo tse kholo (kapa hanyanese ho isa ho tse
peli), ebe u li inela matsatsi a mabeli ka mafureng kapa ka parafining
e ka tlalang likhaba tse kholo tse peli. Sefa ebe u kopanya le lithara e
le ngoe ea metsi a sesepa. Hlapolla motsoako ona ka karoloana e le
‘ngoe ho tse leshome tsa metsi ebe oa fafatsa.
TOANTŠO: Li loantša likokoanyana ka kakaretso,
hoaba, ‘mites’, manyoha le masetlaoke. Hape o boetse
o phekola mafu a kang matheba a fumanehang
makhasing (leaf spot),
‘blight’ le ‘damping off’.
Lipalesa tsa marigolds
Mona teng re sebelisa sejalo kaofela. Sebelisa limela tse peli ho
isa ho tse ‘ne (2-4), e be u sila makhasi, methapo le lipalesa tsa
tsona ‘moho. Li tšele ka metsing a belang a etsang lithara ebe u
li inela letsatsi le le leng. Letsatsi le hlahlamang, kopanya
motsoako le lithara ea metsi a batang a sesepa ebe u tšella lijalo
tsa hau. Sebelisa masalla a makhasi le methapo ho sireletsa
mobu khahlanong le lebatama la letsatsi.
TOANTŠO:
‘Marigold’ e loantša likokoanyana ka kakaretso, bohloa, hoaba,
maleshoane, seboko sa lehlaka, hammoho le mefuta e mengata
ea mafu joalo ka matheba a fumanoang makhasing (leaf spot) le
lefu le bitsoang ‘blight’.
HOABA
‘MITES’
BOHLOA
MASETLAOKO
leqephe 114 TAOLO EA LIKOKOANYANA LE MAFU LIJALONG
Molora oa patsi
• Kopanya khaba e kholo e
tletseng molora oa patsi le
lithara e le ‘ngoe ea metsi a
sesepa. Tlohela motsoako bosiu
kaofela. U sebelise ho fafatsa
likokoanyana ka kakaretso.
• Kopanya khaba e kholo e
tletseng molora oa patsi le lithara e le ‘ngoe ea metsi a sesepa,
kopanya hape le lebekere le tletseng la mafi ebe u boetse u
tšela li lithara tse tharo tsa metsi.
TOANTŠO: Molara oa patsi o phekola ‘mildew’ lijalong le mefuta
e mengata ea likokoanyana.
• Ala molora oa patsi u pota potisa sejalo sa hau, ebe u tšella
hanyane ka hanyane.
TOANTŠO: Likhofu, seseli
PHEKOLO NTLE LE TS’EBELISO EA LIMELA
Lethathamo le latelang ke la ho phekola likokoanyana le mafu lijalong u sa sebelise limela.
Koae
TLHOKOMELISO: Koae e
kotsi haholo kaha e le
chefo bathong le
likokoanyaneng. Etsa
motsoako o latelang ka
hlokolosi.
Sebelisa liatla tse peli tsa makhasi a
omeletseng a koae kapa li tompi tsa koae.
Tšela lithara tse hlano tsa metsi ebe u
belisa tsohle metsotso e ka bang mashome
a mararo. Sefa motsoako e be u kopanya le
sesepa. Emela motsoako o fole. Tšella ka
oona ha ‘ngoe ka beke.
TOANTŠO: E loantša seseli, seboko,
hoaba, litšintši le tšupa.
LEBEKERE LE LE LENG
LE TLETSENG LITOMPI
LI LITHARA TSE HLANO
TSA METSI
BELISA METSOTSO E
MASHOME A
MARARO
SEFA E BE U TŠELA SESEPA
CHEFO
sesepa se setala ka ‘mala
se hlatsoang liphahlo
TŠUPA
LIBOKO
SESELI
HOABA
Ke phofshoana e tšoeu e
fumanehang haholo ka
holima lekhasi
Hlobo
Matheba a masehla le
likaroloana tse bopang
lekhasi le ha feela li se li
shoele
TAOLO EA LIKOKOANYANA LE MAFU LIJALONGleqephe 115
Phofo
Kopanya khaba e kholo ea phofo metsing a lithara e le
‘ngoe. Tlotsa bo ka fatše ba makhasi e leng moo li
‘mites’ le hoaba li ratang ho ipata teng. E sebelise
hoseng mohlang ho chesang.
TOANTŠO:
‘Spider mites’, liboko le hoaba
‘MITES’
SEBOKO
HOABA
Lebese
Kopanya lithara ea lesebe le li lithara tse leshome tsa metsi, ebe u tšella lijalo tsa hau e le
ho loantša ‘spider mites’ le ho phekola mafu a kang ‘mildew’ mokopung, ‘blight’ tamating le
litapoleng le ‘mosaic virus’ lipepereng. Tšella ka mor’a matsatsi a mang le a mang a
leshome.
Mokeli-keli /Tee ea Moiteli
Bala sehloho se buang ka ‘Ntlafatso ea mobu’ moo teng ho hlalositsoeng ka botebo ho etsa
mokeli-keli.
Kopanya kharafu e le ‘ngoe e tletseng ea mosuoela kapa moiteli kahar’a metsi a li
lithara tse leshome.
Tlohela motsoako ona matsatsi a leshome ho isa ho a leshome le metso e mene.
Moiteli oa liphoofolo o tlameha ho hlapolloa ka karoloana e le 'ngoe ea mokeli-keli ho
tse ‘ne tsa metsi (1:4). Tee ea mosuoela eona e sebelise e le joalo.
Fafatsa motsoako ona lijalong tsa hau hangoe ka mor’a matsatsi a supileng ho isa ho a
leshome.
TOANTŠO:
Ka kakaretso e sireletsa lijalo khahlanong le ho futuheloa ke likokoanyana le mafu. Li
boetse li na le matla a ho tebela hoaba, liboko, marutle, maleshoane, ‘mites' le seseli.
SEBOKO
HOABA
‘MITES’
LERUTLE
SESELI
leqephe 116
TEMO EA LIFATE TSA LITHOLOANAleqephe 117
SELELEKELA
Ho oa lumelleha hore mefuta e mengata ea lifate tsa litholoana e ka lengoa ho pota lelapa. Li
ka itlhahisetsoa ka mokhoa oa peo, ka ho khaola makalana ho tsoa ho tse kholo, le ho reka tse
nyalisitsoeng ho Bahlahisi ba tsona.
KHETHO EA SEBAKA
Mefuta e fapakaneng ea lifate tsa litholoana e mela hantle maemong a leholimo a fapakaneng.
Tlhaloso e latelang e fana ka malebela hore na ke lifate life tse ka melang ka libaka ho fapana.
TEMO EA LIFATETSA
LITHOLOANA
Libaka tse batang haholo: tseo serame se oelang
hangata Mariha le tseo lehloa le khethehang.
Libaka tse sa bateng haholo: Tseo serame se sa
oeleng hangata, moo lehloa le ts’ohang le khethehile.
Liapole, lipere, liperekisi, matebele,
lipolamolialmonds, morara, licheri, le mabolilana/
apolekose.
Liapole, lipere, liperekisi, matebele, lipolamo,.
lialmonds, morara, licheri, le feekha mabolilana.
leqephe 118 TEMO EA LIFATE TSA LITHOLOANA
Lifate li ka hola nako e telele ’me ho bohlokoa ho khetha sebaka se nepahetseng ho lilema.
Ho hlokahala sebaka se:
Mobu o tebileng o sa lumelleng metsi hore a eme.
Letsatsi le lekaneng, se be moathameleng eleng letsoapong le shebileng ka Leboea. Lifate
li se ke tsa lengoa phuleng, le matsoapong a shebileng ka Boroa hobane ha ho futhumale
joalo ka matsoapo a shebileng ka Leboea;
Moo lifate li ts’ireletsehileng moeeng.
LETSATSA LE SHEBILENG
LEBOEA LE FOTHUMETSE
LETSATSA LE
SHEBILENG
BOROA LE EA
BATA
PHULA E BATANG
Mela ea lifate eka ts’oara moea
’me li ts’oanetse ho tlosoa
Moea o pholileng o
foka ho theosa le
letsatsa o sa senye lithung-thung
Moea o batang o phuleng ha e le Mariha
TEMO EA LIFATE TSA LITHOLOANAleqephe 119
Ha nako e atamela Maria lifate li qala ho hlohloreha makhasi e le mokhoa oa tsona oa tlholeho oa ho phomola.
Hore li hlasimolohe phomolong ena ea tsona li hloka mohatsela o khethehileng. Bongata ba mohatsela bo
fapana ka mofuta oa sefate ka nngoe, se seng se tla hloka o mongata ha se seng se tla hloka o fokolang. Empa
ka nako engoe ho etsahala hore khoeling tsa Phuptjane le Phupu ho se ke ha bata haholo, ’me hoo ho etsa
hore lifate li liehe ho lahla makhasi ka hona li lieha ho phomola. Hona ho etsa hore nako ea selemo ha lifate li
boetse li thunya ebe lithunthung lia oela ’me makala a mang a ikhethela ho se hlasimolohe e be a roballa ruri.
Ka hona lifate ha li behe hantle. Ke ka hona ho leng bohlokoa hore ha li lengoa moo ho chesang ho se ke ha
khethoa tse hlokang mohatsela o mangata Mariha.
HO KHETHA MOFUTA OA SEFATE SA LITHOLOANA
Sefate ka seng se na le mefuta e fapakaneng ka hona ho hlokahala hore ho khethoe mofuta ka
mong o tla lokela sebaka se itseng le maemo a teng a leholimo. Mefuta e meng e mela hantle
libakeng tse batang ha e meng e mela hantle ho tse futhumetseng.
Ntho e lokeloang ho eloa hloko ha ho khethoa mofuta ke
phoshoana e fetisetsang botona botsehaling
Mona ho hlokahala hore mefuta e ’meli e fapakaneng ea sefate se ts’oanang e be e
khethehileng;
Mohlala: ho ka lengoa lifate tsa liapole tse bitsoang Granny Smith le Golden Delicious.
Li tla thusana hore li behe litholoana ka ho romellana phoshoana e nang le botona
bots’ehaling. Lithung-thung tsa mofuta o mong o tla hloka ho neheloa ka phoshoana ea
mofuta o mong. Li hloka ho beha lithung-thung ka nako e le ‘ngoe li be li lumellane e le
hore mefuta ena ka bobeli e tle e behe litholoana.
Lifate tsena li se ke tsa lengoa li arohantsoe ho feta linoko tse 30 e le hore phoshoana e tle
e tlohe sefateng se seng ho ea ho se seng ka thuso ea linotsi le moea.
Ho ka lengoa sefate se le seng sa mofuta o itseng le tse ‘ne hoisa bohlanong tsa mofuta
o itseng ho ea ka khetho ea motho ka mong. Hona ho bolela hore ho ka lengoa mofuta o
itseng oa sefate ho feta o mong.
LIFATE TSOHLE
TSE LENGOANG
LESOTHO LI HLOKA
PHOSHOANA NTLE
LE MORARA
leqephe 120 TEMO EA LIFATE TSA LITHOLOANA
Mefuta eo ho ka khethoang ho eona:
Ho na le mefuta e mengata haholo eo ho ka khethoang ho eona, ‘me e mengata e tsoela-pele
ho etsoa. Ka hona ho molemo ho botsa pele litsing tsa tsoaliso ea lifate tsa litholoana hore na
ke mefuta e feng e atlehang hantle sebakeng ka seng.
MEFUTA E RATANG SERAME SE SENGATA MEFUTA E TS’ABANG SERAME SE SENGATA
LEBITSOSE FETISANG
PHOSHOANA
NAKO
EA HO
BUTSOA
LEBITSOSE FETISANG
PHOSHOANA
NAKO EA HO
BUTSOA
LIAPOLE
Granny
Smith: apole
e tala
Ke: Golden Delicious kapa
Starking /Top Red
‘Mesa Granny
Smith;
apole e tala
Ke: Golden
Delicious kapa
Starking /Top
Red
‘Mesa
Golden
Delicious:
apole e ts’hla
Ke: Granny Smith kapa
Starking /Top Red
5 HlakolaGolden
Delicious:
apole e
ts’hla
Ke: Granny
Smith kapa
Starking /Top
Red
15 Hlakola
Starking/
Top Red:
apole e
khubelu
Ke: Golden Delicious kapa
Granny Smith
Hlakubele Starking/
Top Red:
apole e
khubelu
Ke: Golden
Delicious kapa
Granny Smith
Hlakubele
LIPERE
Packhams:
e talanyana
Bon Chretion and ForelleMahareng a
Hlakola
Packhams;
e talanyana
Clapp's FavouriteMahareng a Hlakola
Bon
Chretion;
apole e
ts’ehla
E ea inyalisaHlakubele
Forelle; e
ts’ehla bo
kopaneng le
bokhubelu
Packhams and Bon
Chretion
Maqalong a
‘Mesa
LIURUMU
Santa Rosa:
e khubelu
‘mele kaofela
E ea inyalisa15 Ts’itoe –
maqalong a
Pherekhong
Pioneer; e
khubelu
E ea inyalisa20 Pulungoana
Songold: e
ts’ehla ‘mele
kaofela
Santa Rosa, Laetitia15 HlakolaSongold: e
ts’ehla ‘mele
kaofela
Santa Rosa,
Laetitia
15 Hlakola
Laetitia; e
khubelu
Songold30
Pherekhong
Laetitia; e
khubelu
Songold30 Pherekhong
TEMO EA LIFATE TSA LITHOLOANAleqephe 121
MEFUTA E RATANG SERAME SE SENGATA MEFUTA E TS’ABANG SERAME SE SENGATA
LEBITSOSE FETISANG
PHOSHOANA
NAKO
EA HO
BUTSOA
LEBITSOSE FETISANG
PHOSHOANA
NAKO EA HO
BUTSOA
LIPEREKISI
Elberta;
motloha o
mosehla
E ea inyalisa25 Phato1 HlakolaDe Wet;
motloha o
mosehla
E ea inyalisa25
Phuptjane
25 Ts’itoe
Kakamas; e
ts’ehla
E ea inyalisa15 Phato15
Pherekhong
Oom Sarel:
e ts’ehla
E ea inyalisa5 Phato15 Ts’itoe
Early Dawn:
motloha o
mosoeu
E ea inyalisa15 Phato20
November
Boland;
motloha o
mosoeu
E ea inyalisa15 Phato15 Ts’itoe
MATEBELE
Flavortop;
e khubelu bo
lefifi
E ea inyalisa20 Phato5
Pherekhong
Sunlite; e
khubelu ka
ntle e ts’ehla
ka
E ea inyalisa5 Phato5 Ts’itoe
LIAPOLOKOSO
Peeka; e
ts’ehla
E ea inyalisa15 Loetse25 Ts’itoePalsteyn; e
ts’ehla
E ea inyalisa30 Phato30 Ts’itoe
MOKHOA OA HO LEMA LIFATETSA LITHOLOANA
Ho bohlokoa ho lokisa sekoti libeke tse ‘maloa pele sefate se hlongoa. Mobu o phomola hantle
le hore mosuela o sebe kotsi haholo methapong ea sefate.
Tokiso ea sekoti
1. Cheka sekoti sa bophara
le botebo ba linoko tse
80 mahlakore a mane.
Sefate se hloka sekoti
se seholo hore se hole
hantle. Arola mobu o ka
holimo le o ka tlase.
Mobu o ka
holimo Mobu o ka
tlaase
leqephe 122 TEMO EA LIFATE TSA LITHOLOANA
2. Ts’ela emere ea manyolo (10 litres) ka
sekoting. E kopanye le mobu o tsoang ka
tlase.
3. Tsoaka likharama tse 500
tsa superphosphate kapa
kilokharama e le ngoe ea
masapo a sitsoeng.
4. Ts’ela liemere tse peli hape tsa
manyolo li kopanye le mobu o
neng o le ka holimo.
5. Busetsa mobu ka sekoting kaofela.
Mobu o mong oa kaholimo o ka
nkoa sebakeng se seng.
HO HLOMA SEFATE
Tlhokomelo ea sefate se senyane pele se lengoa
Ha se ts’etsoe ka mokotleng oa polasetiki se
ts’elle khafetsa.
Ha metloang e sa koaheloa ka letho, e koahele
ka lehlabathe ‘me u koahele ka ‘methe ho fihlela
se hlongoa. Ts’ela methapo ea lifate ka nkhong
ea metsi lihora tse peli ho isa tse tharo pele se
hlongoa.
BEHA LIFATE KA
METSO KA EMERENG
LIHORA TSE PELI
PELE LI HLONGOA
Mobu o ka
holimo le
manyolo
Mobu o ka
holimo
METHA KA LEKOTI-KOTI
LA KHALE LA OLI
Manyolo
TEMO EA LIFATE TSA LITHOLOANAleqephe 123
Ho lema sefate se ts’etsoeng ka mokotleng oa polasitiki
Tsena ha ngata li lengoa Lehlabula (Loetse - Pulungoana) ’me li tlabe li hlahisitse makhasi ha
li lengoa.
1 Noesetsa sefate se ntse sele ka moo u sa choatle mobu.
2. Cheka mokoti o lekanang hantle (mokoti o lengoeng pelenyana) le mokotlana oo seleng ka
ho ona.
3. Se nts’e ka mokotleng.
4. Se kenye ka mokoting, koahela methapo hantle, m’e bophahamo bo lokela ho lekana le ba
sona ha se ntse sele ka mokotleng.
5. Karolo ea moo se nyalisitsoeng e tlameha ho hlaha ka holimo ho mobu ka linoko tse
leshome (10 cm).
• CHEKA SEKOTI BOHOLO BO
LEKANANG LE MOKOTLA.
• TABOLA MOKOTLA KA HLOKO
NTLE LE HO SISINYA MOBU O
KOAHETSENG METHAPO.
TLHOKOMELISO:
LENGOLE LA NYALISO EA SEFATE
LE LOKETSE HOBA KA HOLIMO HO
MOBU KA LINOKO TSE LESHOME
(10 cm).
BOLOKA LIFATE MORITING
PELE LI LENGOA
KOAHELA METSO KA
JOANG, MARATH’A-LILEPE
KAPA LEHLABATHE LE
MONGOBO
Lengole la nyaliso ea sefate:
Lifate tse hlaha li mela mebung e fapakaneng le maemong a fapakaneng a leholimo ‘me li na le methapo e
matla. Litholoana tsa lifate tsena ha li tenya haholo li bile li hloka tatso e monate. Lifate tse ling tse seng matla
li ka beha litholoana tse hantle li bile li latsoeha. Ho fumana sefate se methapo e matla le litholoana tse hantle,
metso ea lifate tse hlaha e kopangoa le makala a sefate se behang litholoana tse latsoehang. Mokhoa ona
o bitsoa ho nyalisa sefate; me sena se etsoa ka ho khaola sefate se hlaha ka holimonyana ho metso e be se
kopangoa le makala a sefate se behang litholoana tse monate tse kholo. Likarolo tsena tse peli li hola ha ‘moho
‘me li fetoha sefate se le seng. Lengole moo tsena tse peli li kopantsoeng le tlameha ho ba ka holimo ho mobu
nako eohle ha sefate se lengoa.
Noesetsa lifate
matsatsi a mang le a
mang a mabeli hoisa
ho a mararo
Noesetsa
lifate hang ka
letsatsi
Kutu ea motso
Bokaholimo
ba sefate
10 cm
Lengole la
nyaliso ea
sefate
Lifate tse ka mekotlengLifate tse seng ka mekotleng
leqephe 124 TEMO EA LIFATE TSA LITHOLOANA
Ho lema sefate se sa ts’eloang ka mokotleng
Tsena li lengoa ha ngata Mariha ho isa mafelong (Phupu-Phato).
1. Cheka sekoti se seholo bo fetang metloang ea
sefate seo.
2. Poma ka bohloeki metloang e bonahalang e
utloile bohloko e le ho qoba mafu.
3. Ts’oara sefate hore se be holingoana ka
sekoting ho feta ka moo se neng se le
kateng pele.
4. Koahela methapo kahloko, ts’ela le
lipakeng tsa eona e le hore ho sebe
sebaka se salang. Sefate se ts’oanetse
hore lekane ka botebo bo lekanang le
moo se tlohang teng ka mobung.
5. Karolo ea moo se nyalisitsoeng e tlameha ho hlaha ka
holimo ho mobu ka linoko tse leshome.
6. Hang ha sefate se qeta ho hlongoa, se faole makhasi,
sena se thusa hore se hole ka pele ka ha metloang e
satlo tlameha ho fepa makhasi a mangata.
Lengole la nyaliso ea
sefate le loketse hoba ka
holim’a mobu ka linoko
tse leshome (10 cm).
LINOKO TSE 60
(BOPHAHAMO BA
LENGOLE)
TEMO EA LIFATE TSA LITHOLOANAleqephe 125
7. Hore sefate se hole hantle se otlolohile se ts’ehetse ka
ho hloma thupa pela sona ‘me se tlamelloe ho eona.
Ha sefate se ntse se hola se nka sebaka se se ngata, ka
hoo li arohanye hantle ha li lengoa. Liperekisi, lipurumu
le apolokose li arohanngoa ka bolelele ba kharafu tse
tharo (3metres) lipakeng tsa lifate, likharu tse hlano (5 metres) lipakeng tsa mela.
Lipere, liapole le lilamuno tsona e be likharu tse hlano (5 metres) lipakeng tsa lifate le mela.
Noesetso ea lifate tse sa tsoa
lengoa
1. Hatella ka hloko mobu o pota-potileng sefate.
2. Etsa letangoana le tla ts’oara metsi.
3. Noesetsa sefate ka liemere tse ’ne.
4. Koahela mobu o pela sefate
ka joang bo ommeng,
kapa ka lipampiri e le ho
ts’ireletsa mongobo hore
o se lahlahe ha ho chesa,
hape le ho thibela hore
lehola le se hlahe.
5. Metsi a tlohang marulelong a ntlo le a mathang fat’se a ka lebisoa lifateng ka foro e le hore
ha pula e na, lifate li fumane mongobo.
Lengole la
nyaliso ea sefate
le loketse hoba
ka holim’a mobu
ka linoko tse
leshome (10 cm)
Rabara kapa
lelapi le
sireletsang
Joang
M
e
t
s
i
leqephe 126 TEMO EA LIFATE TSA LITHOLOANA
6. Sebelisa mekhoa e latelang ho noesetsa lifate:
SelemoHoetla le selemoMariha
1Emere tse peli (20 L) kamor’a matsatsi a
mang le amang a supileng ha ho omeletse.
Emere e le ngoe (10 L) ka mora libeke tse
peli ho isa tse tharo.
2Emere tse tharo (30 L) kamor’a matsatsi a
mang le a mang a supileng.
Emere e le ngoe (10 L) kamor’a libeke tse
peli ho isa tse tharo.
3 le tse latelangEmere tse tharo (30 L - 40 L) ho isa tse
nne kamor’a matsatsi a mang le a mang a
supileng
Emere tse peli (20 L) ka mora libeke tse
peli ho isa tse tharo.
MOKHOA OA HO FEPA LIFATETSA LITHOLOANA
Ts’ebeliso ea manyolo
Kamehla ts’ela manyolo pela lifate feela a se thetse kutu ea sefate, koahela manyolo hore a se
lahle boleng kapa matla.
Lilemo tsa sefateLoetseTs’itoe
1Emere e le ngoe (10 L) ea manyoloEmere e le ngoe (10 L) ea manyolo
2Emere tse peli (20 L) Emere tse peli (20 L)
3Emere tse tharo (30 L) Emere tse tharo (30 L)
4Emere tse nne (40 L)Emere tse nne (40 L)
5Emere tse hlano (50 L)Emere tse hlano (50 L)
Ho tloha selemong sa
bohlano ho ea pele ts’ella
ka metsi a lekanang ka
selemo.
Joang
Manyolo
TEMO EA LIFATE TSA LITHOLOANAleqephe 127
TLHOKOMELO EA LIFATE
Tlhakants’uts’u
Ho tloaelehile hore lifate ho
mela ‘moho le limela tse ling
ka tlhaho, ha li lengoe li le ling
li ka hlaseloa ke likokoanyana.
Ka hoo ho molemo ho li lema
le lijalo tse ling tsa mefuta
hore li thusana le ka ho tebela
likokoanyana tse ling.
Ho ka ba bobebe hape ho lema
lijalo tse butsoang ka nako e
khuts’oane lipakeng joalo ka
habore le harese tse e tlare ha li
shoa li etse mosuoela bakeng sa
lifate.
Empa ho ka lengoa hape le tse
nkang nako e telele joalo ka
lesere tseo le tsona li tla heloa
ho etsa mosuoela kapa eona
furu ea liphoofolo.
Mafu le likokoanyana
Ho lema lifate tse phetseng hantle tse hlokang mafu ke mohato oa pele hobane li tseba ho
mamella mafu le likokoanyana. Sebelisa manyolo a mangata ‘me li hlaolele khafetsa.
Mekhoa e meng ea ho etsa lifate tse phetseng hantle:
Ho lengoa hoa menkhane, leeks le konofolo e tebela likokoanyana tse ka
senyang lifate.
Linots’i li ka ruuoa e le hore
li tsebe ho fetisa phoshoana e
etsang litholoana.
Bona hore likokoanyana tse
kang bo-’mantsoai-tsoai,
seroala-nkhoana, maleshoane
le maroana, le liqaqana li ba
teng hoba li ka ja liboko le tse
ling tse ka senyang lifate le
litholoana.
TEMO EA
LIJALO LE
LIFATE ’MOHO
LIPALESA TSA
MARIGOLD
LINOTS’I
leqephe 128 TEMO EA LIFATE TSA LITHOLOANA
Hoaba
Maleshoane
BO-MALESHOANE BA JA
HOABA LE LIKOKOANYANA
TSE LING
BOBI BO JA BOROKU
LIROALA-NKHOANA LE TSONA LI JA
LIKOKOANYANA TSE FAPAKANENG
MOFUTA O MONG OA BOBI O BEHELA KA HARE HO
LIBOKO TSE JANG LITHOLOANA E BE MOHLA MAHE A
QHOTSOANG E BE A JA LIBOKO TSE JOALO
LEFEHLO LE JA LINTSINTSI,
HOABA LE MONOANG
LINQAQANA LI JA LIBOKO LE LIKHOFU
TEMO EA LIFATE TSA LITHOLOANAleqephe 129
Ritela metsoako e ka nkhelang likokoanyana tse senyang ha mpe:
Konofolo le hanyanese: Khabela kotola ea konofolo kapa ea hanyanese li inele ka
likhabaneng tse peli tsa parafini letsatsi lohle. Sefa motsoako ona,’me o tsoake le metsi
a halefo ea lithara. Seha kotola ea sesepa sa “sunlight” se setala ka lehare, se ts’ele ka
motsoakong ho fihlela se thuheile. Hona ho tla thusa hore motsoako o lule mahabeng a
sefate.
Motsoako oa Koae: Motsoako ona o lokela ho sebelisoa ka hloko e kholo ka ha o le
chefo likokoanyaneng tsa bohlokoa joalo ka linots’i le tse ling, o oa libolaea. Belisa
litompi tsa sikarete kapa koae ka lithareng ea metsi.sefa motsoako ’me o hlapolloe ka
lithareng tse peli tsa metsi joale o fafatse lifate.
Sefi sa lintsintsi ka litholoana tse bolileng:
Lintsintsi tsa litholoana li shemola le ho behela
mahe ka hara tholoana. Liboko tse nyane li
qhotsetsoa kahare ho tholoana ebe lia e bolisa.
Litsintsi tsena li rata ho ja lithoaloana tse
butsoitseng joalo ka morara, lilamuni le lipolamo.
Metsi a kopaneng le lero la litholoana le tsoekere li
ka sebelisoa e le ho ts’oasa lintsintsi tse joalo.
– Mokhoa o mong oa ho ts’oara ntsintsi ea
litholoana ke ho tsoaka “Bovril kapa Marmite” le
chefo e kang motsoako oa koae joaloka’ tlaloso e
boletsoeng ka holimo.
Mokhoa o mong oa ho thibela lintsintsi
e ka ba oa ho thonaka litholoana tse
oeleng tlasa lifate tse bolileng letsatsi
le letsatsi, ’me li t’seloe ka emereng e
tletseng metsi a tla thusa hore liboko
li tebe kahara ona. Litholoana tse
joalo li ka sebelisoa ho fepa likhoho le
likolobe. Ho bohlokoa hore liboko tseo
tse nyenyane li se thetse fats’e ka ha
li fumana monyetla oa ho tsoa kahara
litholoana e be li kena mobung joale li
qalelle ho qhotsa lintsintsi tse ling tsa litholoana.
leqephe 130 TEMO EA LIFATE TSA LITHOLOANA
Thatela sefate ka lesela kapa pampiri e tlotsitsoeng ka
kirisi ‘empa etsa hore e se thetse sefate ka ha e chefo
sefateng, likokoanyana tse nyane tse hloang sefate li
tla tsoaseha ebe li a shoa.
Mafu a kang mildew e leng mofuta oa hlobo, phofshoana e
ts’oeu e atisang ho bonahala mahabeng a liapole le lipere,
black spot e leng matheba a mats’o a atisang ho bonahala
mahabeng a lifate le litholoaneng, leaf curl e leng ho sosobana ha mahaba ho bonahalang
hangata lifateng tsa liperekisi le ho tsa matebele e behoa taolong ka ho hlohlora lerole le
ka fumanehang lifateng kapa litholoaneng ka lime sulphur kapa copper-oxychloride, ’me
meriana ena e ka fumaneha mabenkeleng a rekisang lipeo.
POLOKO EA LITHOLOANA
Ho boloka litholoana ka mokhoa oa ho li omisa, ho li ts’ela libotlolong kapa ho etsa jeme ke
mokhoa o nepahetseng haholo oa ho li boloka nako e telele.
Ho omisa litholoana
Haho thepa e khethehileng e
hlokahalang sebakeng sa ho
omisa litholoana, le hoja liomisi
tse entsoeng ka mokhoa o bonolo
li ka thusa. Tholoana e omme ha
fela ho se na metsi a tsoang ka
nako eo e pepetoang.
Li ka lokisoa ho latela liresepe
tse tlang ho latela eaba li behoa
moo ho tsetsitseng kapa holima
boto. Li ka omisetsoa ka tlung
kapa ka ntle letsatsing. Ka
mokhoa o ts’oanang, ho molemo
ho li koahela ho li ts’ireletsa
likokoanyaneng le leroleng le
ka li bolisang, li ka koaheloa
ka lesela, pampiri kapa terata e
ts’esanyane (wire mesh).
HO SOSOBANA HA LEKHAPETLA
LA SEFATE SA PEREKISI
LETHEBA LA
LEKHAPETLA
Liresepe
ho tokisetsong ea
ho omisoa oa litholoana:
• Liperekisi, lipolamo le mabolilana:
seha litholoana lihalefo e be u tlosa tholoana
kahare. Beha litholoana holima terei li shebile
holimo.
• Liapole: Ebola liapole e be u nts’a litholoana tse
kahare. Li khabele ka mokhoa oa selikalikoe (rings) e
be a hanyeoa terateng holima setofo se chesang. Liapole
li hloka hore li ome ka potlako ka ha li fetola ’mala, li
ba sootho kapa li be nts’o joale e ba ha li sa shebahala
hantle sebakeng sa ho jeoa.
• Lipere: Li ebole ’me o tlose litholoana tse ka
hare. Etsa motsoako oa metsi a lithara tse peli
le letsoai ebe li karoloana tse sehiloeng la
lipere li akheloa ka teng. Li nts’e ka
motsoakong e be ua li omisa ka
tloaelo.
TEMO EA LIFATE TSA LITHOLOANAleqephe 131
Ho ts’ela litholoana ka libotlolong
Ho ts’ela litholoana ka libotlolong ke mokhoa o bonolo oa hoba le litholoana tse tsoekere le
tatso e monate ka lapeng selemo sohle. Ho tla hlokahala theko ea libotlolo tsa polokelo tse
nepahetseng ho netefatsa hore litholoana ha li bole. Libotlolo tse nepahetseng ke tse nang le
sekoahelo sa ts’epe le rabara kapa libotlolo tsa mofuta o sothoang likoahelo ho qoba hore moea
o se kene.
FOREIMI EA BOSEKA
FOREIMI E OMISANG EA LELAPI LA CHISI
FOREIMI E OMISANG
EA TERATA
1. TLOSA LIKHONO3.TS’ELA SIRAPA E PHOLILENG
2.PAKELLA LIBOTLOLO KA
LITHOLOANA TSE HLOEKILENG
4.BEHA LIBOTLOLO
HOLIM’A MAJOE
KA PITSA HO
QOBA HO
PEPERANA
5.KOAHELA LIBOTLOLO KAMOR’A HO BELISA
leqephe 132 TEMO EA LIFATE TSA LITHOLOANA
Ho hlokahala litholoana tse sa butsoang haholo. Liperekisi, lipurumu, le liapolekose li ka
arola ka ho lekana. Lipere le liapole li hloka ho ebeloa.
Libotlolo li hloka hore li bolaoe likokoana-hloko (sterilize) pele li ts’eloa litholoana ka ho li
belisa ka metsi ‘moho le likoahelo tsa tsona nako ea metsotso e leshome.
Libotlolo li ts’eloe litholoana tse hloekileng.
Ts’ela sirapa: Halefo ea kopi ea tsoekere metsing a futhumetseng a lilithara tse peli le
halefo. Thetsa-thetsa botlolo ho netefatsa hore haho moea o tlaba teng lipakeng tsa
litholoana.
Belisa litholoana tse ka libotlolong nako ea hora le halefo: Beha likoahelo le lokolohile
botlolong ‘me libotlolo li behoe holim’a majoe a manyenyane ka pitseng e kholo e ts’etseng
metsi. Metsi a loketse ho koahela libotlolo.
Nts’a libotlolo ka pitseng kamor’a metsotso e leshome e pholile. Tiisa likoahelo ho lekana.
Ho etsa Jeme
Litholoana lia tiea ha li belisitsoe ‘moho le tsoekere ka lebaka la boteng ba lero le bitsoang
“pectin” le hlahang ha litholoana le tsoekere li bela. Litholoana tse ling li khona ho etsa jeme
ha bobebe ho feta tse ling hobane li na le pectin e ngata.
Litholoana tse ntle bakeng sa ho etsa jeme: Liapole, lipurumu, liperekise le liapolekose.
Litholoana tse ling li hloka pectin ka mokhoa oa lero la lamune (1 lemon/kg ea tholoana).
Litholoana tsena ke licherri, feekha le merara.
Rasepe:
1. Hloekisa ‘me u khaole tholoana ka likaroloana tse
nyenyane, likhono le maqeba a mang li tlositsoe
2. Ts’ela litholoana ka pitseng. Metsi a
koahele litholoana. Belisa ho fihlela
ho ba bonolo.
3. Ts’ela tsoekere. Ho hlokahala
tsoekere e lekanang le litholoana.
Litholoana tsa boima ba kilograma
ele ‘ngoe bo lekane le kilograma ea
tsoekere.
TEMO EA LIFATE TSA LITHOLOANAleqephe 133
4. Ts’ela lero la lamuni haeba ho sebelisoa litholoana tse
haelloang ke pectin.
5. Belisa butle metsotso e leshome hoisa horeng ho fihlela
jeme e loketse ho tiea. Ho fumana bonnete bona, ts’ela
jeme e nyenyane sekotloloaneng ho fihlela e pholile. Ha
bokaholimo boba thatanyana joalok’a jeli ke sesupo sa hore
jeme e tiile ‘me e ka ts’eloa ka libotlolong.
6. Belisa libotlolo metsotso e leshome. Ts’ela jeme libotlong
tse ntseng li chesa. Koahela ka thata. Li lumelle ho
phola.
KOAHELA LIBOTLOLO TSE
TS’ETSENG LITHOLOANA KA
PAMPIRI E BOKA
leqephe 134 TEMO EA LIFATE TSA LITHOLOANA
HO FAOLA LIFATETSA LITHOLOANA
Selelekela
Ho faola lifate ke ho li tlosa likarolo tse ling tsa tsona e le ho atlehisa kholo ka mokhoa o
ts’oanang. Ho tloaelehile hore ke makaee, kutu kapa makhasi, athe methapo kapa tsona
litholoana ekaba karolo tse ling tse ka faoloang ho atlehisa kholo ea sona ka mokhoa o
ts’oanang. Tholoana e atleha hantle makaleng a macha ho feta a khale. Ka hona, sefate se
metseng makala a macha kamor’a ho faoloa se bea litholoana tse atlehileng ho feta se sa
faoloang hohang.
Ho lifate tse etsang pete e thata (tholoana) joalo ka
liperekisi, lipurumu, le apolokose, le tse pete e bonolo
joalo ka apole, pere le mefuta ea lilamonu, li ka beha
selemo sa pele empa tsa beha ha nyenyane selemong se
hlahlamang kapa tsa se behe hohang. Makala a tsona
a ka imeloa ke litholoana tse ngata ‘me a robeha, ke ka
hoo ho hlokahalang hore ho fokotsoe litholoana e le ho
thibela sena le hona ho fa tse fokolang monyetla oa hore
li atlehe hantle. Hona ho ka thusa hore litholoana tse
beoang ke sefate se joalo li be nyane ka palo empa li be
tenya, ho feta ha li ka ba ngata empa li le ts’esanyane.
BOLELELENG BA METHARA BA LEKALA HO SALE LITHOLOANA TSE 7-8,
KAPA LITHOLOANA TSE ‘NE BOLELELENG BA SEPHAKA.
LIPEREKISI LE LIPOLAMO
10-12 cm
12 cm
Litholoana
li ka qalella ho
fokotsoa makaleng
libeke tse 6-8 ha li lekana
le mapanaki, ‘me boleleleng
ba mithara ba lekala ho
sale litholoana tse 7-8,
kapa litholoana tse ‘ne
boleleleng ba
sephaka.
LIAPOLE LE LIPERE
TEMO EA LIFATE TSA LITHOLOANAleqephe 135
Mabaka a ho faola lifate tsa litholoana
Ho faola makala sefateng sa lithoalaona ho etsa hore:
Sefate se be matla khahlanong le meea e ka se robang.
Sefate se tsebe ho jara boima ba litholoana.
Kotulo ea litholoana e be bobebe hobane se sa phahama.
Ho faola sefate sa litholoana ho thusa ho eketsa khanya le ho foka hoa moea lipakeng tsa
makala ‘me sena se thusa ho fokotsa mafu le hore litholoana li bope li be li butsoe ka potlako.
Ho faola lifate tse ‘nyane tsa litholoana
Lilemong tse tharo tsa pele ho bohlokoa ho bopa sefate kamoo u lakatsang hore sebe ka teng,
‘me hona ho tla fokotsa mosebetsi oa ho faola makala a mangata ha se sentse se hola.
Ho faola lifate tse kholo tsa litholoana
Sefate se qalang ho faoloa
se se se holile se hloka ho
faoloa haholo, ka hona se
ka beha palo e fokolang ea
litholoana selemong seo, ‘me
sa beha haholo selemong se
hlahlamang.
Mehato e lateloang
ea ho faola lifate tsa
litholoana
Kamehla faola lifate ha
ho omme ho phema mafu
maqebeng a bulehileng.
Mohato oa pele: qala ka
ho tlosa makala a omeng a
nang le ts’oaetso ea mafu.
Mohato oa bobeli: tlosa
makala a palamaneng,
a atamelaneng kapa a
thetsanang. Poma ka tsela
e bontsitsoeng setsoantsong
se latelang.
SELEMO SA PELE
SELEMO SA BOBELI LE TSE LATELANG
leqephe 136 TEMO EA LIFATE TSA LITHOLOANA
Kamehla poma makala ohle a hlahang katlase ho leqeba
moo sefate se nyalisitsoeng teng, ka ha makala ao a
tla jella karolo e ka holimo ho leqeba matsoai ao e a
hlokang.
Lifate tsa litholoana li faoloa hore li bulehe bohareng kapa li shebe holimo.
Hangata makalana a behang litholoana ke a mahlakoreng a lekala le bohareng eleng lona
le tsoereng boima ba sefate, ha ele a sa kobehang a robeha ha bobebe ha meea e tla ka
sekhahla. Ka hona ho molemo ho sia lekala le bohareng le a mahlakoreng e le ho akofisa
tlhahiso ea litholoana ho feta ho hola ha sefate.
SEFATE SE TLA
ITSETLEHA
MAKALA A
PALAMANENG
MAKALA A NA A TSEKISANA
KHANYA LE MOEA LELENG LE
TLAMEHA HO TLOSOA HAPE
ELE HO LEKANYA BOIMA BA
SEFATE
HO BULEHA
BOHARENG
(KOMIKI):
HONA HO LUMELLA
MOEA LE KHANYA
EA LETSATSI HO
KENELLA MAKALENG
OOHLE. HANGATA
HO ETSOA LIFATENG
TSA LIPEREKISI LI
LIPOLAMO
HO SHEBA
HOLIMO HA
LEKALA LE
BOHARENG:
MOKHOA ONA HA
O NKE SEBAKA SE
SE HOLO JOALO KA
O BULEHILENG. O
SEBELISOA HAHOLO
LIFATENG TSA
LIAPOLE LE LIPERE
Khaola
mona
K’holloro
CUT AWAY
BRANCHES BELOW
THE GRAFT UNION
Bokaholimo ba mobu
TEMO EA LIFATE TSA LITHOLOANAleqephe 137
Sebaka se
bulehileng
pakeng tsa
sefate le
lekala
Sebaka se senyenyane
pakeng tsa sefate le
lekala
KHOLO EA MAKALA A
SHEBILENG MAHLAKORENG A
BOELE A SHEBE HOLIMO
KHOLO EA MAKALA A
SHEBILENG HOLIMO
SEBAKA SE TLAASE
SE THABELOANG KE
KHOLO EA MAKALA
KA HOLIMO:SEBOPEHO LE SEBAKA BAKENG SA MAKALA A LITHOLOANA
Likarolo tsa sefate tseo ho ngotsoeng ka tsona holima ho faola lifate maqhepheng
a latelang:
MOTSO O MOHOLO
LEHLOMELA
MAKHASI
LEKALA LA BOBELI
LEKALA LE KA SEHLOHONG
KUTU EA SEFATE
MOO SEFATE SE
NYALISITSOENG
LEKALA LA SELEMO
SE LE SENG
KETELLA PELE
LEKALA LE LILEMO
LI PELI
LEIHLO LE
BEHANG
THOLOANA
moo lekala
le hlahang
leihlo le behang
tholoana
makala a
mahlakoreng
leihlo le behang
tholoana
leqephe 138 TEMO EA LIFATE TSA LITHOLOANA
Ho faola lifate tse etsang li-pete
Ho tseba hore na sefate se beha litholoana joang, ho ka
thusa hore na se faoloe jaong:
KA HO LE LETS’EHALI:
MAKALA A BEHANG LIPEREKI
KA HO LE LETONA:
FRUIT SPUR ON OLDER
WOOD OF PLUM
LATERALS AND FRUITING
SPURS.
Khaola lekala ka holimonyana ho moo leihlo le leng hona teng e le ho khothaletsa ho
hlaha ha lekala le lecha joalo ka ha ho bontsitsoe setsoantsong se ka tlase.
LIPEREKISI:
tholoana e hlaha
makalaneng a ngoahola
feela.
LIPOLAMO: tholoana e
hlaha makalaneng a lilemo
tse peli tse fetileng kapa
a khalenyana ho
moo.
5 cm
1. Nakong ea ho lema sefate:
Poma metso ea sefate pele u selema, ‘me le sona se pome
bophahamo ba lengole, e leng linoko tse mashome a
tseletseng (60cm). Hona ho tla thusa sefate hore makala a
sona a hole a ea mahlakoreng ho feta ho ea holimo.
Linoko tse 60
(Bophahamo ba lengole)
TEMO EA LIFATE TSA LITHOLOANAleqephe 139
2. MARIHENG A PELE:
• Khaola bokaholimo ba makala a maholo.
Poma makala a maholo ka holimo, Makaee a mangata
a tla be a hlahile makaleng a maholo. Siea makaee a
2-3 lekaleng kangoe; lekalana la pele le be bolelele ba
seatla ho tloha lekaleng, la bobeli le be leteletsana,
joalo joalo.
3. Mariha a bobeli le a bararo sefate se lengoe:
Fokotsa hanyenyane bo kaholimo ba makala a maholo kaha ha a ka khaolelloa tlaase a tla
lieha ho beha litholoana.
Khutsufatsa makaee ka senoko holima leihlo le thuntseng kapa moo le neng le pongoe
selemo se fetileng.
Khutsufatsa
makalana a
mahlakoreng a
lekaee. Siea a
2-3 lekaeeng ka
leng.
Selemong sa
boraro litholoana
li tla hlaha
makaleng ona oa.
Ha a se a tiile, a
faole hanyenyane
Mariha a mang le
a mang.
Ho faola makala a mahlakoreng:
MARIHENG A
PELE KHAOLA
BOKAHOLIMO BA
MAKALA AMAHOLO.
SENA SE BITSOA ”HO
THOPA SEFATE”
lekala le leholo
lekala le leholo
makalana a
mahlakoreng
makalana a
mahlakoreng
makalana a makhuts’oane
Linoko tse 40
(Bolele ba sephaka)
lekala le
leholo
makalana a
mahlakoreng
makalana a
mahlakoreng
makalana a makhuts’oane
leqephe 140 TEMO EA LIFATE TSA LITHOLOANA
Ho faola lifate tsa litholoana tse sa beheng li-pete
Lifate tsena li qallela ho beha litholoana selemong sa bohlano. Litholoana tsa teng li ka khuoa
tsa butsoa li se sefateng. Mokhoa o amoheloang oa ho faola ke oo makala a shebileng holimo.
Litholoana li hlaha makalaneng a manyenyane a mahlakoreng ho tloha makaeeng, a beha
lithoalana lilemo tse ngatanyana.
Ho faola lekhetlo la pele
Khaola sefate se lengoeng ho isa bophamong ba lengole. Fokotsa makala a maholo u sie le
le leng le bohareng, e be u siea makaee a mabeli lekaleng ka leng.
Mariheng a bobeli le a boraro fokotsa makala a maholo le makaee, u siee makala a 2-3 a
mahlakoreng ho tloha lekaeeng ka ngoe.
NAKONG EO SEFATE
SE LENGOANG
SE PONGOA
BOPHAHAMONG
BA LENGOLE
MARIHENG AHLAHLAMANG
KHAOLA BOKAHOLIMO HO
SALE MAKALA A MABELI
LEHLAKORENG LA LEKALA LE
LENG LE LE LENG
KHAOLA MAKALA HO
ETSA SEBOPEHO SA
”PYRAMID”
MARIHA POMA
MAKALA OHLE ELE
HORE A AROHANE
KA BOLELE
BA SEPHAKA
HO TLOHA
SEFATENG

lekala le
leholo makalana a
mahlakoreng
TEMO EA LIFATE TSA LITHOLOANAleqephe 141
Ho faola merara
Merara e beha litholoana lehlomeleng la ngoahola leo lona le hlahang ho la ngoahola koola.
Haeba le beha lehlomeleng la khale ho feta moo le tla beha litholoana tse nyane.
Mariheng a pele poma lekala ho ea boleleleng ba linoko tse mashome a mararo (30 cm).
Mariheng a bobeli faola makala haholo o siee a 3-4 a bolelele ba linoko tse mashome a
mararo ho isa ho a mane (30-40 cm). Siea makalana ao lehlomela le tla mela ho ona.
Selemong sa boraro le tse sehlahlamang tlosa boholo ba lehlomela u siee ho lekaneng
bakeng sa beha litholoana.
leqephe 142
TLHAHISO LE POLOKO EA PEO EA MEROHOleqephe 143
TLHAHISO LE POLOKO EA
PEO EA MEROHO
Ho ipolokela peo ea hau ho ka u thusa ho ba sehoai se ikemetseng. Hona ho u fa boikhethelo
ba hore mofuta oa sejalo seo u batlang ho se lema u se fumane ha bobebe ntle le ho se reka.
Ho teng mefuta e mengata ea peo ea meroho e ka fumanehang ho Bahlahisi ba bangata le
libakeng tsa thekiso eo sehoai ka bomong se ka atlehang ho ipolokela eona kamor’a ho e lema.
Ho lema peo e le ho hlahisa peo e ngoe, ho tlama hore peo e joalo e kene mobung ‘me e bole e
le hore e tsebe ho hlaha, ho lema le ho baballa sethopo sa limela tse phetseng hantle ho fihlela
li holile, hona ho tla thusa hore peo ea tsona e tsebe ho kotuloa ‘me e bolokeloe ho sebelisoa
selemong se hlahlamang.
Limela li tseba ho ikamahanaya le maemo a moo li lengoang teng lekhetlo la pele ‘me li
hlahise peo e nang le makhabane a joalo, e ka tsebang ho hlahisa lijalo tse phetseng hantle tse
ka atlehang ho mamella maemo a sebaka se joalo.
Lifate tsa litholoana li nka lilemo tse ngata li ntse li hola, ‘me ho bohlokoa ho li lema sebakeng
se nepahetseng e sa le qalong.
leqephe 144 LHAHISO LE POLOKO EA PEO EA MEROHO
HO HLAHISA PEO E HLOEKILE
Lijalo tse nyalisoang ke moea kapa ke linotsi li hloka ho arohanngoa le mefuta e meng ea bo
tsona e le ho thibela hore li se inyalise. Mekhoa e sebelisoang ho thibela sena ke e latelang:
Lema libakeng tse fapakaneng: Lema mefuta e ‘meli ea lijalo e ka inyalisang e arohane
bonyane ka sebaka se ka etsang halefo ea lebala la bolo ea maoto kapa ho feta (50 m).
Likokoanyana tse ngata tse ka fetisang peo ha li tsebe ho fofa ho feta sebaka se sekaalo,
ka ntle ho linots’i tseo tsona li ka fofang likilometara tse ’ne. Litsitiso tse ling tse ka
etsoang ho thibela peo ho fetisoa ke moea kapa likokoanyana ke ho lema lifate, ho etsa
makhoakhoa kapa marako a ka thibelang phetisetso e joalo.
Lema ka linako tse fapakaneng: Mokhoa ona o sebelisoa hangata lijalong tse etsang
lithung-thung ka nako e le ngoe joalo ka poone le sonobolomo. Ho inyalisa ho ka qojoa ka
ho lema mefuta e behang lithung-thung ka nako tse fapakaneng e le hore phoshoana ea
botona e tle e se ke ea fetela bots’ehaling ka nako eo e lebeletsoeng.
Ho khukhumetsa: Sena se etsoa ha ngata
lijalong tse behang lithung-thung nako e telele,
joalok’a kh’abeche le chilisi. Sireletsa lithung-
thung ka lesira e le ho thibela likokoanyana ho
ka fetisa phoshoana ‘me e be ho nyalisoa ka
letsoho.
Li khukhumetse ka matsatsi ho fapana:
Mokhoa ona o sebelisoa ha ngata ho thibela
phoshoana ea sejalo se seng ho ea ho se seng,
‘me ho ke ke hoa nyalisoa ka letsoho. Mofuta
o mong oa sejalo o oa koaheloa ha o mong
o tloheloa hore linotsi li o nyalise. E be se
ts’oanang se etsoa mofuteng oa bobeli, ha li se li
nyalisitsoe li koaheloa ho fihlela lithung-thung li
oele.
HO KHETHA LE HO KOTULA PEO
Ho ka nka nako e kae?
Tse behang ka selemo:
Tsena ke lijalo tse phelang le ho beha peo ea tsona ka nako e khuts’oane feela e be lia shoa.
Sena se nka likhoeli tse ts’eletseng hoisa tse robong. Mohlala ke tamati.
Tse behang kamor’a lilemo tse peli:
Lijalo tsena li hlaha Lehlabula la pele li lingoe, li robale Mariha e be ha Lehlabula le thoasa
lia thunya ‘me li behe peo Hlabuleng la bobeli. Boholo ba tsona li tsoa Europo moo ho batang
HO KHUKHUMETSA SEJALO SA CHILISI
TLHAHISO LE POLOKO EA PEO EA MEROHOleqephe 145
haholo ‘me ho se bobebe hore semela se behe
peo ka selemo se le seng. Sena se nka likhoeli
tse 18. Mehlala ke kh’abeche, cauliflower,
lihoete, parsnips, turnips le rapa
Tse phelang nako e telele:
Tsena li phela lilemo tse ngata li sa shoe.
Boholo ba tsona ke lifate tsa litholoana le
lihlahla ‘me ha ho meroho e oelang sehlopheng
sena.
Mokhoa oa ho khetha peo
Peo e tlameha ho ba le boleng bo ts’oanang hantle le ba lijalo tseo e tsoang ho tsona. Haeba
ho lengoe sejalo se se telele peo e kotuloe sejalong se se telele. Ha tholoana e fapane le ea
sejalo se jetsoeng peo e tla fapana.
Tlos’a lijalo tse bonahalang li fapane le tseo peo e tsoang ho tsona pele li thunya. Mehlala
ke tse holang butle, tse kulang kapa tse nang le mafu le tse behang peo pele ho nako.
Kotula peo lijalong tse phetseng le ho shebahala hantle.
Kotula peo ho tse sebetsang hantle tlas’a maemo a thata tse sa ts’abeng mafu le
likokoanyana.
Kotula peo ea lijalo tse phetseng hantle feela, haeba makhasi a tsona a bolile kapa tsona
litholoana se ke ua nka peo ea tsona ho ba mafu a joalo a ka fetela lilemong tse tlang.
Se kotule peo ea lijalo tse behang peo pele ho nako ea tsona. Ha u kotula peo ea tse behang
pele ho nako u khetha peo ea tse tla beha peo pele ho nako. Sena se bohlokoa merohong e
kang spinichi le selae moo nako ea ho beha mahaba e leng telele.
Kotula peo ha e butsoitse. Peo e sa butsoang e hana ho hlaha ha e jaloa. Peo e butsoitseng
haholo e bola pele e jaloa.
Se kotule peo e lomiloeng ke likokoanyana kapa e maqeba. Peo e mela ha feela e feletse.
Se kotule peo e nang le mafu kapa hlobo le ha e le mafome.
Mokhoa oa ho tseba ho fumana
peo
Lihlooho tsa peo
1. Lijalo tse ling li na le mekotlana e ts’etseng
peo, joalok’a linaoa le lierekisi tse bitsoang
“legumes”. Li tseba ho inyalisa ka hona ha li
hloke ho aroloa.
Kotula peo
bonyane lijalong tse
ts’eletseng tsa mofuta oo u
batlang ho o boloka. Lijalong
tse ling joalo ka hanyanese kotula
peo ea lijalo tse 20, sonobolomo le
poone u hloka peo ea tse 50-100.
Mefuteng e mebala e fapakaneng ea
poone e ka lahla mebala e meng
le makhabane a ho loants’a
likokoanyana ho ka khethoa
lijalo tse ‘nyane ka
palo.
leqephe 146 LHAHISO LE POLOKO EA PEO EA MEROHO
2. Lijalo tse e tsang mahaba
a jeoang joalok’a selae le
sepinichi li hlahisa lekaleng
bohareng. ‘Me thung-thung le
peo e hlaha hona le kaleng le
joalo.
3. Mefuta ea kh’abeche e qala ka ho etsa hlooho kapa mahaba
a thata selemo sa pele sa kh’abeche, cauliflower, broccoli,
kholrabi, kale, le sepinichi. Selemong sa bobeli e be lekala le
jereng thung-thung le ea hlaha ‘me le behe peo. Sena se nka
likhoeli tse 18.
Lelapa lena la kh’abeche le hloka linotsi le mefuta e meng ea
likokoanyana ho fetisa phoshoana e etsang peo. Lijalo tse seng
ka tlase ho ts’elela tse seng ka holimo ho 20. Sejalo se le seng
se ke ke sa hlahisa peo ‘me mefuta e na e ea nyalana lelapeng
lena ka hoo ho molemo ho arola mefuta e fapakaneng e le ho
fumana peo.
4. Tse behang ka tlase joalo ka
lihoete: kotola e qala ho ba thata
e be e hlahisa lekala leo lithung-
thung le peo li tla behoa ho lona.
Sena se nka likhoeli tse robong ‘me
likokoanyana li fetisa phoshoana
ho tloha karolong engoe ea sejalo
ho ea ho engoe. Mefuta e meng e
oelang lelapeng lena e its’oarang ka
ho ts’oana ke celery, parsely, fennel
le liparsnip.
5. Tse behang ka tlase joalo ka
hanyanese: Mothapo o thunyang o
loka mokhahlelong oa bobeli ha ho futhumetse.
SELAE
KH’ABECHE
LIHOETE
HANYANESE
TLHAHISO LE POLOKO EA PEO EA MEROHOleqephe 147
Tse ling tse oelang lelapeng lena la bo hanyanese ke liki, shallots, konofolo, le eee. Tsena li
nyalisoa ke linots’i ha ngata. Phoshoana e ka fetela lithung-thung tsa sejalo se le seng kapa
se fapakaneng sa lelapa le le leng. Peo e tlameha ho kotuloa lijalong tse ka bang 20 e le hore
mofuta ona o lule o le matla. Peo ha e butsoe ka nako e le ngoe ‘me e tlameha ho kotuloa ha e
ntse e butsoa sejalong ka ngoe, hobane e tla qhoma e fofe le moea.
Tlohela peo e omele sejalong. Ho tse qhomang ha li omme li kotule pele li oma e le ho qoba
hore li tle li qhome li fofe le moea. Mohlala ke selae, lihoete, parsnips le hanyanese.
Litholoana tse behang peo
Tholoana e hlaha ha nyaliso e etsahetse ka
katleho kahar’a tholoana ‘me peo e hlaha ka
hara tholoana.
Tholoana e kotuloa ha e butsoitse phere.
Mohlala ke tamati, chilisi, pepere.
Tamati le lipepere li ea inyalisa. Tse ling tsa
lelapa lena joalo ka chilisi le eggplant tsona li
hloka ho nyalisoa ke linotsi kapa moea ‘me ka
hona li hloka ho aroloa le mefuta e meng e le
ho qoba hore li se nyalane tsa hlahisa mehlolo.
Mekopu, mahapu, le mehope le tse oelang lelapeng
leo li kotuloa ha li se li butsoitse phere ‘me li tloheloe
hore peo e butsoe ho qeta.
Hona le mefuta e mengata ea mekopu le mahapu. ‘Me
mefuta ena e fapakaneng ea mekopu e ka nyalana
empa ha e nyalane le mahapu le licucumber kapa
limarrow tse oelang lelapeng le le leng.
Lithung-thung tse tona li hlaha melebong e metelele
e mesesanyane ‘me li buleha pele ho tse ts’ehali tse
hlahang melebong e mekhuts’oane ‘me tse nang le
kotolanyana ka hare.
Li-cucumber le li-marrow li tlohelloa hore li butsoe phere
pele li kotuloa, li-cucumber li ba sootho ha li-marrow li ba
ts’ehla ha li butsoitse ‘me liba tenya.
CHILISI
PEPERE
MEFUTA E FAPAKANENG EA MEKOPU
LIPALESA TSE TONALE TSE
TSEHALI SEFATENG
leqephe 148 LHAHISO LE POLOKO EA PEO EA MEROHO
Peo e jeoang
Mehlala ke poone, linaoa, lierekisi le sonobolomo. Tsena li tlohelloa sejalong ho fihlela li holile
li bile li omme.
U ka tseba joang ha peo e lokela ho kotuloa?
1. Tholoana e etsa molumo o moholo ha e butsoitse e be e ea kotuloa. Mohlala ke mokopu, le
li-cucumber. Ho molemo ho tlohela peo kahar’a litholoana tsena kamor’a ho kotuloa hore e
butsoe phere.
2. Mebala, boholo le sebopeho sa tholoana; mehlala ke tamati le chilisi. Pepere e tala e
tlameha ho tloheloa hore e be khubelu ha e le tala ha eso butsoe.
3. Ho qhoma ha mekotla; joalo ka linaoa le lierekisi.
4. Ho oma ha lithung-thung le mahaba, mehlala ke lihoete, sepinichi, le kh’abeche.
TLHOEKISO EA PEO
Ho olosa
Lithupa le makhapetla li tlameha ho tlosoa hoba li ka
pata likokoanyana tse ka jang peo e bolokiloeng.
Peo le matlakala e olosoa moeeng o seng mongata ele
hore matlakala a nkuoe ke moea peo e khetheloe ka
thoko.
Mokhoa o mong o ka sebelisoang ke ho hlokola peo e
be matlakala a phaphamalang ka holimo a ea khethoa
a lahloe.
Linaoa le lierekisi li ka ts’eloa ka
mokotleng ‘me tsa poloa li le kahar’a
mokotla eaba lia khethoa ka ho hlokola.
Ho hloekisa peo ka metsi
Mokhoa ona o sebelisoa haholo lijalong tse
behang peo ea tsona ka hara litholoana tse
jeoang joalo ka tamati, mahapu, mokopu, le
li-cucumber.
Khaha peo u e ts’ele ka hara metsi e
hlatsoe qhala metsi e be peo e ea omisoa.
TLHAHISO LE POLOKO EA PEO EA MEROHOleqephe 149
Ts’ela peo ea tamati le cucumber ka metsing nako e telele. Hona ho etsoa ho tlosa lera
le potapotileng peo ‘me peo e ke ke ea mela ha le ntse le le teng le ho tlosa mafu le
likokoanyana.
Ts’ela peo ka nkhong ea metsi, e be u ts’ela khaba tse peli tsa tsoekere ‘me u fuluhe hore e
qhibilihe. Tlohela matsatsi a mararo ho isa a mahlano. Hlatsoa ka metsi a mangata e be u
omisa peo ‘me u o ts’ele ka moo ho omeng ha e omme.
HO OMISA PEO
Peo e tenya e nka nako e telele ho oma ho feta e ts’esanyane, peo e ka shejoa hore na e omme
ka ho e loma ka meno, haeba meno ao a sa sie mats’oao peong eo, ho bolela hore e lokile.
Peo e lokela ho omisetsoa moo ho seng letsatsi empa moo ho ommeng ho bile ho le moea.
Maemong a mongobo a bileng a batang, beha peo kahar’a sets’elo se kenyang moea, ‘me se
ts’irelelitsoe likokoanyaneng e be e behoa moo ho phahameng.
Mokhoa:
1.Ts’ela peo ka sets’elong. Koahela ka metsi. Ts’ela khaba ele e ngoe
ho isa tse peli tsa tsoekere ‘me fuluha ho fihlela e qhebilihile.
2. Boloka motsoako matsatsi a mararo ho isa bohlanong (eseng ho feta)
lekoeba kapa bohoho botla teng ho supa hore ho puta ho bile teng.
3. Hloekisa peo ka metsi a mangata.
4. Ala peo hore e ome sebakeng se pholileng
le ho e boloka ka khalaseng e koetsoeng
ka thata.
leqephe 150 LHAHISO LE POLOKO EA PEO EA MEROHO
Ts’ela peo e seng kae kahar’a mekotlana
ea pampiri e leketlisitsoeng holimo.
Peo e ngata e ka ts’eloa kahar’a ‘methe,
e seng ka polasetiking.
HO BOLOKA PEO
Nako eo peo e e nkang e ntse e bolokiloe e
ipapisa le:
Mofuta oa peo ka ngoe;
Boleng ba peo ka ngoe; le
Maemo a moo e bolokoang.
Maemo a moo peo e
bolokeloang
Lefifi
Etsa bo ‘nete ba hore peo e behoa moo ho leng lefifi.
Sebelisa mekotlana ea lipampiri, mekotla ea lipolasitiki e
mets’o le botlolo ea khalase ebe e koalloa ka rakeng. Se ke
oa boloka peo sebakeng se bulehileng e le ka botlolong e
bonaletsang.
Mongobo
Le ha peo e omme ha e bolokoa sebakeng se mongobo e
khona ho nka mongobo o joalo, ’me boemo bona bo ka
ama boleng ba peo.
Peo e ka omisetsoa feela moo moea o fokang, moo ho
leng moriti. Ha ho le maruru, pula e le ngata haho
bobebe ho omisa peo haholo ea linaoa le lierekisi.
Bophelo ba peo boa imenahanya ha boemo ba
mongobo botheoloa ka karolo ea leshome lekholong.
Maemo a serame le mocheso
Peo e phela nako e telele maemong a pholileng hantle
ho sa bate. E ka bolokoa ka lerits’oaneng, moriting oa
sefate kapa ea chekeloa fats’e.
Bophelo ba peo bo menahana habeli ha maemo
a serame le mocheso moo e lulang bo theoha ka
bohlano lekholong.
Boholo
ba lipeo li ka
bolokoa nako ea lilemo
tse tharo hoisa bohlanong
e phela hantle. Ho phela
hantle ke ho bolela hore
peo eka mela. Peo eka
shebahala hantle empa
esa khone ho
mela.
Ha
peo e behiloe
letsatsing le chesang
le moo metsi a leng
mangata peo e lahla boleng
ba eona ka potlako. Peo
e joalo ekeke ea khona ho
lengoa hape. Peo e thabela
moo ho pholileng, lefifi
le moo mongobo o
fokolang.
TLHAHISO LE POLOKO EA PEO EA MEROHOleqephe 151
Likokoanyana
Peo e bolokiloeng e ka theoloa boleng ba eona ke likokoanyana tse kang ts’upa le tse ling tse
ke keng tsa bonoa ka mahlo a nama.
Ts’upa e khona ho ikatisa ka potlako ha mongobo o eketseha. E behela mahe kahar’a peo
kapa ka tlasa letlalo la peo e joalo e be a sa qhotseha ha mongobo o ba mongata.
Hlobo le eona e hlaha ha mongobo o le mongata haholo. Ka ha ho kaba thata ho metha
mongobo peong ho molemo ho e beha e omme nako tsohle.
Lintho tse ka sebelisoang ho thibela likokoanyana ho ja peo.
Molora o ommeng: oona o monya mongobo kamoo peo e ts’etsoeng
e be o thibela ho hola ha ts’upa. Ts’ela halefo ea kilokharama kahar’a
kilokharama ea peo.
Kalaka: e sebelisoa joalok’a molora o ommeng. Ts’ela likhaba tse
leshome le metso e mehlano kahar’a kilokharama ea peo.
Oli e phehang: kopanya oli le peo ho thibela ts’upa ho ata. Ts’ela
khaba e kholo ea oli ka hara kilokharama ea peo.
Makhapetla a sitsoing a litlama tse latelang tseo ts’upa e li
ts’abang:
Chilisi: kopanya likhabana tse ‘ne ho isa tse ts’eletseng
kahar’a kilokharama ea peo.
Mohlonyane (wormwood): sila makhasi ebe ua kopanya
le peo.
Lekhala: joalok’a e ka holimo.
Boloka
peo ka khalaseng
kapa nthong e
koaehelehang, e
ommeng le ho hloeka.
E hlalose ka
lebitso.
leqephe 152 LHAHISO LE POLOKO EA PEO EA MEROHO
Tlhahiso ea peo ea meroho
Sena ke motheo oa kanetso ea lijo
Maemo a leholimo le mobu:
Lesotho lena le maemo a leholimo le mobu a nepahetseng ho hlahisa peo ea kh’abeche, cauliflower, lihoete,
beteruti, turnip, sepinichi, selae, hanyanese le tse ling tse ngata.
Nako:
Tlhahiso ea peo ea meroho e boletsoeng ka holimo e etsoa likhoeling tsa Mariha, ho tloha mahareng a
Mots’eanong hoisa mahareng a Phupu.
1. Mefuta:
Mefuta e sa nyalisoang ke eona feela e ka sebelisoang sebakeng sa tlhahiso ea peo e leng e latelang:
2. Mefuta ea lik’habeche:
Drumhead, Cape Spitz, le Copenhagen ho kenyeletsoa le mofuta oa cauliflower o bitsoang snowball.
3. Tse behang ka fats’e:
Lihoete tse bitsoang Nantes, chantenay karoo, kuroda, ideal red le cape market
Beetroot ea mefuta e latelang: darkred, blood red, le crimson globe
Turnip ea mefuta e latelang: purple top, white globe le tse ling.
Tse behang likotola
Hanyanese e bitsoang texas grano, Australian brown, caldon globe.
Meroho e mahaba a matala:
Ena ke meroho e sebelisoang mahaba a le tala kapa a phehiloe. Eona ke sepinichi se bitsoang ford hook giant le
mefuta ea selae e leng great lake, winter crisp le grand rapid.
Mekhoa ea ho hlahisa peo
Mekhoa eo peo e hlahisoang ka eona e ‘meli e leng:
moo sejalo se hlahetseng sa ba sa holela teng.
ho li tlosa sebakeng se seng ka methapo ea tsona li eo hlongoa ho se seng ha li se li holile.
Mokhoa oa ho khetha
Kh’abecheng ho khethoa e hloho e bopehileng hantle, e tihileng, e shebahalang hantle ebile e se na mafu ha
cauliflower eona e lokela hoba le hlooho e bopehileng hantle, e be lebejana ’me e hloke mafu.
Ho tse behang ka fat’se tse seng li boletsoe ka holimo; li lokela ho shebahala hantle li hloke mafu.
Meroho e behang mahaba a matala e lokela ho hloka mafu e be e holileng hantle
Tse behang likotola li lokela ho bopeha hantle li hloke mafu.
Mokhoa oa ho etsa
Kh’abache: Hlomolla kh’abeche ho e fetisetsa moo e tlang ho holisetsoa teng. Kamor’a matsatsi a 20 hoisa 25,
arola hlooho ka lehare u ts’ekalletse ho lokisetsa hore e tle e thunye ha cauliflower eona e lokela hore e fasoe
lefito mahaba a eona ho ts’ireletsa hlooho letsatsing. E hlomelle e be u e hloma moo ho nepahetseng. Fasolla
lefito kamorao ho matsatsi a 15 e hlonngoe.
Tse behang ka fats’e: Arola motloang ka lehare u ts’ekaletse, khaola mahaba u siee linoko tse tharo ho ea ho tse
ts’eletseng ho tloha moo a hlahileng teng.
Tse mahaba a matala: Arola lijalo lipakeng tsa mela le lipakeng tsa lijalo ka linoko tse mashome a robong ho isa
lekholong ka mahlakore ohle.
Mokhoa oa ho arola Lijalo
Lijalo tsena kaofela li aroloa ka linoko tse 90 hoisa 100 lipakeng tsa mela le lipakeng tsa lijalo.
TLHAHISO LE POLOKO EA PEO EA MEROHOleqephe 153
Manyolo
Ts’ela kharafu ea manyolo a putileng a khomo le khaba e tletseng ea mononts’a oa 2:3:2 (22) ‘me u phete hape
kamor’a matsatsi 45.
Mokhoa oa ho noesetsa
Ho hlokahala ho noesetsa hang-hang kamor’a ho hloma bonyane lithara ea metsi sejalong ka seng. Ts’ella
kamor’a matsatsi amang le amang a mararo nako e ka etsang khoeli. Kamorao ho moo ebe ha ngoe kamor’a
matsatsi a mahlano ho isa ho a supileng ho ipapisitsoe le maemo a leholimo.
Paballo ea lijalo
Likokoanyana tse khathatsang ke hoaba nakong eo li thunyang le likokoanyana tse ling tse jang mahaba li ka
hlasela, ’me haeba tseo li bonahala ho ka sebelisoa malathion ka khabana e nyenyane li lithareng tse hlano tsa
metsi.
Ho ts’ehetsa
Lijalo tsena li ka hloka ho ts’ehetsoa ka nako eo li thunyang le nakong eo li qalang ho beha mekotla ho li
ts’ireletsa hore li se ke tsa robeha ka nako eo moea o fokang ka bongata. Lithupa tse ‘ne li ka hlongoa ka
mahlakore a mane ho sejalo.
Ts’ireletso
Mokotla o mosoeu oa kh’othono ho ka sebelisoa ho ts’ireletsa sejalo khahlanong le phetisetso ea phoshoana
ea botona ea semela se seng ho ea bots’ehaling ba semela se seng ’me oa ts’ehetsoa ka lithupa tse ‘ne e le ho
tsi’reletsa linots’i hore li se ke tsa fetisetsa phofshoana e boletsoeng ka holimo.
Chai le nako ea kotulo
Kh’abeche le cauliflower li kotuloa kamora likhoeli tse ‘ne ho isa ho tse hlano ’me chai ea tsona ke likharama
tse mashome a mabeli ho isa ho a mahlano hlohoaneng ea sejalo ka seng.
Lihoete li kotuloa kamor’a likhoeli tse hlano ho isa ho tse ts’eletseng ’me chai ke likharama tse 30 hoisa 80
hlohoaneng ea sejalo ka seng.
Beteruti le sepinichi li kotuloa kamor’a ho likhoeli tse ‘ne ho isa ho tse hlano ’me chai ke likharama tse 30
hoisa 60 hlohoaneng ea sejalo ka seng.
Turnip e kotuloa ka morao ho likhoeli tse tharo ho isa ho tse ‘ne ’me chai ke likharama tse 20 hoisa 40
hlohoaneng ea sejalo ka seng.
Selae (lettuce) e kotuloa ka morao ho likhoeli tse peli ho isa ho tse ‘ne ’me chai ke likharama tse 30 hoisa 60
hlohoaneng ea sejalo ka seng.
Hanyanese e kotuloa kamor’a likhoeli tse ‘ne hoisa ho tse hlano ’me chai ke likharama tse 15 hoisa 25
hlohoaneng ea sejalo ka seng.
leqephe 154
POKELLO LE TŠEBELISO EA METSI leqephe 155
Ho bohlokoa hore ha pula e na ho bokelloe metsi a tla a sebelisoa nakong ea komello. Hona ho
tla thusa hore ho be le metsi a ka sebelisoang nako e telele.
Pokello ea metsi e ka etsoa ka mekhoa e mengata:
Ka ho a khakeletsa.
Ka ho a sebelisa ka hloko.
Ka ho a bokella ho tsoa liphuleng kapa marulelong a matlo.
HO KHAKELETSA METSI
Sepheo sa mantlha ke ho:
Hasa mosuoela mobung. U ka ikh’opotsa ka ho bala lihlooho tse latelang; ‘Ntlafatso ea
mobu’ le ‘Ho aha lirapa’.
Koahela mobu ka joang kapa moiteli le tse ling. U ka fumana lintlha ka botlalo tlas’a
sehloho sena ‘Ho koahela mobu hore o se lahleheloe ke mongobo’.
Sireletsa mobu ka ho lema lifate, cheche kapa joang.
Sireletsa lirapa ka makhoakhoa. Ikh’opotse ka ho bala sehloho sena ‘Tšireletso ea lijalo
moeeng le serameng’.
POKELLO LE TŠEBELISO EA METSI
leqephe 156 POKELLO LE TŠEBELISO EA METSI
Haha lirapa ho tšekalla le motheo e le hore metsi a monyele ka mobung a se ke a phalla.
Haha limotomoto ho laola sekhahla sa metsi le ho a bokella.
Haha limotomoto tse bitsoang ‘swales’. Mofuta ona o hlalositsoe karolong tse hlahlamang
tlas’a sehloho sena.
Limotomoto
Hona ke limotomoto tse
bonahalang masimong a
mothipolohong. Li aha ho latela
matšoao a entsoeng a kolokile ho
khaohanya mothipoloho. Matšoao
ana kaofela a bapile.LIMOTOMOTO TSE SEBAKENG SE MOTHIPOLOHONG.
SEBAKA SE LIPAKENG TSA TSONA SE BATELEHILE.
‘A-frame’ e sebelisoa
le ho etsoa ha bobebe.
TSE HLOKAHALANG:
– Lipalo tse peli. E le ‘ngoe
e be bolelele ba likharafu
tse tharo.
– Ea boraro e bolelele ba
kharafu tse peli.
– Khoele le terata.
– Lejoe le lenyane.
Nka lipalo tse peli tsa
bolelele bo lekanang.
Li fase ‘moho
lehlakoreng le leng ka
terata kapa khoele.
Faseletsa palo ea boraro
ho tseo tse peli feela li
takalalitse. U e fase
bophahamo ba bolelele
ba kharafu ho tloha
fatše.
Mokhoa oa ho etsa matšoao
U ka sebelisa ‘A- frame’ ho etsa matšoao a bapileng
sebakeng se mothipolohong. ‘A-frame’ ke kosene e
sebopeho sa tlhaku ‘A’.
Mokhoa oa ho etsa kosene:
POKELLO LE TŠEBELISO EA METSI leqephe 157
Cheka foro ea botebo ba
lisenthimithara tse mashome a
mararo le bophara bo lekanang
sebakeng seo u se tšoaileng.
Bokella mobu lehlakoreng le
kaholimo ho foro ho etsa
motomoto ka ona. Metsi a pula a
tla bokellana ka forong ‘moho le
lehlakoreng le ka moepeng la
motomoto. Metsi a tla monyela ho
fapana le ho phalla. Ha mobu o
hohotsoeng ke metsi o bokellana
lehlakoreng le kaholimo la
motomoto sebaka seno se tla
qetella se batelehile. Leha ho le
joalo hona ho tla etsahala ka mor’a
matsatsi a mangata.
Tšebeliso ea kosene:
K’HAHO EA MOTOMOTO
Etsoa: Ways of Water, CTA 1990
Fasa khoele lehlakoreng le kaholimo la kosene. Ntlheng
engoe ea khoele u faseletsa lejoe. Phahamisa kosene, e
tšehetse hore e eme e otlolohile holim’a sebaka se
batelehileng hantle. Khoele le lejoe li lokela ho leketlela
fatše. Etsa letšoao palong e tlamelletsoeng ho tse peli
tse telele (maoto) moo khoele e thetsang teng.
Tebello ke hore letšoao le tlaba bohareng ba eona
palo eo.
Fumana sebaka se batelehileng
ka thoko ho sebaka seo u
batlang ho haha limotomoto
ho sona. Tšoaea libaka tse peli
ka thupa tse peli. Tsamaisa
leoto le letšehali la kosene ha
le letona le ntse le hatile fatše.
Etsa joalo ho fihlela khoele e
leketlileng e thetsa letšoao le
palong e kopantseng maoto a
kosene. Latela mokhoa ona ho
etsa matšoao ao u a batlang.
PULA Mobu o
bokelloa
mona
PULA
motomoto
Metsi
MOBU O HOHOLEHILENG
Foro
Metsi
Etsoa: Farmer-to-Farmer Handbook, FSG, 1996
leqephe 158 POKELLO LE TŠEBELISO EA METSI
Jala mefuta ea limela e sa
shoeng mariha holim’a
motomoto. Li tšoara mobu
ka metso ea tsona le ho o
koahela ka holimo.
Limotomoto li boloka metsi
bakeng la lifate ‘moho le
licheche. U ka boela ua
hloma lifate tsa litholoana
le litlama-tlama tsa li
matlafatsi. Bakeng la
khetho ea mefuta e meng
ea limela eo u ka e jalang
motomotong u ka bala
sehloho sena ‘Tsireletso ea
lijalo moeeng le
serameng’. Ha mobu u
tlala ka forong u lokela ho
u ntša.
Limotomoto
tse bitsoang
‘Swales’
Ke mofuta oa
‘motomoto o sa
tšoaneng le mofuta o
hlalositsoeng pele ka
hore ho oona mobu o
bokelloa lehlakoreng
le ka tlase ho foro.
Mofuta ona o na le
makhabane a hore o
bokella metsi a
mangata ho feta a
bokelloang ke mofuta
oa pele, ka hona
mobu o ba le
mongobo o mongata.
Mofuta ona ha o
qetelle ka sebaka se
batelehileng ka lebaka la mobu o hohotsoeng ke liphororo joalo ka mofuta oa pele. Jala limela
tse thabelang moo ho leng mokhoabo ‘me li sa shoe kapele. Ha mobu o bokelleha o lokela ho
ntšoa.
BOTEBO BOO METSI A KA MONYELANG HO BONA BO EKETSOA
KE BOTEBO BOO METSO EA LIMELA E LENG HO BONA.
Etsoa: Ways of Water, CTA 1990
MOHLALA OA MOTOMOTO O BITSOANG ‘SWALE’
Etsoa: Production without Destruction, 1995
Sefate, cheche,
limela tse phelang
halelele
Foro
Motomoto
Lifate tsa
litholoana Limela tse
thabelang
mokhoabo Motheo
Bophahamo
ba likhohola
‘SWALE’
(li ka koaheloa ka joang)
MOTOMOTO
Limela tse
koahetseng
mobu
POKELLO LE TŠEBELISO EA METSI leqephe 159
Limotomoto tse nang le marakoana lipakeng
Marakoana a ahoa lipakeng tsa limotomoto. Marakoana a laola phallo ea metsi haholo nakong
ea lipula tsa litloebelele. A boetse a matlafatsa ho monyela ha metsi ka mobung. Marakoana a
ba bophahamo
ba halofo ea
bophahamo ba
motomoto.
Marakoana a
ahiloeng ha ho
kenakenanoe
le ona.
Bonyane u ka
mpa ua aha
marakoana a
mang kapa oa
bokella makote
holim’a
marakoana a
seng a ntse a
le teng.
‘SPILLWAY’ SA MAJOE U SE SHEBILE U LE
LEHLAKORENG. SE HAHUOE QETELLONG
EA MOTOMOTO
Etsoa: Production without Destruction, 1995
‘SPILLWAY’ SA MAJOE
Bolelele ba kharafu
MOTOMOTO
15 cm
15 cm
Etsoa: Production without Destruction, 1995
Mothipoloho
Mefuta
e ‘meli ea
limotomoto e
hlalositsoeng kaholimo e
lokela ho ba bophahamo bo ke
keng ba lumella metsi ho phalla
kaholimo. Ho qoba boemo bona
u lokela ho aha ‘spillway’ ka
majoe hore ha metsi a le
mangata a tšolohe le hona
teng a nto phallela tlase
ho mothipoloho.
Matšoao a limotomoto
LIMOTOMOTO
TSE NANG LE
MARAKOANA
LIPAKENG. HO JETSOE
POONE HOLIM’A TSONA LI BILE
LI KOAHETSOE KA JOANG (MULCH)
leqephe 160 POKELLO LE TŠEBELISO EA METSI
TŠEBELISO EA METSI KA HLOKO
Karolo ena e hlalosa mekhoa ea ho phetaka tšebeliso ea metsi ka serapeng.
Metsi a maputsoa ‘Grey water’: ke metsi sa sebelitseng ka lapeng ka ho sa ho hlapa ‘moho
le ho hlatsoa. Sebelisa metsi a joalo bakeng la ho tšella.
‘Drip irrigation’: ke mokhoa
oa ho tšella metso ea lijalo
ka kotloloho. Mokhoa ona o
nepahetse tšebelisong ea
metsi ka hloko.
U ka sebelisa peipi e nang le masoba e paqamisitsoeng
ka tlas’a mobu. U ka tšela metsi ka kotloloho ka
peipeng kapa ua e hokela sekotloloaneng se
hlatsoetsang (sink). U ka sebelisa metsi a seng a
sebelisitsoe ka mokhoa ona. Hlokomela hore ho se ke
hoa e ba le lintho tse kibang masoba ka har’a peipi.
Ha mobu u le lehlabathe haholo u ka
ala lipolasitiki ka tlase nakong eo u
ahang seratsoana e le hore li thibele
metsi ho monyela tlaase haholo.
BOTLOLO E THULAMESITSOENG
Metsi
Moea
NKHO EA LETSOPA
Sekoaheloa
sa lejoe
Sekoaheloa
sa lejoe
Metsi
Metsi
MEKHOA EA HO TŠELLA
E FOKOTSANG TŠENYO
EA METSI
Etsoa: Production without Destruction, 1995
Metsi
Metsi
Etsoa: Production without Destruction, 1995
Sekotlolo Lebota la ntlo
Water
MOKHOA OA PELE:
E tabotsoe ka tlase. A
arohane ka bophara bo
lekanang le bolelele ba
kharafu
MOKHOA OA BOBELI: E tabotsoe ka holimo. A arohane ka bophara bo
lekanang le bolelele ba kharafu
Lesoba le thatetsoe ka sefeterata
hore e thibele hore le se ke la thibeha
Meseho e
tšekaletseng
e seuoe ka
sakha
PEIPI E NANG LE LESOBA E QHALLA
METSI LIJALONG. TSEO E BANG LI
RATA METSI HAHOLO LI LOKELA HO
JALOA PEL’A LEBOTA
Etsoa: Introduction to Permaculture
PEIPI EA POLASITIKI
Tlhokomeliso:
U se ke ua sebelisa mokhoa ona mobung o letsopa le lengata.
POKELLO LE TŠEBELISO EA METSI leqephe 161
Mofuta oa bobeli oa ‘drip irrigation’ o bontšitsoe ka mor’a mona. Ha u sebelisa mokhoa ona u
sebelisa lipeipi tse maloa. U phunya masoba. Kaofela ha tsona li ba kaholim’a mobu oa lirapa.
Lipeipi ‘moho le mobu li koaheloa ka joang.
Lipeipi li hokelloa ho e le ‘ngoe e hokeletsoeng mohloling oa metsi. Mahlakore a ka qetellong a
lipeipi tsena a koetsoe hore metsi a se ke a tsoa. Masoba a phuntsoeng holim’a e ‘ngoe le e
‘ngoe a arohana ka lecenthimithara tse mashome a mabeli ho isa mashomeng a mabeli le
20-25 cm metso e mehlano. Haele sebaka seo metsi a phallang ho tloha ho sona se lokela ho
ba bophahamo ba bolelele ba kharafu kaholimo ho serapa. Makhabane a mofuta ona ke hore u
ka sebelisa halofo ea metsi ao u ka a sebelisang ha u tšella ka mokhoa o tloaelehileng oa ho
sebelisa shetiri.
Mokhoa o mong oa tšebeliso ea metsi ka hloko ntle ho lipeipi le tanka.
Foro e chekoa ho khakeletsa metsi a phallang mothipolohong.
Lehlakoreng le ka tlase ho foro ho etsoe liratsoana tse lengoeng botebo ba mohato o le
mong (bolelele ba kharafu). Phetolella mosuoela le moiteli. Li tla ntlafatsa mokhoa oa ho
monya metsi le ho boloka mongobo nako e telele.
U ka aha marakoana lipakeng tsa liratsoana. U ka ala majoe a ‘manyane ho sireletsa mobu
hore o se ke oa hoholeha.
Metsi a ka khelosoa ho tloha forong e chekuoeng hore a phalle lipakeng tsa liratsoana. U
ka a khelosa hore a phalle ka har’a litsela tse lipakeng tsa liratsoana.
Lema lifate tsa litholoana lehlakoreng le ka tlase ho foro hore li sebelise karolo e ‘ngoe ea
metsi.
leqephe 162 POKELLO LE TŠEBELISO EA METSI
POKELLO EA METSI A PHALLANG LIPHULENG
KAPA MARULELONG
1.Metsi a tsoang
marulelong
Marulelo a ntlo ke sebaka seo
ho ka khakeletsoang metsi ho
tsoa ho sona.
Ho bohlokoa ho etsa
foronyana ho potoloha le
ntlo hore e khakeletse
metsi a theohang
marulelong. Metsi ano a
ka khelosetsoa
seratsoaneng se ahiloeng
ka sebopeho sa tlhako ea
pere.
O ka sebelisoa likhakeletsi
tsa metsi (gutters) tse
hokelloang marulelong.
Sebelisa likhakeletsi ho
bokella metsi ka tankeng e kholohali. Ho bobebe ho khakeletsa metsi ho tsoa marulelong a
masenke le lithaele. U ka sebelisa metsi a joalo ka lapeng.
Etsoa: Production without Destruction, 1995
Foro e
khakelelitseng
metsi ‘me e a
khelosetsa
seratsoaneng
Litšehetsi
tsa lijalo li
fana ka
moriti
Sekoti
Metsi le masalla a lijo (liphoofolo le
litlamatlama) li qhalloa ka sekoting
Liratsoana
Matlakala a
apesitseng
mobu
Seratsoana
Foro
FORO E KHAOHANTSENG
MOTHEO
LIFATE TSA LITHOLOANA
MAIFO APOTA-POTILOENG
KE MARAKOANA
TSELA
POKELLO LE TŠEBELISO EA METSI leqephe 163
U ka sebelisa mofuta o mong oa tanka bakeng la ho
bokella metsi a ho tšella lirapeng nakong ea
komello. Leha ho le joalo metsi ano a ka ‘na a ba
le litšila.
U ka ikhahela tanka e ka bolokang metsi a
bongata bo lekaneng ho sebelisoa nakong ea
komello.
Etsoa: People’s Workbook, 1981
METSI A KHELOSETSOA KA
TANKENG
Mokhoa oa ho haha tanka ea samente (ferrocement)
Boholo ba tanka:Lilithara tse likete li leshome.
Tse hlokahalang:
Foromo: U hloka foromo e tiileng e tla u thusa ho haha tanka ea
samente. Mofuta oa foromo oo u ka u sebelisang ka bobebe le ka
katleho ke o entsoeng ka mofuta oa masenke a rulelang matlo.
U ka sebelisa masenke a leshome le metso e tšeletseng. Bolelele ba
le le leng e be likharafu tse peli. U tla hloka ‘steel angle iron’
(40 mm x 40 mm x 5 mm) bakeng la ho hokella masenke ‘moho.
Masenke a fasoa ka liboutu tšepeng ho etsa sebopeho se chelikoe.
Lipakeng tsa masenke ho ba le tšepe (wedge) eo holeng bobebe ho
e hula ha u se u hahile tanka. Ketso ena e bebofatsa hore u arole
foromo.
Bofatse: Cheka sekoti se chelikoe sa botebo ba likharafu tse peli
le metso e ‘meli. Tšela lehlabathe ‘moho le koari ka
ho lekana. Li etse morumo oa lisenthimithara tse
leshome. Beha peipi e bolelele ba kharafu e
kobehileng ka mokhoa oa hore karolo e
hlaheletseng kantle e be bophamo ba lisenthimithara
tse leshome ho tloha moo bofatse ba tanka boleng
teng. Tšela motsoako oa litekanyetso tse latelang;
karolo tse peli tsa lehlabathe, e le ‘ngoe ea samente
le tse ‘ne tsa koari. Morumo oa motsoako e be
lisenthimithara tse supileng le halofo holim’a
lehlabathe le koari.
Boutu bakeng la
ho tiisa
Lesoba la boutu
‘Wedge’
FOROMO BAKENG LA HO HAHA TANKA EA
SAMENTE (FEROCEMENT TANK)
MOTHEHO OA TANKA
Koari Semphurane
Peipi ea metsi
Tšepe e tšehetsang
peipi ea metsi
Corrugated
galvanized
iron
framework
– Samente - 600 kg
– Lehlabathe (1000 kg),
– Koari (500 kg),
– Terata e senang metsu (botenya e be
2.5 mm; bolelele e be 200 m),
– Sefeterata (boholo ba masoba e be 50 mm;
botenya ba eona e be 1 mm; bolelele e be
16 m; bophara e be 1 m),
– Peipi ea tšepe (botenya e be 20 mm;
bolelele e be 1 m),
– Pompo (mofuta o bitsoang ‘No1’),
– Peipi e qhalang metsi (ea tšepe: botenya e
be 8 cm; ea polasitiki: botenya e be 20 cm),
– Masenke (mofuta o rulelang) le ‘angle iron’
bakeng la ho koahela.
leqephe 164 POKELLO LE TŠEBELISO EA METSI
Likhakeletsi tsa lesenke kapa polasitiki li ka
sebelisoa ho khakeletsa metsi ho tsoa ntlong
ea joang. Leha ho le joalo metsi a joalo ha a
lokele ho nooa ka lebaka la litšila.
Etsoa:
Production without
Destruction, 1995
Metsi a tsoang
marulelong
Sekhakeletsi sa lesenke kapa polasitiki
Sekoaheloa se nang le
lesoba moo
metsi a
kenang
le teng
Tanka
ea metsi
E leba saratsoaneng
F
o
r
o
e
p
o
t
i
l
e
n
g
t
a
n
k
a
POKELLO EA METSI A PHALLANG MARULELONG A JOANG A SEBELISOA KA SERAPENG
MOHLALA OA TANKA E AHILOENG KA SAMENTE LE MAJOE
Mabota: U faseletsa thepa eohle ho bopa foromo e be u e beha
holim’a motheho o tiileng hantle. Potisa sefeterata kantle ho
foromo. E faseletse hore e tie. Potetsa karolo ea sefeterata tlas’a
foromo e le hore u tle u e lilelle nakong eo u tšelang fatše kahar’a
tanka. Potisa terata ka holimo ho sefeterata. Terata ka ‘ngoe e
lokela hoba kahar’a liforo tsa masenke ao u entseng foromo ka
ona.
Etsa motsoako oa lehlabathe le samente ka litekanyetso tsa likaralo
tse tharo tsa lehlabathe ho e le ‘ngoe ea samente (3:1). Sebelisa
metsi ho etsa motsoako oo u tla lila ka ona. U
khothaletsoa ho etsa motsoako oa bongata boo u tla
atleha ho bo sebelisa bo be bo fele ka nako ea hora. Lila
bokantle ba foromo u etsa morumo oa motsoako oa
senthimithara e le ‘ngoe. Qala ho lila ho tloha tlase ho
foromo u ee holimo. Ha karolo ea pele e omme u
lokela ho fafatsa metsi ka borashe e be u boela u lila u
etsa morumo o lekanang le oa pele. Kaha u lila bokantle
ba tanka ha ho boima, u ka qeta kapele.
Tlosa foromo letsatsi le hlahlamang. Kaha bokahare ba
tanka bo tla be bo nomorehile ke liforo tsa masenke a
foromo, le literata li hlaheletse u lokela ho lila joalo ka
ha u entse kantle. U qale ka ho etsa morumo oa pele.
Ha o omme u etse oa bobeli. Le ona ha o omme u
eketse oa boraro. U khothaletsoa ho phethela ho lila
morumo ka mong ka letsatsi. Ho seng joalo u lile u etsa lebanta ho pota tanka e le hore nakong eo u tsoelang pele ho tle
ho be bobebe ho kopanya likarolo tseo. Hona ho tla fokotsa monyetla oa ho peperana hoa tanka. Ha u phethela tšela
motsoako fatše oa morumo oa lisenthimithara tse hlano. Karolo eo lebota ‘moho le fatše li kopanang li lokela ho liloa ka
morumo o lekanang le o tšetsoeng fatše e leng lisenthimithara tse hlano. Ha u phethetse ho lila penta kahare ka
motsoako oa samente le metsi ho thiba matlere ka har’a tanka.
Mothati oa ho qetela ke ho fafatsa fatše ka har’a tanka ka metsi e be u bokoahela ka mekotla e metsi kapa polasitiki e
ntšo nako ea matsatsi a supileng ho isa ho a leshome. Phunya lesoba la peipi matsatsing a se makae kamor’a ho phethela
mosebetsi. Pele u ka qalella ho tlatsa tanka metsi u lokela ho tšela metsi a fokolang nako e ka etsang matsatsi a supileng.
Foromo
Sefeterata
Hupuru kapa terata bakeng
la ho tiisa foromo
Sefeterata e hutsoe
le tlas’a foromo
Peipi e
qhalang
metsi
Moo
lebota le
kopanang
le fatše
Pompo
TANKA E FELLETSENG
HAHA FOROMO U E THATELE KA
TERATA HO E TIISA
POKELLO LE TŠEBELISO EA METSI leqephe 165
2. Pokello ea metsi ka tlas’a lefatše
• Matamo
U ka aha letamo ka ho cheka
mobu e be u tlatsa metsi a
pula kapa a tsoang
lengopeng. Mofuta ona ha o
boloke metsi nako e telelele.
Ka hona u ka ala polasitiki
kapa ua lila ka samente hore
le seke la lahla metsi kapele.
U ka fokotsa tahlehelo ea
metsi ka lebaka la moea le
mocheso oa letsatsi ka hore u
etse letamo le tebileng empa
le se sephara haholo. Letamo
le sa tebang le bile le le
lephara le lahlaheloa ke metsi
a mangata ka lebaka la moea
le mocheso oa letsatsi. U ka
lema lifate haufi le lona hore
li tle li lesireletse. U
khothaletsoa ho bala sehloho
sena ‘Tšireletso ea lijalo
moeeng le serameng’.
• Tanka tse ahiloeng ka
mobung
U ka khelosa metsi a phallang
lebaleng kapel’a ntlo kapa leralleng
hore u a bokelle ka tankeng e ka
mobung. U ka ahoa lebota le
lenyane bakeng sa ho a khelosetsa
ka tankeng.
U ka aha tanka e kholo hore u tsebe
ho bokella metsi a mangata bakeng
la ho tšella lijalo serapeng. U ka
sireletsa mabota a mokoti ka
mekhoa e latelang:
Ala sefeterata maboteng le
fatše. Lila ka samente. U ka
batla seahi bakeng la mosebetsi
ona hore mosebetsi e tle e be o makhethe, tanka e sa lutle.
U ka aha mabota ka litene ua ba ua lila ka samente ka hare. Mokhoa ona o bobebe, e bile
ha o hloke lisebelisoa tseo ho leng thata ho li fumana.
Metsi a
khelositsoeng
Letamo bakeng
la pokello ea
metsi
Foro e qhalang
metsi
Sekoti bakeng
la ho bokella
mobu o
hoholehileng
Letamo le
lenyane
JOANG, LEHLAKA LE LIFATE TSE NYANE LI SIRELETSA
MEHLOLI EA METSI HAPE LI TŠOARA MOBU
Etsoa: The Basics of Permaculture Design, 1996
leqephe 166 POKELLO LE TŠEBELISO EA METSI
U ka ala mofuta oa polasitiki o bitsoang
‘HDPE’ maboteng le fatše. Mofuta ona o
morumo o motenya. U ka sebelisa
mofuta o mong o bitsoang ‘geofabric’.
Mofuta ona oa bobeli o fumaneha e le
likaroloana tse ngata. U li ala fatše le
maboteng a tanka e be u tlotsa moo
likaroloana li kopanang ka mofuta oa
mokeli-keli o khethehileng (sealant). Ha
u tlotsa ka ‘sealant’ u thiba masoba hore
metsi a se ke a lutlela kantle ho tanka.
Tšebeliso ea mofuta ona oa bobeli e
bobebe ho feta mofuta o hlalositsoeng
pele ka hore ha ho hlokahale bathusi ba
bangata e bile ha o lits’enyehelo li phahameng. Theko ea ‘geofabric’ le ‘sealant’ e tlase.
Pictures courtesy of the Water for Food Movement, PO Box 796, Derdepoort Park, 0035, South Africa.
Lebala le fietsoeng
Marulelo a
tanka ea metsi
SETŠOANTSO SE KA LEHLAKORENG LE
LETŠEHALI SE BONTŠA ‘ME EVA MASHA OA
LIMPOPO NAHENG EA AFRIKA BOROA A LE
PEL’A TANKA EO A IKHAHETSENG EONA.
SETŠOANTSO SE LATELANG KA LETSOHONG
LE LETŠEHALI SE BONTŠA ‘ME EMILY HA
AKHA METSI HO TSOA TANKENG EO
MABOTENG LE FATŠE HO ALUOENG ‘HDPE’ ‘ME
EONA E KOAHETSOE KA LESENKE.
SETŠOANTŠO SENA SE ILE SA NKUOA NAKONG
EA KOMELLO HA HO ENA LE KHAELLO EA
METSI. U SEBELISA METSI A KA TANKENG HO
TŠELLA LIJALO SERAPENG SA HAE JOALO KA
HA HO BONTŠITSOE SETŠOANTŠONG SE KA
LETSOHONG LE LETONA.
POKELLO LE TŠEBELISO EA METSI leqephe 167
Mokhoa oa ho aha tanka ka mobung u sebelisa polasitiki e bitsoang
‘geofabric’ ‘moho le ‘sealant’
U ka aha tanka e boholo ba lilithara tse likete li mashome a mane a metso e robileng meno e ‘meli (48 000 L). U hloka
bathusi haholo bakeng la ho cheka mokoti. Ka hona e litšenyahelo li phahameng ho e haha.
• Cheka sekoti se mahlakore a
boholo bo latelang:
Bolelele: likharafu tse tšeletseng,
Bophara: likharafu tse ‘ne,
Botebo: likharafu tse peli.
Mabota ha a lokela ho otloloha.
U lokela hore u a cheke ka
mokhoa oa hore a thulame.
Lebota le lokela hore le be
boreleli.
• Cheka foro ho potapota sekoti.
E lokela ho ba botebo ba
lisenthimithara tse mashome a
mararo. U tla hatisa lipolasitiki
ka mobu hore o e tšoare hore e
tiee.
• Ala polasitiki (geofabric) ka
sekoting. Etsa bonnete ba hore
karolo ea polasitiki e bolelele ba
kharafu bo ka forong e
potapotileng sekoti. Hatisa
karolo ea polasitiki e ka forong
ka majoe le mobu. Ka ho etsa
joalo polasitiki e ke ke ea huleha
ha e utloa boima ba metsi ka
tankeng. Tanka ea boholo bona
e hloka ‘geofabric’ ea boholo ba
90 m².
• Penta polasitiki ka ‘butimen
sealant’. Sesebelisoa sena se
lokela ho mamella serame le
mocheso. Ho seng joalo se ka
peparana ha metsi a bata. U tla
hloka lilithara tse makholo a
mabeli le leshome (210 L) tsa
‘butimen’.
Libaka tseo u ka
fumanang thepa e hlokahalang ke tsena:
Geofabric:
Kaytech factory in Johannesburg, South Africa.
Phone: 011 - 452 5310
Sealant:
Tosas; Spartan factory in Johannesburg South Africa
Phone: 011 - 902 1905
POLASITIKI E
ALOANG KA
TANKENG
“GEOFABRIC” E
HATISITSOE KA MAJOE
LE MOBU KA FORONG
leqephe 168
TEMO E BABALLANG MOBUleqephe 169
BOITHUTO: Mohlala o motle oa ho hlahisa lijo le ho
bokella metsi a pula
Monghali Sello Matlere o lilemo tse ngata a sebetsana
le temo e baballang mobu le metsi.
O ile a ithuta mathata a mangata ha a ntse a sebetsa e
le Mosupisi oa temo, mathata a bakoang ke khoholeho
ea mobu e bakoang ke metsi ha pula e na, mobu o
otileng, tlhokahalo ea metsi le tlhahiso e tlaase ea
lijalo.
Kamor’a boinahano ba nako e telele Monghali Matlere
o ikhethetse le ho kenya ts'ebetsong mokhoa oa ho
loants'a mathata ana, ‘me o makhabane a mangata.
Mokhoa ona o kenyeletsa ho etsa
liforo le litotoma makoroteng
a masimo. Mosuoela o ts'eloa
khafetsa liforong le litotomeng tse
joalo. Mefuta e mengata ea lijalo
joalok’a poone, koro, linaoa, tamati,
kh'abeche, litapole, rapa, sepinichi le
hanyanese li ka lengoa.
TEMO E BABALLANG MOBU
Monghali
Matlere o
re: “Mpotse
ka temo ea
liforo”
KA HO LE
LETONA: MONG.
MATLERE O EME
HAUFI LE E NGOE
EA LIFORO TSA HAE.
LEHLAKA LA POONE
E SENG E KOTUTSOE
LE HARETSOENG
KE LINAOA LE EA
BONAHALA PELA
HAE.
KA HO LE LETS’EHALI: KA FORONG E NGOE HO LENGOE
KH'ABECHE PELA POONE 'ME KH'ABECHE ENA E TLOHETSOE HORE E
HLAHISE PEO EA SELEMO SE HLAHLAMANG. HLOKOMELA LEHOLA
LE HLAOTSOENG 'ME LE TLOHETSOE HO ETSA MOSUOELA KA
LIFORONG LE LITOTOMENG.
leqephe 170 TEMO E BABALLANG MOBU
HOBANENG TEMO KA LIFORO?
Liforo li thusa ho laola ho phalla ha metsi le ho thibela khoholeho ea mobu o manoni o ka
holimo.
Liforo li thusa ho anetsa metsi a pula ts'imong kaofela.
Litotoma li eketsa botebo ba mobu 'me sena se thusa metso ho ea tlase haholo ho batla lijo
le mongobo. Ha metso e tebile sejalo se atleha haholo.
Liforo li etsa hore metsi a pula a se tlohe moo ts'imong 'me a sebelisoe ke mobu oa ts'imo e
joalo. Pula e ts'oaroa ke liforo e be e monyela mobung.
Liforo le litotoma li eketsa manoni a mobu ke mosuoela o ts'eloang le lijalo tse shoelang
moo ts'imong ha li kopana le mongobo le letsatsi le chabelang litotomeng.
LIFORO LE LITOTOMA LI KA ETSOAJOANG?
Ho potiela le ho ts’oaea mela ea Makorota
Qala pele kaho lekola sebaka moo li tla etsoa teng hore na ho na le makorota/mankanese
kapa sona sebaka se phahameng. Liforo le litotoma li etsoa moo ho phahameng.
Tekolo e qaloa ka holimo hoea tlase kapa ka moo ho phahameng ho theosa.
Foro e ka holimo e tlameha hoba sephara ho feta tse ling, ho ipapisitsoe le sekhakeletsi ka
holima ts'imo etla sebelisoa. Haeba metsi a mangata a pula a hoholeha holim’a ts'imo foro
e ka holimo e tla tlameha hoba sephara hore e ts'oare metsi hore a se ee ka ho tse ka tlase
tse nyenyane.
LIMOTOMOTO TSE SEBAKENG SE MOTHIPOLOHONG.
SEBAKA SE LIPAKENG TSATSONA SE BATELEHILE.
Mola
oa lekorota
o bonts’a botsitso/
bophahamo ba
lefats’e. Moo lefats’e le
tsitsitseng lekoroteng
metsi a sitoa ho
tsamaea.
TEMO E BABALLANG MOBUleqephe 171
Lisebelisuoa:
Khoele e telele, baterepase, thupa tse peli tsa bolelele
ba limithara tse peli tse ts'oauoeng bolelele ba linoko
tse 30, 40 le 50 ka tatellano, theipe le mohoma o
hlaolang.
Ho fumana mola oa pele oa lekorota ka holim’a
ts’imo ka mokhoa o latelang:
Khaola khoele bolelele ba limithara tse 20 ebe e
tlangoa lithupeng tse peli tse boletsoeng ka holimo.
Khoele e tlangoa botebong bo lekanang lithupeng tse peli ho ipapisitsoe le maemo a sebaka
ka seng.
Baterepase e beoa holim’a khoele, 'me ha mokeli-keli o kahare ho baterepase o lula
bohareng ke ho bolela hore lithupa tse peli tse ts'oereng khoele li eme sebakeng se
lekanang ka bophahamo.
Makorota a ts'oauoa ka lithupa ka mathoko le
bohareng. Lithupa li hlongoa mithara le halefo
hoisa ho tse peli.
Ho ka qaloa ka ho ts'oaea sebaka pakeng tsa
makorota ka bolelele ba mithara le halefo kapa
limithara tse peli ho theosa le ts'imo e be ho
sebelisoa baterepase ho ts'oaea le kaholimo.
Ha sena se felile theohela ho le hlahlamang joalo-
jaolo.
LIBULULOANA TSA LERO LE
‘MALA LI BA BOHARENG BA
KHALASE HA MOLA
O TSITSITSE
Lisebelisuoa:
Khoele ea tlhapi ea
bolelele ba limithara tse
20;
Khoele ea botsitso; Lithupa tse
peli tsa bolelele ba limithara
tse peli tse ts’oailoeng 30,
40, le 50 cm ho tloha
qalong; Theipi.
leqephe 172 TEMO E BABALLANG MOBU
Ho ts’oaea makorota a mang ho theosetsa:
Haeba ts'imo e sa sekama haholo haho hlokehe ho ts'oaea makorota ho sebelisoa
baterepase ho ka hakanyetsoa hore na le latelang le tlameha ho ba kae ho sebelisoa le ka
holimo. Baterepase e ka sebelisoa ho ts'oaea la bone kapa la bohlano.
Ts'oaea joalo ho fihlela ts'imo kaofela e felile.
Mekhoa e 'meli ea ho etsa liforo le litotoma ke e latelang. Oa pele ke ho etsa tsena pele ho
lengoa. Oa bobeli ke ho lema makorota pele e be liforo le litotoma li etsoa ha ho ntse ho
hlaoloa ka ho beha lehola makoroteng.
Mekhoa ea ho etsa liforo le Litotoma
Ho na le mekhoa e ‘meli ea ho etsa liforo le litotoma:
Mokhoa oa pele, liforo le litotoma li etsoa pele ho lengoa;
Mokhoa oa bobeli, ho lengoa makoroteng ‘me litotoma le liforo li etsoa nakong e itseng
ha mobu le mahola li bokelletsoa mahlakoreng a makorota ha ho hlaoloa.
HO TS’OAEA MAKOROTA
KA TS’EBELISO EA
KHOELE
Bokaholimo ba ts'imo metsi a theosetsa
Limithara tse 20
Mithara le halefo ho isa tse peli
TEMO E BABALLANG MOBUleqephe 173
MOKHOA OA PELE: Ho etsa liforo le litotoma pele ho lengoa
Haho se ho entsoe makorota ts'imong a arohaneng ka sebaka sa mithara le halefo hoisa ho
limithara tse peli, qala ho cheka liforo. Sebelisa baterepase ho tseba hore na bophahamo ba
totoma bo tlameha hoba bokae. Khoele e ka phahamisetsoa bophahamong ba linoko tse 30
joalok’a ha ho ts'oauoe lithupeng tse peli. Totoma e etsoa bohareng ba khoele e ts’oeroeng
ka lithupa tse peli. Cheka mobu moo e tlang ho ba foro ebe o ts'eloa moo etlaba totoma,
liforo li etsoa ka mohoma o hlaolang hobane ho bobebe ho sebelisa mohoma ho feta
kharafu.
• Khoele e behoa ka hara foro e be ho etsoa bo 'nete ba hore foro e bataletse hantle.
Ha foro e felile phethola mobu o fats'e hore obe bonolo, u ka o kopanya le moiteli kapa
mosuoela ho lokisetsa ho jala.
HO ETSA LIFORO LE LITOTOMABokaholimo ba ts'imo
metsi a theosetsa
Totoma e phahameng ka
linoko tse 30
Mola
Foro linoko tse 75 ho
isa mithareng
Bophahamo ba
linoko tse 30
bots’oailoeng
thupeng
Lisebelisuoa tse
ling tse hlokahalang
mobung o thata
Mithara
le halefo
ho isa
tse peli
leqephe 174 TEMO E BABALLANG MOBU
MOKHOA OA BOBELI: Ho lema makorota ebe liforo le litotoma li etsoa ha
morao
Mona u lema sejalo pele joalok’a poone makoroteng a ts'oauoeng ka bolelele ba mithara le
halefo hoisa tse peli lipakeng.
Selemong sa pele ha ho hlaoloa le lilemo tse latelang mobu le lehola li bokelletsoa lijalong
e be li siea foro le totoma moo mobu o neng o bateletse pele. Lehola le bokeletsoeng lea
bola le fetohe mosuoela le manyolo a lijalo.
Foro e ka sebelisoa ho lema sejalo se latelang joalok’a kh'abeche kapa ea lokisetsoa sejalo
seng se latelang, hona ho thusa hore mobu o lule o koahetsoe ke limela.
Lehola le ka behoa ka forong ‘me sena se fetoha mosuoela ka forong, o tla thusa ho boloka
mongobo mobung. Mosuoela ona o boetse o ts'ireletsa mobu khahlanong le lebatama la
letsatsi le serame kapa meea e batang, le ho thibela ho hlaha ha lehola le leng.
KA HO LE LETONA: SETS'OANTS'ONG SENA:
POONE E LENNGOE EA KOPANGOA LE LINAOA LE
TAMATI EA HOETLA. HA POONE E QETA HO KOTULOA
KORO E EA LENGOA KA FORONG 'ME KALE EA LENGOA
TOTOMENG.
TOTOMA E ENTSOE LEHLABULA KA HO BOKELETSA
MOBU LE LEHOLA LEHLAKENG LA POONE. LINAOA LE
TAMATI TSA LENGOA'MOHO LE POONE.
KA HO LE LETS’EHALI: SETS'OANTS'ONG SENA
MAHLAKA A POONE A PHETHOLELLETSOE MOBUNG
KAMOR’A HO KOTULA, 'ME LITOTOTOMA TSENA LI TLA
BA MALALA A LAOTSOE BAKENG SA SELEMO SE TLANG.
HO LEMA MOBU O THATA HO KE KE HOA HLOLA HO
HLOKEHA KAHA HO SE NTSE HOLE BONOLO, 'ME HO KA
JALOA HA PULA TSA PELE LI ENA.
TEMO E BABALLANG MOBUleqephe 175
HO LEMA KA LIFORONG
Mokhoeng ona lijalo tse ngata li ka lengoa nako e telele, e le hore lijalo tse ngata li ka lengoa
ka selemo. Liphoofolo ha lia lumelloa ho kena kaha li ka kata mobu 'me tsa ja le mahlaka a tla
thusa ho nonts'a mobu.
Lijalo tse ngata li ka lengoa
ts'imong e le ngoe ka mokhoa
oa neheletsano e re ha tse ling
li kotuloa tse ling li be li jaloa
joalo joalo. Mahlaka a poone a ka
sebelisoa ho ts’ehetsa tamati le
linaoa tse lengoang moraonyana.
Ha Sehoai se hloka ho hlahisa
lijalo tsa pele se ka etsa sethopo
ka ntlong ea sethopo, sena se
ka etsetsoa ka hara mabokose a
sethopo. Sethopo se ka hlongoa
ka liforong le litotomeng hang ha
serame se felile.
KA HOLIMO:TSE HLOKAHALANG
HO ETSA SETHOPO LI BOKELLOE,
MOSUOELA O PUTILENG LE MABEKERE
A LEMELANG.
KA HO LE LETS’EHALI:MONGHALI S.
MATLERE (KA LEQELENG) LE MONG. SELLO
THULO (CARE-LESOTHO) BA LEKOLA SETHOPO
SA SEPINICHI SE LENGOENG KA MABOKOSENG A
SETHOPO. SETHOPO SENA SE LENGOE KAHAR’A
NTLO EA SETHOPO MAFELONG A LEHLABULA
E LE HORE HA LEHOETLA LE QALA SE BE SE
LENGOA, 'ME SENA SE KA THUSA HORE E RE HA
SERAME SE QALA HO BA TENG LIJALO LI BE LI
HOLILE.
leqephe 176 TEMO E BABALLANG MOBU
LITLAMORAO TSA HO SEBELISA MOKHOA ONA
OA LIFORO LE LITOTOMA
Metsi a ntseng a monyela ka liforong le litotomeng khafetsa, a etsa hore sebaka sena
se lule se le mongobo. Monghali Matlere o ithutile hore ha letsatsi le chabela litotoma
tsena kamor’a matsatsi a ka bang mabeli a pula ho kubella mosi o bakoang ke mocheso o
bakoang ke ho bola hoa lehola, joang le mahlaka a poone. Sena se etsa sebaka se mongobo
se nang le mofuthu o mongata 'me sena ke sebaka se loketseng ho lengoa meroho le
mokopu.
Lehlabathe le lulang ka liforong ha pula e le ngata le etsa hore ho be manoni le mongobo
le mobu oo lijalo li tla its'oareletsa ho ona. Monghali Matlere o ithutile hore lehlaka la
poone le atleha haholo ha ho sebelisitsoe mokhoa ona. Lehlaka lena la poone ha le oele
fats'e ha meea e le matla joalok’a maemong a tloaehelehileng.
Litlhaka le likutu tse sallang litotomeng ha ho kotutsoe li bola kapele ho feta mokhoeng
ona. Lesotho mona maemo a leholimo a mahareng empa hona le likhoeli tsa serame
se se ngata. Litotoma tsena li na le sebaka se se ngata se chabeloang ke letsatsi ebile
le mosuoela o tseba ho ts'oara metsi. Mosuoela o etsahala kapele ho feta maemong a
tloaelehileng.
Ka ha hona le manyolo a mangata mobung, ha ho hlokehe ho ts'eloa manyolo a tsoang ka
thoko haeba a bonahala a fokola.
Monghali Matlere o boetse o hlokometse hore kaha manyolo le mosuoela li ngata ts'imong
e lengoang ka mokhoa ona, mathata a bakoang ke likokoanyana le mafu a fokotsehile
haholo.
Kaha sebaka lipakeng tsa lijalo se le seholo mokhoeng ona poone e hola ka pele e bile
e beha liqo tse ngata lehlakeng (4-5) hape li tenya. Leha ho ena le limela tse fokolang
sebakeng kotulo eba ngata, sena se etsahala le lijalong tse ling joalok’a koro le kh'abeche.
Sebaka se seholo lipakeng tsa mela se thusa hore ho hlaola ho be bobebe 'me sena se
bohlokoa.
Sebaka se ba boholo ba bonyane limithara tse peli pakeng tsa mela le linoko tse 60
lipakeng tsa lijalo totomeng.
Sebaka sena se boetse se ka thusa hore liphoofolo li ka sebelisoa ho kofola.
Sebakeng sa lijalo tse nyenyane joalok’a kale le tamati arola ka linoko tse 30 lipakeng
tsa mela.
Haele tse kang koro le hanyanese mela e meli hoisa ho e meraro e ka lengoa ka bophara
ba linoko tse 40 hoisa 50 lipakeng tsa mela le 30 lipakeng tsa lijalo.
Mokhoeng ona peo e lengoa ka letsoho e seng ka liphoofolo.
Mokhoeng ona peo e lengoa ka letsoho e seng ka liphoofolo. Monghali Matlere ebile o lema
feela lijalo tseo a ipolokelang peo ea tsona.
MEKHOA EA HO NOESETSA LIRATSOANA MALAPENGleqephe 177
Ho na le mekhoa e meraro e nepahentseng ea ho hlokomela metsi malapeng. Oena ke e
latelang:
• Mokhoa oa pele ke ho bokeletsa metsi a pula a mangata ka moo u ka khonang ka teng.
Oa bobeli ke ho fetisetsa metsi ao lijalong.
• Mokhoa oa boraro ke ho sebelisa metsi ao ka hlokolosi.
1. HO KHAKELETSA LE HO BOLOKA METSIA PULA
Mona re shebana le litanka tse khakeletsang metsi a pula, litanka tseo re ka ichekelang tsona
hammoho le matamo a ntlafalitsoeng.
MEKHOA EA HO NOESETSA
LIRATSOANA MALAPENG
leqephe 178 MEKHOA EA HO NOESETSA LIRATSOANA MALAPENG
Ikokanye le:
Lekala la Meru le Ntlafatso ea Mobu Rural Self Help Development Association
(Conservation division) (Mokhatlo oa ba Ithusang ho Itšebeletsa
Ofising ea liphatlalatso Metseng)
Box 92 Box 0523
Maseru Maseru West
Phone: (+266) 2232 3600 Email: rsda@lesoff.co.za
Phone: (+266) 2231 1279
Ba fana ka lithuso tse latelang:
Tseo u li fumanang
Ho ahoa tanka e le ‘ngoe e le ho bontša kapa ho ruta liahi tse leshome tsa sebaka seo.
Ho ahoa litanka tse tharo tsa boholo bo sa tšoaneng. Ketso ena e ipapisa le hore na marulelo a ntlo a
maholo ha kae, le hore na ke metsi a makae a ka khakeletsoang. Tanka e nyenyane e ba li lithara tse likete
li supileng (7 000 L), e mahareng ke likete tse leshome le metso e mene, (14 000 L) ha e kholo eona e le
likete tse mahome a mabeli a metso e mehlano a li lithara (25 000 L).
Lekala le RSDA li tla fana ka samente, liphaephe, litlamelletsa (fittings), pompo le terata.
Tseo u tlamehang ho ba le tsona
Sehoai se tšoanela ho ipatlela majoe le lehlabathe la noka.
Motho ka bo mong a tle le likhakeletsi tsa metsi tse tlang ho faseletsoa marulelong.
Sehoai se ipatlele seahi.
Melemo
ea tanka:
• Metsi a na a pula a ka
bolokoa antano sebelisoa ha
morao.
• Litanka tsena ke tsa moshoelella.
• Metsi a tsoang marulelong a
hloekile.
• Liahi li ka iphumanela chelete
ka ho aha litanka
tsena.
Bothata ba ho
aha tanka:
• Ho aha tanka ena ke
mosebetsi o thata o matla.
• E theko e phahameng.
• U tšoanela hore u be u tseba ho
aha kapa u batle seahi.
• Metsi ao a ka tankeng a ka se
sebelisoe ho fihlela komello
e feela.
Mokhoa oa ho aha tanka
Ke khakanyo e ntle hore u fumane seahi se tlang ho u thusa ho aha tanka, kapa ha u sa tsebe
seahi se joalo, u ka kopa lekala kapa RSDA ho u thusa.
Litanka tse khakeletsang metsi a pula
Lekala la Meru le Ntlafatso ea Makhulo hammoho le Mokhatlo oa ba ithusang ho itšebeletsa
Metseng (RDSA), ba thusa lihoai tsa Lesotho ho aha li tanka tsena.
MEKHOA EA HO NOESETSA LIRATSOANA MALAPENGleqephe 179
Ka letsohomg le letona ke setšoantšo sa tanka e ahiloeng ka
majoe. Tanka ena e bophara ba limithara tse tharo (3 m) le
bophahamo ba 1.8 m. Ha e tletse e tšela metsi a li lithara
tse likete tse ‘ne (4 000 L). Metsi a ka tankeng e tjena a ka
sebelisoa likhoeli tse tharo nakong eo ho omeletseng. Ho aha
tanka ena u lefa maluti a likete tse tharo hoisa ho tse tharo le
mashome a mahlano (M3,000-M3,500). E nka nako ea libeke
tse peli hoisa ho tse tharo ho e aha.
Mekhoa ea ho aha tanka
1. Khotha le ho hloekisa sebaka sa boholo ba limithara tse
tharo.
2. Cheka motheo o selika-likoe. Motheo o lokela hoba
botebo le bophara bo etsang linoko tse mashome a mane
(40 cm), hona ke bolelele bo lekanang le kharafu.
Tlatsa motheo ka samente.
3. Tšela fatše ka samente. Lethopo le ntšang metsi le tla tsoa le hona samentneg ena leo lona le tlo
kopangoa le pompo eo metsi a tlang ho khuoa ho eona.
Pompo eo ho tlang ho khuoa
metsi ho eona e tšoanela ho
hlahela tlase ho tanka e le hore
metsi kaofela a ka tankeng a
tsebe ho tsoa le moo.
4. Aha tanka ea hau u sebelisa majoe le samente. Eona e
lokela hoba bophara ba licenthimithara tse mashome a mane
(40 cm), le bophahamo ba 1.8 m. Ha u qeta e samente ka hare.
5. Etsa bonnete ba hore likhakelatsa pula (gutters) li eme
hantle ka ho lima tanka, u ntano emala hore pula ene.
Boholo ba nako, li tanka tsena ha li koaheloe. Ho ntse
ho khoneha hore u li koahele ka masenke, nete kapa ka
ho aha sekoahelo sa samente. Metsi a tsoang tankeng e
koahetsoeng a ka nooa. Empa ha e sa koaheloa, metsi ao
a tla be a le litšila haholo hore a ka nooa.
’ME’ MATHABO O EME PELA TANKA
EA HAE E HAETSOENG HORE E
KHAKELETSE METSI A PULA
POMPO EA TANKA E
LOKELA HO KENGOA TLASE
MOO TANKENG
MONA KE LERAKO LA TANKA LE AHILOENG KA MAJOE, LEO
RE LE BONTŠOANG KE NTATE TLALE, LE HA LE E SO FELE
BOKAHARE BA TANKA ENA BO
BONTŠA LESOBA LE FATŠE LEO
METSI A TLANG HO TSOA HO LONA
SEKHAKELETSI SE ENTSOENG KA MASENKE
SE ISA METSI KA TANKENG
leqephe 180 MEKHOA EA HO NOESETSA LIRATSOANA MALAPENG
Matamo a ntlafalitsoeng
Ke matamo kapa mekoti e chekiloeng
fatše. Matamo ana a ka ahoa ka mekhoa
e mangata e fapakaneng.
Lihoai tsa Lesotho li lekile mekhoa e
mangata e fapakaneng ea ho aha matamo
ana. Eona ke e latelang:
1. Matamo a samentiloeng
2. Matamo a ahiloeng ka majoe le
samente.
3. Matamo a mobu a pakelletsoeng majoe
ka holimo.
4. Matamo a aliloeng ka polasitiki.
Lebaka le leholo la hore tanka e ahoe
hantle ho tloha fatše le maboteng ke
ho thibela metsi ho qhalana.Libakeng
tse ling mobu oa teng o na le letsopa le
lekaneng hore le thibele letamo ho lutla, ka hoo, ha ho hlokahale hore le tšireletsoe ka letho.
Athe libakeng tse ling teng ha mobu o ba metsi haholo, o ka etsa hore mabota a letamo a oele e
be le a lutla.
Metsi a kenang
ka matamong ana a
tsoa fatše. Ka tsela ena, ho ba
bobebe hore u iphumanele metsi a
mathang ho tsoa marulelong, tseleng
le mekotinyaneng e teng pela ha hau.
• Ho a khoneha hore ho ahoe matamo
a maholo, a tla tseba ho tšela metsi a
mangata, hore a sebelisoe nako e telele
ha ho omeletse.
• Matamo ana ha a theko e
phahameng, a bile a bobebe
ho a aha ho feta
litanka.
1. Matamo a samentiloeng:
‘M’e Mamothepane ea ahileng Ha Likupa, seterekeng
sa Mafeteng, o ile a i k’hahela letamo le ntlafalitsoeng
eaba o ua le samenta.
Letamo lena le ne le ahoa ke batho ba bararo ho tsoa
hona moo motseng oa Likupa. Ene e le sehoai se
tsoang ha Rabolilane, eo eena a ileng a ba bontša hore
na letamo la mofuta oo le ahoa joang, anto ba tlohela
hore ba tsoele-pele, empa a ntse a ba bontša mona le
mane. Letamo lena le ahiloe ka matsatsi a leshome le
metso e mene.
Khahong ea letamo lena ho sebelisitsoe samente le
terata ea lihoko tsa likhoho feela. Ho iloe ha chekoa
sekoti, eaba ho aloa terata kahare. Ka morao ho moo,
letamo la samentoa. Lehlabathe le neng le sebelisoa le
ne le latoa nokeng ka likhomo.
Letamo le batla le lekana ka mahlakore oohle. Le
bolelele ba limithara tse hlano le bophara ba tse ‘ne.
Botebo bona ke mithara tse peli. Letamo lena le
boetse la samentoa moo metsi a phallang a tlang ho
kena le teng. Hona ho etsa hore le tle le lule nako e
telele le sa senyehe.
MEKHOA EA HO NOESETSA LIRATSOANA MALAPENGleqephe 181
Letamo le kampetsoe ho thibela bana le liphoofolo ho kena moo
kaha kotsi ekaba teng. Hona le tanka e bitsoang “header tank”
e ka tšelang metsi a li lithara tse sekete. Tanka ena ha e behoe
fatše, e phahamisoa hore e be limithara tse peli le halofo (2.5 m).
Mosebetsi oa tanka ena ke ho thusa hore metsi a tsebe ho phalla
hantle ka hara mathopo le lipompo tse ka serapeng tseo tsona li
nkang metsi ho tsoa tankeng ena. Pompo e hatoang ka maoto ke
eona e sebelisoang hore ho pompeloe metsi ka tankeng.
Lethopo le nkang metsi ho tsoa ka letamong le na le sefe
qetellong ea lona e le hore le sefe likhoere-khoere, e be ho tsoa
metsi a hloekileng feela.
Pele u pompa metsi, etsa bonnete ba hore hona le
metsi ka li silindareng le ka lethopong. Ho nka lihora
tse kabang peli ho tlatsa metsi ka tankeng ela e
bitsoang “header tank”. ‘Me oona a ka sebelisoa beke
kaofela.
‘M’e Mamothepane o bolela hore haele
mona metsi a se a fumaneha haufinyane, a ka
tseba ho tsoela-pele ka mesebetsi e meng ea
hae. O boetse o khona ho hlahisa meroho e
mangata ho feta pele. O iphelisa ka ho hlahisa
meroho le sethopo ebe o li rekisetsa likolo le
Baitsukoli.
‘M’e Mamothepane o boetse o iketsetsa phaello ea
meroho ka ho etsa jeme le ho boloka e meng ea
meroho ka libotlolong.
SETŠOANTŠO SENA SE BONTŠA
LETHOPO LE FASELELITSOENG
SEFE
MONA MOITHAUPI O ITHUTA HO
SEBELISA POMPO EA MAOTO
ME MAMOTHEPANE U BONTŠA BOTLOLO EA JEME EA
TJOTO LE LIPEO TSEO A LIREKISANG HO IKETSETSA CHELETE
KAROLOANA EA SERATSOANA LE MOO HO
HLAHISETSOANG SETHOPO TENG
leqephe 182 MEKHOA EA HO NOESETSA LIRATSOANA MALAPENG
2.Matamo a ahiloeng ka majoe le
samente
Ho boetse ho a khoneha hore matamo a ahoe ka majoe le
samente. A ka ahoa a otlolohile kapa a kobehile. Ho qaloa
pele ka ho chekoa motheo oa letamo lena. Setšoantšo sena
se ka lehlakoreng le letona se bontša letamo le ntlafalitsoeng
le ahiloeng ka holekana mahlakore oohle. Le lenyenyane, le
tšela feela li lithara tse likete li leshome le metso e mehlano
tsa metsi. Le bolelele ba li mithara tse tharo, bophara ke
limithara tse peli le halofo, ha botebo bona e le mithara e
lengoe le halofo.
Setšoantšong se ka holimo ho sebelisitsoe pompo ea letsoho.
Pompo ena e na le tšepe e telele ho etsa hore ho be bobebe ho
pompa metsi. Ho sebelisoa toromolo e kholo hore e thuse ka
ho sefa metsi, ho tle ho pompehe metsi a hloekileng feela.
Haufi le foro e kenyang metsi ka letamong, ho ka chekoa
ka tsela e tla e tsa hore likhoere-khoere tse kang matlakala
le seretse li se ke tsa kena ka letamong, empa li felle moo.
Sebaka sena se lokela ho hloekisoa nako le nako.
LEBOTA LA MAJOE LE SAMENTE
LE AHILOENG KAHO OTLOLOHA LA
LETAMO LE NTLAFALITSOENG
LETAMO LE NTLAFALITSOENG,
LE TERATETSOENG LE BILE LE
NA LE POMPO EA LETSOHO
TERAMO LE POMPO
EA LETSOHO
MEKHOA EA HO NOESETSA LIRATSOANA MALAPENGleqephe 183
3.Mabota a mobu a pakelletsoeng ka
majoe
Mabota a matamo ana ha a otloloha hakaalo. A batla a
kobehile. A batla a tšoana le sebaka se motheong, empa
motho a ka nna a tseba ho hloella ka holimo. Bokahare
ba letamo kaofela bo aliloe ka majoe(fatše le maboteng).
Majoe ana ka bo oona ha a thibele hore letamo le lutle.
Le ha ho le joalo, letamo le ka nna la lutla hanyanyane
hobane mobu oa lona o na le letsopa le lengata le tsebang
ho tšoara metsi.
U ka nna oa lema joang ba mohloa tšepe
maphakong a letamo e le ho thibela mobu
ho khoholeha. Ketso ena hape e thusa
hore maphako ao a seke a oela ka hara
letamo ha ho ka etsahala hore mobu o
pakellane moo.
4.Ho aha ka
polastiki
Ha u tlo sebelisa polasitiki ho
ala ka hare ho letamo la hau,
etsa bonnete ba hore polasitiki
eo u e khethang ha ena ho
chesoa ke letsatsi ha bonolo.
E seng joalo e tla taboha
kapa e bole le pele selemo se
fela. Lipolasitiki li aleha ha
bobebe maphakong a letamo,
e bile li khechana tsa tsona
li ka kopangoa ha bonolo ka
sekhorametsi (glue). Le ha ho
le joalo, ho ntse ho ka etsahala
hore u iphumane u phuntse
polasitiki eo masoba e se ka
maikemisetso.
SETŠOANTŠONG SENA RE BONA HORE POLASITIKI E ‘MALA OA
LAMUNU E SE E SENYEHILE E BILE E TABOHILE. HA E LE POLASITIKI
E TŠOEU EONA E NTSE E TŠOERE KA MATLA.
leqephe 184 MEKHOA EA HO NOESETSA LIRATSOANA MALAPENG
2. PHETISETSO EA METSI LIJALONG
Pompo tsa matsoho le maoto
Lipompo tsena ha li sebelise motlakase kapa peterole. Li sebelisa feela matsoho kapa maoto.
Pompo tsa maoto
Pompo ena e ahiloe hore e tsebe ho sebelisoa libakeng tsa mahae tse hole le litoropo. E ‘mele
o monyanyane, e matla e bile e nkeha ha bobebe. E sebetsa mesebetsi e mengata joalo ka
ho pompa metsi nakong ea monoesetso le ho pompa metsi a tla sebelisoa ka lapeng. Joale re
shebana le mefuta e ‘meli ea lipompo tsena.
ApproTEC foot pump (Kenya)
Tšebeliso ea pompo ena:
Pompo ena ha e nyanyane hakaalo, empa
e matla hape ho bobebe ho e hlokomela
le ho ilokisa ka ho sebelisa litšepe tse
fumanehang mona hae. E boima ba 22 kg.
Pompo ena e na le mathopo a mabeli, le
tsoelang ka ntle leo lona le leng bolelele
ba limilimithara tse mashome a mabeli
a metso a mehlano (25 mm), le kenang
kahare lona le bolelele ba limilimithara tse
mashome a mararo a metso e ‘meli
(32 mm). E boetse ena le licilindara
(cylinder) tse peli tseo e leng tsona tse
suthumetsang metsi hore a tsoe.
Hore pompo ea hau e seke ea u senyehela,
le ho thibela likhoere-khoere ho feta,
faselatsa sefe ea mathopo le thopong le
kenang ka hare ho pompo.
Metsi a ka pompeha hoisa bo phahamong (height) ba limithara tse leshome le metso e mene
(14 m). Ena le matla a ho hula metsi ka bo phahamo ba limithara tse supileng (7 m). Ha
pompo entse e hlokometsoe hantle, ena le bokhoni ba ho ntša metsi a bophahamo ba limithara
tse supileng hoisa ho tse leshome (7-10 m).
Ka motsotsoana, pompo ena e ntša metsi a ka bang halofo ea lithara hoisa ho lithara le halofo
(0.4-1.5 L). Le ha ho le joalo, nako ena e ipapisa le hore na metsi a ntse a pompuoa ka bo
phahamo bo bokae. E kanna ea rekelloa le hlooana e masobana eo eona e tla e tsang hore ho
noesetsa ho be bobebe u ntse u sebelisa eona pompo ena.
MEKHOA EA HO NOESETSA LIRATSOANA MALAPENGleqephe 185
Barekisi:
Pompo ena e hlahisoa naheng ea Kenya. Afrika Boroa teng u ka e fumana ka ho ikopanya le:
Chris Stimie, Rural Integrated Engineering on 082 469 4535 or Tel: 012- 842 4106
Email: dir@rieng.co.za. Kapa ngolla: ApproTEC/ Kickstart, Nairobi; PO Box 64142, 00620.
Tel: +254-(0)-20-787 380 / 787 381. Email: approtec@approtec.org.
Lesotho teng ipokanye le ba Maluti irrigation, Maseru.
Rainmaker foot pump (New Zealand)
Tšebeliso ea pompo ena:
Pompo ena e nyenyane, ‘me
e bobebe ho e jara. Leha
hole joalo, ha ho bonolo
hore e hlokomeloe le ho
lokisoa ka lisebelisoa tse
fumanehang mona hae. E
boima ba 18 kg. Ha u e
reka, u fumana litšepe le li
pannere joalo-joalo tsa eona tse tsamaeang ka thoko. Ena le
mathopo a mabeli, le kenang le letsoang, ao bobeli ba oona a
leng botenya ba limilimithara tse mashome a mararo a metso
e robeli (38 mm). E boetse e na le lits’epe tse peli tse kang
likoto (diaphragm pistons) tse suthumetsang metsi hore a
tsoele ka ntle. Lethopo le kahare ho pompo ena le na le sefe
bakeng sa majoe a masesanyane. Pompo e na le matla a ho
sebetsa le ha mobu ona le lehlohlojane kapa likhoere-khoere
tse ling.
Metsi a ka pompuoa hoisa bophahamong ba li mithara tse
mashome a mabeli a metso e robeli (28 m). Ena le matla a
hula metsi a bophahamo ba li mithara tse supileng hoisa
ho tse leshome (7-10 m). Ha pompo e ntse e hlokometsoe
hantle, e na le bokhoni ba ho ntša metsi a bophahamo ba li
mithara tse leshome le
metso e tšeletseng (16
m). Ka motsotsoana
pompo ena entša metsi
a ka bang halofo ea
lithara hoisa ho tse
tharo (0.5-3 L). Hona
ho bontša hore ho ka pompuoa metsi a mangata ka
letsatsi. Pompo ena ebile e tla le hlooana e masobana
e ka kengoang lethopong le ho eona moo. Hlooana ena
e etsa hore ho be bobebe ho noesetsa u ntse u sebelisa
pompo ka bo eona.
leqephe 186 MEKHOA EA HO NOESETSA LIRATSOANA MALAPENG
3.TS’EBELISO EA METSI KA HLOKOLOSI
Mekhoa ea ho bokella metsi a mangata e magata. Re ile ra shebana le emeng ea mekhoa
ena lipampiring tse fetileng tse neng li bua ka ho hlokomela le ho sebelisa metsi. Lintlha tsa
bohlokoa ke ho:
Tšireletsa mobu e le hore metsi a bolokehe ka mobung.
Lema makorota.
E tsa liforo tse tla tjekisa metsi hore a kene
mobung a se ke a lahleha.
Tšireletsa serapa sa hau hore mobu oa sona o se
ke oa omella ke moea.
Kopanya mobu le li putisa mobu.
Joale re tlo shebisana mekhoa e ‘meli ea ho tšella
ka tsela eo e tlang ho boloka metsi, nako, e bile e
ke ke ea u batla matsoho a mangata. Mekhoa ena
ke: ho sebelisa monoesetso o bitsoang “drip”, kapa
marotholi, moo teng e leng lethopo le phuntsoeng
masobana kapa le faselelitsoeng lihlooana tse
nyenyane moo metsi a tsoang le teng, le ho sebelisa
liratsoana tse a hiloeng joalo ka lesoba la senotlolo.
Melemo:
• Nakong ea
monoesetso, metsi a ea
metsong ea lijalo ka kotloloho,
a bile a monyela tlaase mobung.
• O boloka nako le matsoho.
• O boloka metsi, empa hona ho
ipapisa le hore na u sebelisa
lethopo lena joang.
Monoesetso ka lethopo le masobana
Lethopo lena le noesetsang ka masobana a sentseng a ahiloe ho lona, le ahiloe hore le sebetse
ka tsela e itseng feela. U ka le sebelisa kapa oa iketsetsa la hau. Empa ha u khothaletsoe hore
u leke ho fetola moetso oa lethopo le rekiloeng, ka ha le ke ke la sebetsa.
Thepa ea lethopo lena
Lethopo lena le tla le tsohle tsa lona tse lokelang hore le tsoele pele ka mosebetsi. Le ha ho le
joalo, hona le mefuta e mengata ea lisebelisoa tse tsameang le mofuta ona oa lethopo. E ngoe
ea tse tloaelehileng ke e bitsoang “Netafin”.
Thepa kapa lisebelisoa tse rekelloang le lethopo lena u ka lifumana ka ho ikopanya le Maluti
Irrigation Maseru. Lekala la Temo le RSDA ba thusa lihoai tsa Lesotho ho ba le mathopo a
mofuta ona.
“Netafin” e ahiloe ka teramo ea li lithara tse makholo a mabeli
(200 L), e tsamaeang le sefe. E tla le mofuta ona oa lethopo
le masoba leo lona le leng bolele ba ho lekane serapa sa
boholo ba bolelele ba kharafu ka mahlakore a mane, li iphitile
makhetlo a makholo a mabeli (200 square metres). Halofo ea
200 square metres e leng 100 square metres, e ka noesetsoa
hang. Lethopo la mofuta ona le tla le se ntse le entsoe femeng.
Masobana a lona a kahare a
bile a arotsoe li centhimithara
tse mashome a mararo
lipakeng (30 cm). ONE METRE
1 SQUARE
METRE
1 metre
1 metre
1 metre
1 metre
Etsoa: Vikela, May 2003, FSG
30 cm
MEKHOA EA HO NOESETSA LIRATSOANA MALAPENGleqephe 187
Ntate Mokhethi, eo e leng moahi oa Mohale’s Hoek e sa le a ntse a etsa liteko ka ho sebelisa mokhoa oa ho
noesetsa o bitsoang “Netafin drip irrigation” nako e ka bang likhoeli tse tšeletseng. Eena o boletse joana,
“Mokhoa ona o mpolokela. O boetse o boloka metsi, ka ha metsi joale a ea metsong ea lijalo hang
hang.”
Ha letsatsi le likela, Ntate Mokhethi u tlosa se sebelisoa sena seo a noesetsang ka sona e be o se busetsa
hape hoseng, anto tsoela pela ka ho noesetsa. O beha
teramo e tletseng metsi holima majoe a mabeli a sephara
hore e be holimonyana ho feta liratsoana tsa hae.
Ntate Mokhethi o arola lijalo tsa hae e le hore se seng
le se seng se be haufinyana le lesobana. Mokhoa o na o
sebelisoa feela lijalong tse arohaneng joalo ka kh’abeche, e
seng tse moleng o le mong joalo ka lihoete.
MONA NTATE MOKHETHI BONTŠATERAMO EA 200
L E KENTSOENG SEFE EA LETHOPO. RE BONA HAPE
LETHOPO LENANG LE MASOBANA LE BEHILOENG PELA
TERAMO HAMMOHO LE NKHO E SEBELISOANG HO
TLATSA TERAMO.
Lintlha tsa bohlokoa
Teramo e lokela ho behoa moo ho seng maqhutsu, ‘me eona e phahamele serapa ka mithara
kaofela (Bolelele ba kharafu).
Serapa sa hau se tšoanela hore se se ke sa ba maqhutsu, hobane ha sena le maqhutsu,
metsi a tla tsoa masobeng a tlabe a sa lekane. A mang a tla tsoa haholo ha a mang a tla
tsoa hanyenyane.
Lethopo lena ha le ea lokela ho robala kantle mariha ka ha masobana a lona a tla choatleha
ke serame.
Mathata a ho
sebelisa mathopo
ana:
• Ha masobana ana a thibane, a ka
buloa ka ho otla lethopo hanyenyane
ka sepekere kapa tšepe e motsu.
• Ha ho tsela engoe ea ho a thibulla. Haeba
a sa thibulohe ka lisebelisoa tse boletsoemg
ka holimo, sebelisa lethopo le lecha.
THLOKOMELISO: U ka khona ho ithekela
lethopo lena le masobana oa o ka oa
kenyang moo lethopong oa ba oa
ikenyetsa tsona.
Melemo
ea ho sebelisa
mathopo ana:
• Metsi a anela hantle serapeng
kaofela, a bile a kena mobung ka
tsela e khotsofatsang.
• Metsi a litšila a ka sebelisoang
mokhoeng ona oa monoesetso.
• Lisebelisoa tsohle tsa lethopo
lena li fumaneha ha bonolo
mabenkeleng.
leqephe 188 MEKHOA EA HO NOESETSA LIRATSOANA MALAPENG
Mona ke mehlala e ‘meli e bontšang hore na lihoai tse
sebetsang le SERUMULA li lekile eng.
Re tla li bitsa mela ea sepakh’ethi le mela ea seponche
kapa likhoele. Mefuta ena e bonolo hore lihoai tse libakeng
tse fapakaneng li e sebelise.
Mela ea sepakh’ethi:
Mokhoa
Sebelisa teramo e ka fumanehang ha bobebe,
ebe li lithara tse 25-200. Mokhoa ona o entsoe
hore o sebelise li lithara tse 25 tsa metsi ka
letsatsi. Haeba u sebelisa retamo ea boholo ba
li lithara tse 50, e tlatse, empa u noesetse u
ntse u tlolisa letsatsi lipakeng. Ha teramo e le
ea boholo ba li lithara tse 200, u ka noesetsa ha
ngoe feela ka beke. Le ha hole joalo, hona hotla
ipapisa le hore na maemo a leholimo a joang
, mobu o u nang le oona ke o joang le hore na
lijalo tsa hau li se li holile ha kae. Sethopo ha
sena batla ho tšelloa hakaalo.
Beha teramo ena ka holimonyana ho seratsoana,
seo sona se leng bophara ba mithara e le ngoe le bolelele ba limithara tse leshome. Ha
seratsoana sa hau se le boholo bo bokana, u tla tseba ho se sebetsa ha bonolo.
Sebelisa mathopo a mona a tloaelehileng a matšo ho etsa mola o moholo o tlohang
teramong. Etsa e meng hape e meraro eo lipakeng tsa eona e leng li milimithara tse
makholo a mahlano (500 mm), ha bolelele ba seratsoana sa hau bona ele limithara tse
leshome.
Phunya masoba a manyenyane lethopong a arohaneng ka li milimithara tse makholo a
mararo (300 mm) lipakeng, ebe u Kenya mela ena ea sepakh’ethi masobeng ao. U tla hloka
mela ea sepakh’ethi e mashome a robong a metso e meraro (93).
Lijalo li lengoa hore se seng le se seng se be le mola oa sona oa sepakh’ethi.
Ikopanye le:
Serumula Development Association,
PO Box 708, Maseru 100, Lesotho
Tel: (266) 2231 7875; email:
info@serumula.org.ls
Melemo:
• Ha li hloke sefe
• Li thibuloha
ha bonolo; moma
qetellong ea lethopo leo la
sepakh’ethi e be oa hula.
• Metsi a monyela ha
bobobe hofeta ha eba a
ene a hasitsoe
feela.
Mathata:
• Liratsoana li lokela
ho ahoa moo ho seng
maqutso.
• Mathopo le mela ea sepakh’ethi
le tsona li lokela hore li be
bophahamo bo lekanang. Ha so se
joalo, metsi a tla tsoa moo
le oona a ke ke a
lekana.
MEKHOA EA HO NOESETSA LIRATSOANA MALAPENGleqephe 189
1m high
Tanka ea
boholo ba
25-200l
500mm
10 metres
Masobana a arotsoeng
li milimithara tse makholo a
mararo lipakeng (300 mm)250
mm
1m
250
mm
Mokhoa ona o noesetsa sebaka sa boholo ba bolelele ba likharafu tse ‘ne li menahane ha
leshome le metso e mehlano (15 m²). E sebelisa li lithara tse mashome a mahlano tsa metsi
ka metsotso e mehlano. Ka letsatsi , mola o le mong oa sepakh’ethi o ntša metsi a ka bang li
milimithara tse makholo a mabeli a metso e tšeletseng.
Mela ea seponche kapa likhoele
Mekhoa ena e lokile haholo bakeng sa ho noesetsa lijalo
tse jaloang moleng o le mong tse kang lihoete, anyanese le
lierekisi.
Mela ea seponche
Phunya lethopo masoba u sebelisa sepekere
se chesang. Etsa bonnete ba hore masoba
ao a hloekile. Masoba ana a be boholo ba
limilimithara tse peli le halofo (2.5mm).
Sunya likhechana tsa seponche masobeng
ao. Ke hona masobeng ao moo metsi a tlo
tsoa le teng.
Mela ea likhoele
Mela ena e ntse e tšoana le ea seponche e
boletsoeng ka holimo. Phapano feela ke hore
mona ho sebelisoa likhoele e seng seponche.
Melemo:
• Mokhoa ona
oa monoesetso o ka
sebelisoa le lijalong tse
lengoang moleng o le mong
joalo ka lihoete.
• U ka arola masoba a
lethopong ho ea ka
moo u ratang.
Mathata:
• Likhechana tsa
seponche li lokeloa ho
ntšoa selemo le selemo,
‘me hona ke mosebetsi o
mangata.
• Ha ho bonolo ho laola
metsi a tsoang moo
masobeng.
leqephe 190 MEKHOA EA HO NOESETSA LIRATSOANA MALAPENG
10 234567891011121314151617181920
This is 20 cm
2cm =
20 mm
U noesetsa ha
kae
Haeba u metha pula
ka sesebelisoa se
methang pula, u tla
sebelisa limilimithara(mm).
Milimithara e le ngoe ea pula
e lekana le lithara e le ngoe
ea metsi mobung oa boholo bo
lekanang le bolelele ba likharafu tse
‘ne (square metre).
Bonyane ba metsi ao u ka noesetsang
lijalo tsa hau ka oona ke limilimithara
tse mashome a mabeli ka beke. U ka
noesetsa tjena selemo ho pota.
Phunya masoba a mabeli ka mahlakoreng a
lethopo. Kenya khoele masobeng ao e be u
etsa lefito ka mahlakoreng ao a mabeli. Botle
ba khoele ena ke hore haeba lesoba le ka la
koaleha, u ka e hlohlora ho tlosa litšila tse
koetseng lesoba leo. Hape e etsa hore metsi a
tsoe butle e seng ka sekhahla.
Lethopo
la boholo
ba 15mm
Khoele
Mafito
Masoba
Limilimithara
tse mashome a mabeli
tsa metsi ka beke li lekana le li
lithara tse mashome a mabeli a metsi
ka beke, ao a lekanang hape le nkho
e le ngoe ea metsi mobung oa boholo ba
bolelele ba likharafu tse ‘ne (square metre).
Ha u sebelisa monoesetso oa masobana, li
lithara tse mashome a mabeli tsa metsi mobung
oa boholo ba bolelele ba likharafu tse ‘ne e
lekana le limililithara tse makholo a mararo
a metso e mashome a mane (340 ml)
tsa metsi lesobeng ka ngoe
ka beke.
Makhetlo ao u ka
noesetsang ka oona
U ka nna oa noesetsa hanyane ka
hanyane letsatsi le letsatsi, kapa oa
noesetsa haholo feela e seng mehla eohle.
Ka tšebeliso ena ea monoesetso oa masobana, lijalo li noesetsoa ha
ngoe ka letsatsi, tsatsi le leng le le leng. Maqalong a selemo, ketso ena
e thusa hore mobu o lule o le metsi. Ha lijalo li se li holile, li se li ka
sebelisa metsi ana ao mobu o neng o a bolokile (Hammoho le a mang
ao u tlabeng u ntse u noesetsa ka oona letsatsi le letsatsi).
1 SQUARE
METRE
1 metre
1 metre
1 metre
1 metre
Etsoa: Vikela, May 2003, FSG
MEKHOA EA HO NOESETSA LIRATSOANA MALAPENGleqephe 191
Tlhokomeliso ka ho anela ha metsi mobung
Ho anela ha metsi ho bolela tsela eo metsi a tsamaeang ka teng ka
mobung. Ho anela hona ho ipapisa le mofuta oa mobu le mokhoa
oa monoesetso. Litšoantšo tse latelang li bontša tsela eo metsi a
phallang ka teng mefuteng e fapakaneng ea mobu.
Ha u sheba mobu ka holimo, u tla bona masobana a manyenyane a mongobo,ao
mohlomong a tla be a atamelane kapa a arohane haholo.
Ka fatše teng, masobana ana a latellana.
U tla lokela hore u shebe na ho etsahalang ka fatše ele hore u tle u tsebe hore na
metsi a tsamaea joang mobung. U ka etsa sena ka ho nka thupa ebe u e sunya
mobung ho fihlela e se e sa tsamaea. E sunye haufinyane le masobana a lethopong,
hape holenyana le oona. Ka tsela ena u tlaba le khakanyo ea hore na metsi a anetse
hakae ka mobung.
Kae kae mobu o tlabe o omeletse, e leng ho bontšang hore na ho thata hakae ho
sebelisa monoesetso o na oa lethopo la mofuta oona bakeng sa lijalo tse jaloang
moleng o le mong. Lebaka ke hobane batho ba atisa ho beha masobana a lethopo
lena haufinyane le sejalo se le seng.
Sekhahla seo metsi a tsoang ka sona masobeng a manyenyane se tla ama tsela
eo metsi a tsamaeang ka eona. Mofuta oa monoesetso o sebelisang mathopo a
puntsoeng masoba a maholo, joalo ka mefuta ea seponche le khoele (tseo re seng
re buile ka tsona), li tšoana le mokhoa oa monoesetso o bitsoang “controlled flood
irrigation” moo metsi a tlohetsoeng hore a tsoe ka bongata, hona le hore a tsoe e le
marotholi.
Lekunutu ha u noesetsa ke hore u shebe hore na ho etsahalang ka mobung!! Se ke
oa potlaka ha u noesetsa, iketle!!!
LETSOPASELOKOE LEHLABATHE
leqephe 192